Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

THUTO EA 8

Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng

Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng

Na u nahana hore ho thata ho etsa lintho tse lokileng?— Batho ba bangata ba nahana joalo. Bibele e re bolella ka moshanyana e mong ea bitsoang Josiase eo ho ileng ha e-ba thata hore a etse lintho tse lokileng. Empa o ne a e-na le metsoalle e lokileng e neng e mo thusa. A re ke re ithute ka Josiase le metsoalle ea hae.

Ntate oa Josiase e ne e le Amone, morena oa Juda. Amone o ne a etsa lintho tse mpe ’me a rapela litšoantšo. Ha ntate oa Josiase a shoa, Josiase e ile ea e-ba morena oa Juda. Empa o ne a le lilemo li robeli feela! Na u nahana hore o ne a etsa lintho tse mpe joaloka ntate oa hae?— Che!

Sofonia o ile a bolella batho hore ba se ke ba rapela litšoantšo

Leha a ne a le monyenyane haholo, Josiase o ne a batla ho mamela Jehova. Kahoo o ile a khetha feela metsoalle e ratang Jehova. Metsoalle eo e ile ea thusa Josiase hore a etse lintho tse lokileng. Metsoalle e meng ea Josiase e ne e le bo-mang?

E mong oa metsoalle ea hae e ne e le Sofonia. Sofonia e ne e le moprofeta ea neng a bolella batho ba Juda hore ha ba rapela litšoantšo ba ne ba tla hlaheloa ke lintho tse mpe. Josiase o ile a mamela Sofonia ’me a rapela Jehova, eseng litšoantšo.

E mong hape e ne e le Jeremia. E ne e ka ba lithaka ’me ba hōtse hammoho. E ne e le metsoalle e ratanang haholo ’me ha Josiase a shoa, Jeremia o ile a ngola pina e khethehileng e neng e bua ka hore o hopola Josiase. Jeremia le Josiase ba ne ba thusana hore ba etse lintho tse lokileng le hore ba mamele Jehova.

Josiase le Jeremia ba ile ba thusana hore ba etse lintho tse lokileng

U ka ithuta eng mohlaleng oa Josiase?— Le hoja Josiase e ne e sa le moshanyana feela, o ne a batla ho etsa lintho tse lokileng. O ne a tseba hore o lokela ho ba le metsoalle e ratang Jehova. U lokela ho etsa bonnete ba hore u khetha metsoalle e ratang Jehova le e tla u thusa ho etsa lintho tse lokileng!