Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA PELE

“Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”

“Le Hoja a Shoele, o sa Ntse a Bua”

1. Ke eng se ileng sa etsa hore lelapa la Adama le Eva le se ke la kena tšimong ea Edene, hona ke’ng seo Abele a neng a se labalabela?

ABELE o ne a alositse linku tsa hae ha li fula mosikong oa thaba. Mohlomong ha a tlōlisa linku tsa hae mahlo, hōle mane o ne a bona ntho e phatsimang. O ne a tseba hore sebakeng seo ho na le sabole e neng e bilika e sa khaotse, ho thiba tsela e eang serapeng sa Edene. Batsoali ba hae ba ne ba kile ba lula moo, empa bona le bana ba bona ba ne ba sa lumelloa ho kena. Ak’u nahane e le mantsiboea ho foka moea o pholileng ’me Abele a talima holimo a nahana ka ’Mōpi oa hae. Na lekhalo le pakeng tsa motho le Molimo le ne le tla ke le koalehe? Ke sona seo Abele a neng a se labalabela.

2-4. Abele o bua le rōna joang kajeno?

2 Abele o bua le uena kajeno. Na ua mo utloa? U ka ’na ua re seo se ke ke sa etsahala. Etsoe ke khale mora enoa oa bobeli oa Adama a shoele. E se e le lilemo tse ka bang likete tse tšeletseng a shoele, e se e le mobu. Bibele e ruta hore “ho hang [bafu] ha ba tsebe letho.” (Moek. 9:5, 10) Ho feta moo, ha ho na lentsoe le le leng leo Abele a le buileng le ngotsoeng ka Bibeleng. Kahoo o bua le rōna joang?

3 Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a bue ka Abele a re: “Ka eona, le hoja a shoele, o sa ntse a bua.” (Bala Baheberu 11:4.) Abele o bua le rōna ka eng? Ka mohlala oa hae oa tumelo. Abele ke motho oa pele ea ileng a ba le tšobotsi eo e ikhethang. O ile a bontša tumelo e matla hoo a re behetseng mohlala o phelang oo re ka o latelang le kajeno. Haeba re ithuta tumelong ea hae ’me re leka ho e bontša, ho tla ba joalokaha eka Abele o bua le rōna.

4 Leha ho le joalo, re ka ithuta’ng ka Abele le tumelo ea hae le hoja Bibele e sa bue hakaalo ka eena? A re ke re bone.

O Phetse Nakong ea ‘ho Thehoa ha Lefatše’

5. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a bua ka Abele e le ea phetseng “ho thehoeng ha lefatše”? (Sheba le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

5 Ha Abele a hlaha, batho ba ne ba fokola lefatšeng. Hamorao Jesu o ile a bua ka Abele e le ea phetseng “ho thehoeng ha lefatše.” (Bala Luka 11:50, 51.) Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ne a bua ka lefatše la batho ba neng ba ka ’na ba rekolloa sebeng. Le hoja Abele e ne e le motho oa bone lefatšeng, ho bonahala eka ke oa pele eo Molimo a ileng a bona e le ea tšoanelehang hore a ka rekolloa. * Ho hlakile hore Abele o ile a hōlela har’a batho ba neng ba se na tšusumetso e ntle.

6. Abele o ne a e-na le batsoali ba joang?

6 Le hoja e ne e se nako e telele batho ba phela lefatšeng, ba ne ba aparetsoe ke masoabi. Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba Abele, e leng Adama le Eva, ba ne ba le batle ba bile ba le matla. Empa ba ne ba tseba hore ba entse phoso e khōlō bophelong ba bona. E kile ea e-ba batho ba phethahetseng, ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Eaba ba fetohela Jehova Molimo ’me ba lelekoa lehaeng la bona la Paradeise serapeng sa Edene. Ka hore ba inahane bobona feela, ba sa natse le litlhoko tsa bana ba bona, ba ile ba lahleheloa ke phetheho le bophelo bo sa feleng.—Gen. 2:15–3:24.

7, 8. Eva o ile a re’ng ha Kaine a hlaha, hona e ka ’na eaba o ne a nahanne’ng?

