Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Ha e le Hantle Mantsoe Moea “Soul” le Moea “Spirit” a Bolela’ng?

Ha e le Hantle Mantsoe Moea “Soul” le Moea “Spirit” a Bolela’ng?

U NAHANA ka eng ha u utloa mantsoe moea “soul” le moea “spirit”? Batho ba bangata ba lumela hore mantsoe ana a bolela ntho e itseng e ka hare ho rōna e sa bonahaleng e bileng e sa shoeng. Ba nahana hore ha motho a shoa karolo ena e sa bonahaleng ea motho e tsoa ’meleng ebe eona e tsoela pele e phela. Kaha tumelo ena e hohle, batho ba bangata baa makala ha ba ithuta hore seo hase sona seo Bibele e se rutang. Joale moea soul le moea spirit ke eng, ho latela Lentsoe la Molimo?

KAMOO MOEA “SOUL” O SEBELISITSOENG KATENG KA BIBELENG

A re qale ka ho hlahloba moea soul. Mohlomong u tla hopola hore qalong karolo e khōlō ea Bibele e ne e ngotsoe ka Seheberu le Segerike. Bangoli ba Bibele ba ile ba sebelisa lentsoe la Seheberu neʹphesh kapa la Segerike psy·kheʹ ha ba ngola ka moea soul. Mantsoe ana a mabeli a hlaha ka makhetlo a fetang 800 ka Mangolong, ’me a fetoletsoe ka tsela e tšoanang e le “moea” Phetolelong ea Lefatše le Lecha. Ha u hlahloba tsela eo moea “soul” kapa meea “souls” e sebelisitsoeng ka eona ka Bibeleng, hoa hlaka hore ha e le hantle lentsoe lena le bolela (1) batho, (2) liphoofolo, kapa (3) bophelo ba motho kapa ba phoofolo. A re ke re hlahlobe litemana tse ling tse fanang ka meelelo ena e meraro.

Batho. “Matsatsing a Noe . . . [ke] batho ba seng bakae, ke hore, meea e robeli, ba ileng ba pholosoa ba sireletsehile metsing.” (1 Petrose 3:20) Ho hlakile hore lentsoe “meea” mona le emela batho—e leng Noe, mosali oa hae, bara ba hae ba bararo le basali ba bona. Exoda 16:16 e bua ka litaelo tse neng li fuoe Baiseraele mabapi le ho bokella manna. Ho ne ho itsoe ho bona: “Nkang bo bong ba bona . . . ho ea ka palo ea meea eo e mong le e mong oa lōna a nang le eona ka tenteng ea hae.” Kahoo manna a ne a bokelloa ho itšetlehiloe ka palo ea batho lapeng ka leng. Mehlala e meng e ka Bibeleng ea kamoo moea “soul” kapa meea “souls” e sebelisitsoeng kateng ho motho ea itseng kapa ho batho ba itseng e fumaneha ho Genese 46:18; Joshua 11:11; Liketso 27:37; le Baroma 13:1.

Liphoofolo. Tlalehong ea Bibele e buang ka pōpo, rea bala: “Molimo a tsoela pele ho re: ‘Metsi a ke a nyeunye boieane ba meea e phelang ’me libōpuoa tse fofang li ke li fofe holim’a lefatše sepakapakeng sa maholimo.’ Molimo a tsoela pele ho re: ‘Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatše ho ea ka mofuta oa sona.’ ’Me ha e-ba joalo.” (Genese 1:20, 24) Litemaneng tsena ho sebelisoa lentsoe le tšoanang ha ho buuoa ka litlhapi, liphoofolo tse ruuoang le libata—kaofela ho thoe ke “meea.” Linonyana le liphoofolo tse ling le tsona li bitsoa meea ho Genese 9:10; Levitike 11:46; le Numere 31:28.

Bophelo ba motho. Ka linako tse ling lentsoe moea “soul” le bolela bophelo ba motho. Jehova o ile a re ho Moshe: “Batho bohle ba neng ba tsoma moea oa hao ba shoele.” (Exoda 4:19) Lira tsa Moshe li ne li tsoma eng? Li ne li batla ho bolaea Moshe. Pejana ho moo, ha Ragele a ne a beleha mora oa hae Benjamine, “moea oa hae o [ile oa] tsoa (hobane o ile a shoa).” (Genese 35:16-19) Hona nakong eo, Ragele o ile a khaotsa ho phela. Hape nahana ka mantsoe a Jesu a reng: “Ke ’na molisa ea khabane; molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.” (Johanne 10:11) Jesu o ile a fana ka moea oa hae, kapa bophelo ba hae, molemong oa moloko oa batho. Litemaneng tsena tsa Bibele, ho hlakile hore lentsoe moea “soul” le bolela bophelo ba motho. U tla fumana mehlala e meng ea moelelo ona oa moea “soul” ho 1 Marena 17:17-23; Matheu 10:39; Johanne 15:13; le Liketso 20:10.

