Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena ke Mokete o Hlomphang Molimo

BAKRESTE ba laetsoe hore ba keteke Sehopotso sa lefu la Kreste. Mokete ona o boetse o bitsoa “lijo tsa shoalane tsa Morena.” (1 Bakorinthe 11:20) Ke’ng se ikhethang ka oona? O lokela ho ketekoa neng hona joang?

Jesu Kreste o ile a theha mokete ona bosiung ba Paseka ea Sejuda ka 33 C.E. Paseka e ne e le mokete o tšoaroang hang ka selemo ka letsatsi la bo14 khoeling ea Sejuda ea Nisane. Kamoo ho bonahalang kateng, e le hore Bajuda ba fumane hore na letsatsi leo le neng, ba ne ba emela letsatsi leo ka lona motšehare le bosiu li batlang li lekana ka bolelele nakong ea selemo. Khoeli e ncha e qalang ho hlaha ka mor’a letsatsi leo e ne e tšoaea ho qaleha ha Nisane. Paseka e ne e tšoaroa matsatsi a 14 ka mor’a moo, ha letsatsi le se le liketse.

 

Jesu o ile a keteka Paseka le baapostola ba hae, a leleka Judase Iskariota, a ntan’o theha Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena. Lijo tsena li ile tsa nkela Paseka ea Sejuda sebaka, ka hona li lokela ho ketekoa hang feela ka selemo.

Kosepele ea Matheu e re: “Jesu a nka bohobe ’me, ka mor’a ho kōpa tlhohonolofatso, a bo qhetsola ’me, ha a bo fa barutuoa, a re: ‘Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.’ Hape, a nka senoelo ’me, ha a lebohile, a ba fa sona, a re: ‘Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela “mali a selekane” a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.’”—Matheu 26:26-28.

Batho ba bang ba lumela hore Jesu o ile a fetola bohobe hore e be nama ea hae ea sebele le veine hore e be mali a hae. Empa Jesu o ne a ntse a e-na le ’mele oa hae oa nama o feletseng ha a fana ka bohobe bona. Na baapostola ba Jesu ba ne ba hlile ba ja nama ea hae le ho noa mali a hae? Che, kaha seo e ne e tla ba ho etsa se etsoang ke malimo ebile ho ne ho tla be ho le khahlanong le molao oa Molimo. (Genese 9:3, 4; Levitike 17:10) Ho ea ka Luka 22:20, Jesu o ile a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.” Na senoelo seo se ile sa fetoha “selekane se secha” ka tsela ea sebele? Seo se ne se ke ke sa khoneha, kaha selekane ke tumellano, hase ntho e tšoarehang.

Kahoo, bohobe le veine ke litšoantšetso feela. Bohobe bo tšoantšetsa ’mele oa Kreste o phethahetseng. Jesu o ile a sebelisa bohobe bo neng bo setse lijong tsa Paseka. Bohobe boo bo ne bo sa lomosoa. (Exoda 12:8) Hangata Bibele e sebelisa tomoso ho tšoantšetsa sebe kapa tšenyeho. Kahoo bohobe bo emela ’mele o phethahetseng oo Jesu a faneng ka oona e le sehlabelo. O ne o se na sebe.—Matheu 16:11, 12; 1 Bakorinthe 5:6, 7; 1 Petrose 2:22; 1 Johanne 2:1, 2.

Veine e khubelu e emela mali a Jesu. Mali ao a tiisa selekane se secha. Jesu o ile a re mali a hae a ne a tla tšolloa “bakeng sa tšoarelo ea libe.” Ka hona Molimo a ka talima batho e le ba hloekileng ’me ba ka kena selekaneng se secha le Jehova. (Baheberu 9:14; 10:16, 17) Selekane sena, kapa tumellano ena, se nolofalletsa Bakreste ba 144 000 ba tšepahalang hore ba ee leholimong. Ba tla sebeletsa e le marena le baprista moo ho hlohonolofatsa moloko oohle oa batho.—Genese 22:18; Jeremia 31:31-33; 1 Petrose 2:9; Tšenolo 5:9, 10; 14:1-3.

Ke bo-mang ba lokelang ho ja litšoantšetso tsee tsa Sehopotso? Ka ho utloahalang, ke ba selekaneng se secha feela—e leng ba nang le tšepo ea ho ea leholimong—ba lokelang ho ja bohobe le ho noa veine. Moea o halalelang oa Molimo oa ba pakela hore ba khethetsoe ho ea ba marena leholimong. (Baroma 8:16) Hape ba selekaneng sa ’Muso le Jesu.—Luka 22:29.

Ho thoe’ng ka ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng? Ba mamela taelo ea Jesu ’me ba ba teng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena, ha ba je empa e ba bashebelli ba nang le tlhompho. Lipaki Tsa Jehova li keteka mokete oa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena hang ka selemo ka la 14 Nisane, ha letsatsi le se le liketse. Le hoja e le ba seng bakae feela lefatšeng ka bophara ba ipolelang hore ba na le tšepo ea leholimo, mokete ona ke oa bohlokoa ho Bakreste bohle. Ke ketsahalo eo ho eona bohle ba ka nahanisisang ka lerato le leholo ka ho fetisisa leo Jehova Molimo le Jesu Kreste ba nang le lona.—Johanne 3:16.