7 Kaha Adama le Eva ba ile ba lelekoa serapeng sena, ba ile ba phela ka thata. Empa ha ngoana oa bona oa letsibolo a hlaha, ba ile ba mo reha Kaine, kapa “Se Hlahisitsoeng,” eaba Eva o re: “Ke hlahisitse monna ka thuso ea Jehova.” Mantsoe ana a hae a bontša hore e ka ’na eaba o ne a nahanne ka tšepiso eo Jehova a ileng a e etsa serapeng, ea hore ho na le mosali ea tla hlahisa ngoana kapa “peō,” eo ka letsatsi le leng e neng e tla timetsa ea khopo ea neng a khelositse Adama le Eva. (Gen. 3:15; 4:1) Na Eva o ne a nahana hore ke eena mosali ea boletsoeng boprofeteng boo ’me Kaine ke “peō” e tšepisitsoeng?

8 Haeba ho joalo, ka masoabi o ne a fositse. Ho feta moo, haeba eena le Adama ba ne ba foqa Kaine maikutlo a joalo ha a ntse a hōla, ha ho pelaelo hore seo se ile sa etsa hore a ikhohomose le ho feta. Ha nako e ntse e e-ea, Eva o ile a ba le mora e mong, empa ha aa ka a bua mantsoe ao a mo phafang ho feta tekano. Ba ile ba mo reha Abele, e leng lebitso leo e ka ’nang eaba le bolela “Pululo,” kapa “Lefeela.” (Gen. 4:2) Na lebitso leo ba khethileng ho le reha Abele le ne le bontša hore Kaine o bohlokoa ho feta Abele? Mohlomong ho joalo, empa ha re tsebe.

9. Kajeno batsoali ba ka ithuta’ng ho batsoali ba rōna ba pele?

9 Kajeno batsoali ba ka ithuta ho hongata ho batsoali bao ba pele. Ka lipuo tsa hao le liketso, na u foqa bana ba hao boikhohomoso, boikakaso le mekhoa ea boithati? Kapa na u ba ruta ho rata Jehova Molimo le hore ba batle ho ba metsoalle ea hae? Ka masoabi batsoali ba pele ba ile ba hlōleha ho phetha boikarabelo ba bona. Empa ho ne ho e-na le tšepo bakeng sa bana ba bona.

Abele o Thusitsoe Ke’ng Hore a be le Tumelo?

10, 11. Kaine le Abele ba ile ba etsa mesebetsi ea mofuta ofe, hona Abele o ile a ba le tšobotsi efe?

10 Nakong eo bashanyana bana ba babeli ba ntseng ba hōla, ho ka etsahala hore Adama o ile a ba koetlisetsa ho hlokomela lelapa. Kaine o ile a khetha ho ba molemi; athe Abele e ile ea e-ba molisa.

11 Leha ho le joalo, Abele o ile a etsa ntho ea bohlokoa le ho feta. Ha lilemo li ntse li feta, o ile a ba le tumelo—e leng tšobotsi e ntle eo hamorao Pauluse a ileng a ngola ka eona. Nahana feela, ho ne ho se na motho ea behelang Abele mohlala. Joale, ho tlile joang hore a be le tumelo ho Jehova Molimo? Nahana ka lintho tse tharo tse ileng tsa mo thusa hore a be le tumelo.

12, 13. E ka ’na eaba ho sheba pōpo ea Jehova ho ile ha thusa Abele joang hore tumelo ea hae e hōle?

12 Pōpo ea Jehova. Ke ’nete hore Jehova o ne a rohakile lefatše, a entse hore le hlahise meutloa le lihlabahlabane tse neng li etsa hore lijalo li se ke tsa atleha. Leha ho le joalo, lefatše le ile la hlahisa lijo tse ngata tse ileng tsa phelisa lelapa labo Abele. Liphoofolo tsona li ne li sa rohakoa, ho akarelletsa le linonyana le litlhapi, ebile ho ne ho sa rohakoa lithaba, matša, linōka, maoatle, maholimo, maru, letsatsi, khoeli le linaleli. Hohle moo Abele a neng a sheba teng, o ne a bona hore Jehova Molimo, ea bōpileng lintho tsohle o lerato, o bohlale ebile o molemo. (Bala Baroma 1:20.) Ha ho pelaelo hore ha Abele a thuisa ka lintho tse joalo, tumelo ea hae e ile ea matlafala.