Ha u ntse u ithuta Lentsoe la Molimo ka ho eketsehileng u tla hlokomela hore ha ho kae kapa kae ka Bibeleng moo moea “soul” o amahanngoang teng le poleloana “ho se shoe” kapa “ka ho sa feleng.” Ho e-na le hoo, Mangolo a re moea oa shoa. (Ezekiele 18:4, 20) Kahoo, Bibele e re motho ea shoeleng ke ‘moea o shoeleng.’—Levitike 21:11.

HO KHETHOLLA MOEA “SPIRIT”

Joale a re hlahlobe tsela eo Bibele e sebelisang lentsoe moea “spirit” ka eona. Batho ba bang ba nka hore moea “spirit” ke lentsoe le bolelang ntho e le ’ngoe le moea “soul.” Empa ha ho joalo. Bibele e bontša ka ho hlaka hore ha ho buuoa ka moea “spirit” le moea “soul” ho buuoa ka lintho tse peli tse fapaneng. Li fapane joang?

Bangoli ba Bibele ba sebelisitse lentsoe la Seheberu ruʹach kapa la Segerike pneuʹma ha ba ngola ka moea “spirit.” Mangolo ka booona a bontša se boleloang ke mantsoe ana. Ka mohlala, Pesaleme ea 104:29 e re: “Ha [Jehova] u tlosa moea [ruʹach] oa tsona, lia shoa, li khutlela lerōleng la tsona.” Jakobo 2:26 eona e re “’mele o se nang moea [pneuʹma] o shoele.” Litemaneng tsena, moea “spirit” o bolela se phelisang ’mele. ’Mele ha o se na moea spirit, o shoele. Ka hona, ka Bibeleng lentsoe ruʹach ha lea fetoleloa e le moea “spirit” feela empa le boetse le fetoletsoe e le “matla,” kapa matla a bophelo. Ka mohlala, Molimo o ile a re ka Moroallo oa mehleng ea Noe: “Ke tlisa moroallo oa metsi holim’a lefatše ho felisa nama eohle eo matla [ruʹach] a bophelo a sebetsang ho eona tlas’a maholimo.” (Genese 6:17; 7:15, 22) Ka hona, moea “spirit” o bolela matla a sa bonahaleng (tlhase ea bophelo) a phelisang libōpuoa tsohle tse phelang.

Moea soul le moea spirit hase ntho e le ’ngoe. ’Mele o hloka moea spirit feela joalokaha seea-le-moea se hloka motlakase—hore se sebetse. Ha re etsa mohlala o mong hape, nahana ka seea-le-moea se nkehang. Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ha u se kenya libeteri ’me u se bulela, motlakase o libetering tseo o phelisa seea-le-moea seo. Empa ha seea-le-moea seo se se na libeteri ho tšoana le ha se shoele. Ho joalo le ka seea-le-moea sa mofuta o mong ha se sa hokelloa phepelong ea motlakase. Ka ho tšoanang, moea spirit ke matla a phelisang ’mele ea rōna. ’Me joaloka motlakase, moea spirit ha o na maikutlo ebile o ke ke oa nahana. Ke matla a se nang sebōpeho. Empa joalokaha mopesaleme a boletse hore kantle ho moea spirit, ’mele ea rōna ea ‘shoa ’me re khutlela lerōleng la rōna.’

Moeklesia 12:7 ha e bua ka ho shoa ha motho, e re: “Lerōle [la ’mele oa hae] le khutlela mobung feela joalokaha le ile la ba teng le moea [spirit] o khutlela ho Molimo oa ’nete ea ileng a fana ka oona.” Ha moea spirit, kapa matla a bophelo, o tsoa ’meleng, ’mele oa shoa ’me o khutlela moo o tsoileng teng—lefatšeng. Ka ho tšoanang, matla a bophelo a khutlela moo a tsoileng teng—ho Molimo. (Jobo 34:14, 15; Pesaleme ea 36:9) Sena ha se bolele hore matla a bophelo a nka leeto la sebele a ea leholimong. Ho e-na le hoo, ho bolela hore tšepo leha e le efe ea hore motho ea shoang o tla phela nakong e tlang e itšetlehile ka Jehova Molimo. Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, bophelo ba hae bo matsohong a Molimo. Ke ka matla a Molimo feela moea spirit kapa matla a bophelo a ka khutlisetsoang ho motho eo e le hore a ka boela a phela.

Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore see ke sona seo Molimo a tlang ho se etsetsa bohle ba phomotseng “mabitleng a khopotso”! (Johanne 5:28, 29) Nakong eo ea tsoho ea bafu, Jehova o tla etsetsa motho ea robetseng lefung ’mele o mocha ’me a o phelise ka hore a kenye moea spirit, kapa matla a bophelo ho oona. Eo e tla ba nako e thabisang hakaakang!

Haeba u thabela ho ithuta ho eketsehileng kamoo mantsoe moea “soul” le moea “spirit” a sebelisoang kateng ka Bibeleng, u tla fumana boitsebiso ba bohlokoa bukaneng ea Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa? le bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo, leqepheng la 312-20, tseo ka bobeli li hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.