Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?

Mikaele Lengeloi le ka Sehloohong ke Mang?

BIBELE ha e bue hakaalo ka sebōpuoa sa moea se bitsoang Mikaele. Empa moo e buang ka eena, e bua ka eena a etsa ketso e itseng. Bukeng ea Daniele, Mikaele o loantša mangeloi a khopo; lengolong la Juda, o hanyetsa Satane; ’me ho Tšenolo, o loantša Diabolose le bademona ba hae. Mikaele o phelela seo lebitso la hae le se bolelang—e leng “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”—ka ho sireletsa bobusi ba Jehova le ho loantša lira tsa Molimo. Empa Mikaele ke mang?

Ka linako tse ling, batho ba bang ba tsejoa ka mabitso a ’maloa. Ka mohlala, mopatriareka Jakobo o boetse o tsejoa e le Iseraele, ’me moapostola Petrose o boetse o tsejoa e le Simone. (Genese 49:1, 2; Matheu 10:2) Ka ho tšoanang, Bibele e bontša hore Mikaele ke lebitso le leng la Jesu Kreste, pele a phela mona lefatšeng le ka mor’a hore a phele lefatšeng. A re hlahlobe mabaka a Mangolo a etsang hore re etse qeto ena.

Lengeloi le ka Sehloohong. Lentsoe la Molimo le re Mikaele ke “lengeloi le ka sehloohong.” (Juda 9) Ka Bibeleng poleloana “lengeloi le ka sehloohong” e hlaha e le ka bonngoeng feela, ha ho mohla e hlahang e le ka bongateng. Sena se fana ka maikutlo a hore ho na le lengeloi le le leng feela le ka sehloohong. Ho feta moo, Jesu o amahanngoa le boemo ba lengeloi le ka sehloohong. Ha e bua ka Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung, 1 Bathesalonika 4:16 e re: “Morena o tla theoha leholimong ka mohoo o laelang, ka lentsoe la lengeloi le ka sehloohong.” Kahoo lentsoe la Jesu le hlalosoa e le la lengeloi le ka sehloohong. Ka hona temana ena e fana ka maikutlo a hore Jesu ke eena Mikaele lengeloi le ka sehloohong.

Moeta-pele oa Lebotho. Bibele e re “Mikaele le mangeloi a hae ba loana le drakone . . . le mangeloi a eona.” (Tšenolo 12:7) Kahoo, Mikaele ke Moeta-pele oa lebotho la mangeloi a tšepahalang. Tšenolo e boetse e hlalosa hore Jesu ke Moeta-pele oa lebotho la mangeloi a tšepahalang. (Tšenolo 19:14-16) Moapostola Pauluse o bua ka ho toba ka “Morena Jesu” le “mangeloi a hae a matla.” (2 Bathesalonika 1:7) Kahoo Bibele e bua ka Mikaele le “mangeloi a hae” le ka Jesu le “mangeloi a hae.” (Matheu 13:41; 16:27; 24:31; 1 Petrose 3:22) Kaha ha ho moo Lentsoe la Molimo le bontšang hore ho na le mabotho a mabeli a mangeloi a tšepahalang leholimong—le leng le eteletsoe pele ke Mikaele ha le leng le eteletsoe pele ke Jesu—ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore ha e le hantle Mikaele ke Jesu Kreste boemong ba hae leholimong. *

^ ser. 2 Boitsebiso bo eketsehileng bo bontšang hore Mikaele ke lebitso la Mora oa Molimo bo fumaneha leqepheng la 393-4, ho Insight on the Scriptures, Volume 2, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.