Pōpo e ile ea fa Abele motheo o tiileng oa ho ba le tumelo ho ’Mōpi ea lerato

13 Ka sebele, Abele o ile a ipha nako ea ho thuisa ka Jehova. Ak’u mo nahane a se a alositse mohlape oa hae. Molisa e ne e le motho ea tsamaeang haholo. O ne a tsamaisa liphoofolo tsena tse bonolo maralleng, likhohlong, a li tšelisa linōka—kamehla a li batlela makhulo a matalana, liliba tse ntlehali le libaka tse ntle tse sireletsehileng tseo li ka phomolang ho tsona. Har’a libōpuoa tsohle tsa Molimo, ho bonahala linku e le tsona tse sa khoneng ho itšireletsa, joalokaha eka li etselitsoe hore motho a li tataise a be a li sireletse. Na Abele o ne a elelloa hore le eena o hloka ho tataisoa, ho sireletsoa le ho hlokomeloa ke Motho ea bohlale le ea matla ho feta motho leha e le ofe? Ha ho pelaelo hore o ne a bua ka lintho tse joalo thapelong, ka lebaka leo tumelo ea hae e ile ea tsoela pele e hōla.

14, 15. Litšepiso tsa Jehova li ile tsa etsa hore Abele a thuise ka lintho life tse ngata?

14 Litšepiso tsa Jehova. E tlameha ebe Adama le Eva ba ile ba bolella bara ba bona se ileng sa etsa hore ba lelekoe serapeng sa Edene. Kahoo, ho ne ho e-na le lintho tse ngata tseo Abele a neng a ka thuisa ka tsona.

15 Jehova o ile a re lefatše le tla rohakoa. Abele o ne a ka bona ka ho hlaka meutloa le lihlabahlabane tse neng li phethahatsa mantsoe ao. Hape Jehova o ile a bolela esale pele hore Eva o ne a tla utloa bohloko ha a ima le ha a beleha. Ha ho pelaelo hore ha banab’abo Abele ba ntse ba hlaha, o ile a bona ha sena le sona se phethahala. Jehova o ile a bona esale pele hore Eva o ne a tla ba le takatso e feteletseng ea hore monna oa hae a mo rate le ho mo hlokomela ’me ka lehlakoreng le leng, Adama o ne a tla mo laola. Abele o ile a bona ketsahalo eo e bohloko. O ile a bona hore lentsoe la Jehova le ka tšeptjoa ka ho feletseng. Kahoo, Abele o ne a e-na le mabaka a utloahalang a hore a be le tumelo litšepisong tsa Molimo mabapi le “peō” eo ka letsatsi le leng e neng e tla lokisa liphoso tse qalileng Edene.—Gen. 3:15-19.

16, 17. E ka ’na eaba Abele o ile a ithuta’ng ho likerubime tsa Jehova?

16 Bahlanka ba Jehova. Ho ne ho se na motho ea neng a behela Abele mohlala o motle, empa batho e ne e se bona feela libōpuoa tse bohlale lefatšeng ka nako eo. Ha Adama le Eva ba lelekoa serapeng, Jehova o ile a etsa bonnete ba hore ba se ke ba kena Paradeiseng eo e lefatšeng hammoho le bana ba bona. Jehova o ile a beha likerubime—e leng mangeloi a boemo bo phahameng—hore li lebele tsela e eang teng ’me ho ne ho boetse ho e-na le sabole e benyang e ntseng e bilika.—Bala Genese 3:24.

17 Ak’u nahane feela hore na ha Abele e sa le moshanyana o ne a ikutloa joang ha a bona likerubime tseo. Kaha li ne li e-na le ’mele ea batho, ka sebele li ne li bonahala li le matla. “Sabole” eo e benyang e neng e lula e bilika e ne e hlolla. Ha Abele a hōla, na o kile a bona likerubime tseo li nyahame ’me li tlohela ho etsa mosebetsi oa tsona? Che. Libōpuoa tseo tse bohlale le tse matla li ile tsa ema moo bosiu le motšehare, selemo le selemo, esita le ho qeta lilemo tse mashome li le moo. Kahoo Abele o ile a elelloa hore Jehova Molimo o na le bahlanka ba lokileng le ba mo mamelang. O ile a hlokomela hore likerubime tseo lia tšepahala ebile li mamela Jehova ’me ha li tšoane le ba lelapa labo. Ha ho pelaelo hore mohlala oa mangeloi ao o ile oa matlafatsa tumelo ea hae.

Bophelong bohle ba hae, Abele o ile a bona hore likerubime ke bahlanka ba Jehova ba tšepahalang le ba ikokobelitseng

18. Kajeno re na le motheo ofe o tiileng oo re ka hahang tumelo ea rōna ho oona?

18 Tumelo ea Abele e ile ea matlafala le ho feta ha a thuisa ka lintho tsohle tseo Jehova a itšenotseng ka tsona, e leng pōpo ea Hae, litšepiso tsa hae le mohlala oa mangeloi a hae. Ho hlakile hore re ka ithuta ho hongata mohlaleng oa Abele. Bacha ka ho khetheha ba ka ’na ba khothala ha ba elelloa hore ba ka ba le tumelo ea sebele ho Jehova Molimo, ho sa tsotellehe seo litho tsa malapa abo bona li se etsang. Kajeno re na le motheo o tiileng oo re ka hahang tumelo ho oona kaha re pota-potiloe ke limakatso tsa pōpo, re na le Bibele e feletseng le mohlala oa batho ba bangata ba bontšang tumelo.

Ke Hobane’ng ha Sehlabelo sa Abele se ne Se Ikhetha?

19. Ha nako e ntse e feta, Abele o ile a utloisisa ’nete efe ea bohlokoa?

19 Ha tumelo ea Abele ho Jehova e ntse e hōla, o ile a batla tsela ea ho e bontša ka liketso. Empa motho feela tjee o ne a ka fa ’Mōpi oa bokahohle eng? Ka sebele Molimo o ne a sa hloke hore batho ba mo fe mpho leha e le efe kapa ba mo thuse. Ha nako e ntse e feta, Abele o ile a utloisisa ’nete ena ea bohlokoa: Haeba a fa Jehova se molemohali ’me a etsa seo ka sepheo se nepahetseng, o tla khahlisa Ntate oa hae ea leholimong.

Abele o ile a nyehela sehlabelo ka tumelo; Kaine ha aa ka a etsa joalo

20, 21. Kaine le Abele ba ile ba etsetsa Jehova mahlabelo ka eng, hona Jehova o ile a arabela joang?

20 Abele o ile a lokisetsa ho nyehela linku tse ling tsa hae. O ile a khetha tsa matsibolo, tse ntle ka ho fetisisa le likarolo tseo a neng a nka hore li ntle ka ho fetisisa. Kaine le eena o ne a batla hore Molimo a mo hlohonolofatse a be a mo amohele, eaba o lokisetsa ho nyehela lijalo tsa hae. Empa sepheo sa hae se ne se sa tšoane le sa Abele. Ho se tšoane hoo, ho ile ha totobala ha bara bana ba motho ba nyehela mahlabelo.

21 E ka ’na eaba bara bana ba Adama ba ile ba sebelisa lialetare le mollo ha ba nyehela mahlabelo a bona, mohlomong ba etsa linyehelo tseo likerubime li ntse li ba shebile, e leng tsona feela tseo e neng e le baemeli ba Jehova lefatšeng ka nako eo. Jehova o ile a arabela! Re bala ho re: “Jehova [o] ile a talima Abele le nyehelo ea hae ka mokhoa o bontšang kamohelo.” (Gen. 4:4) Bibele ha e bolele hore na Molimo o ile a bontša joang hore o amohela nyehelo eo.

22, 23. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a amohela sehlabelo sa Abele?

22 Ke hobane’ng ha Molimo a ile a amohela nyehelo ea Abele? Na o ne a khahlisoa ke nyehelo ka boeona? Abele o ile a nyehela phoofolo e phelang, a tšolla mali a eona a bohlokoa. Na Abele o ne a tseba hore nyehelo eo ke ea bohlokoa hakae? Lilemo tse makholo-kholo ka mor’a hore Abele a shoe, Molimo o ile a sebelisa konyana e se nang sekoli ho tšoantšetsa sehlabelo sa Mora oa Hae ea phethahetseng, e leng “Konyana ea Molimo,” eo mali a hae a se nang molato a neng a tla tšolloa. (Joh. 1:29; Ex. 12:5-7) Leha ho le joalo, ho hlakile hore ho na le ho hongata hoo Abele a neng a sa ho tsebe kapa a sa ho utloisise.

23 Seo re se tsebang ke hore: Abele o ile a fana ka se molemohali. Jehova ha aa ka a amohela sehlabelo sa hae feela, empa o ile a amohela le Abele. Abele o ile a etsa seo hobane a rata Jehova ebile a e-na le tumelo.

24. (a) Ke hobane’ng ha re ka re sehlabelo sa Kaine se ne se sa fosahala? (b) Kaine o tšoana le batho ba bangata joang kajeno?

24 Ha hoa ka ha e-ba joalo ka Kaine. Jehova “ha aa ka a talima Kaine le nyehelo ea hae ka mokhoa leha e le ofe o bontšang kamohelo.” (Gen. 4:5) Hase hore sehlabelo sa Kaine se ne se fosahetse; hamorao Molao oa Molimo o ile oa lumella batho ho etsa mahlabelo ka lijo-thollo. (Lev. 6:14, 15) Empa Bibele e re ka Kaine, “mesebetsi ea hae e ne e le khopo.” (Bala 1 Johanne 3:12.) Joaloka batho ba bangata kajeno, ho bonahala Kaine a ne a nahana hore ho lekane ho etsa eka o inehetse ho Molimo. Liketso tsa Kaine li ile tsa bontša hore ha a rate Jehova ’me ha a na tumelo ho eena.

25, 26. Jehova o ile a fa Kaine temoso efe, empa Kaine o ile a etsa’ng?

25 Ha Kaine a lemoha hore Jehova ha a mo amohele, na o ile a batla ho ithuta mohlaleng oa Abele? Che. O ile a koetlela ngoan’abo lehloeo. Jehova o ile a bona se ka pelong ea Kaine ’me a leka ho bua le eena a sa mo felle pelo. O ile a lemosa Kaine hore tsela eo a e nkileng e tla mo lebisa sebeng se tebileng ’me A tšepisa Kaine hore o tla “phahamisoa” ha a ka fetoha.—Gen. 4:6, 7.

26 Kaine o ile a hlokomoloha temoso ea Molimo. Eaba o kōpa moen’ae, ea neng a sa belaelle letho hore ba ee naheng ’me ha ba le moo a mo bolaea. (Gen. 4:8) Ka tsela eo Abele e ile ea ba motho oa pele ea ileng a hlorisetsoa bolumeli, moshoela-tumelo oa pele. O ile a shoa, empa pale ea hae ha e felle moo.

27. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Abele o tla tsosoa bafung? (b) Re ka etsa joang hore ka letsatsi le leng, re kopane le Abele?

27 Ka tsela ea tšoantšetso, mali a Abele a ile a hoeletsa ho Jehova Molimo hore a tlise phetetso kapa a phethahatse toka. Molimo o ile a phethahatsa toka ’me a otla Kaine ea khopo ka lebaka la molato oa hae. (Gen. 4:9-12) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore, kajeno tlaleho ea tumelo ea Abele e bua le rōna. Lilemo tseo a li phetseng—mohlomong tse ka bang lekholo—e bile tse khutšoanyane ha li bapisoa le tsa batho ba mehleng eo, empa Abele o li phetse ka tsela e khahlisang Molimo. O shoele a tseba hore Jehova, Ntate oa hae oa leholimo oa mo rata ebile oa mo amohela. (Baheb. 11:4) Joale, re ka kholiseha hore o sireletsehile mohopolong oa Jehova o ke keng oa lekanngoa ’me o letetse ho tsohela bophelong lefatšeng la paradeise. (Joh. 5:28, 29) Na u tla ba teng ha a tsoha bafung? U tla ba teng, haeba u ikemiselitse ho mamela ha Abele a bua ’me u bontša tumelo e ikhethang e tšoanang le ea hae.

^ ser. 5 Poleloana e reng “ho thehoeng ha lefatše” e akarelletsa taba ea ho qaleha ha moloko oa batho, kahoo e amana le bana ba banyalani ba pele. Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha Jesu a ile a amahanya Abele le ‘ho thehoa ha lefatše’ eseng Kaine, eo e neng e le letsibolo? Liqeto tsa Kaine le liketso li ile tsa bontša hore o ne a fetohela Jehova Molimo ka boomo. Joaloka batsoali ba hae, ha ho bonahale eka Kaine o tla ba har’a batho ba tla tsosoa bafung le ba tla rekolloa.