Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BOROBELI

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa

1. Ke hobane’ng ha ho ne ho tletse mahlomola le seboko Shilo?

SAMUELE o ne a hlokomela hore batho ba oetse ka phatla Shilo. Seboko se neng se le motseng oo se ne se thiba litsebe. Ebe e ne e le matlong a makae moo ho neng ho utloahala seboko sa batho ba llelang bo-ntate ba bona, banna ba bona, bara ba bona le likhaitseli tsa bona, ba neng ba ke ke ba hlola ba khutlela hae? Re tseba feela hore Iseraele e ne e lahlehetsoe ke masole a 30 000 ntoeng e tšabehang eo ho eona ba neng ba hlōtsoe ke Bafilista, le hona ho ne ho e-s’o fete nako e telele ba lahlehetsoe ke masole a 4 000 ntoeng e ’ngoe.—1 Sam. 4:1, 2, 10.

2, 3. Ke lintho life tse bohloko tse ileng tsa etsa hore ho be le masoabi Shilo e be e qetelle e lahlehetsoe ke khanya ea eona?

2 Eo e ne e le e ’ngoe ea liketsahalo tse latellanang tse bohloko tse ileng tsa ba hlahela. Bara ba babeli ba Moprista ea Phahameng, Eli, ba neng ba khohlahetse, e leng Hofni le Finease, ba ile ba nka areka e halalelang ea selekane Shilo eaba ba ea ka eona ntoeng. Hangata, areka ena ea bohlokoa e neng e tšoantšetsa boteng ba Molimo e ne e lula karolong e halalelang ea tabernakele—e leng tente eo e neng e le tempele. Joale batho ba ile ba nka Areka eo ba ea le eona ntoeng, ka booatla ba nahana hore ka mohlolo e tla etsa hore ba hlōle. Empa Bafilista ba ile ba hapa Areka eo, ba bolaea Hofni le Finease.—1 Sam. 4:3-11.

3 Areka eo e ’nile ea lula tabernakeleng e Shilo ka lilemo tse makholo. Joale e ne e se e le sieo. Ha Eli ea lilemo li 98 a utloa litaba tseo, o ile a oa ka sanketse setulong eaba oa shoa. Ngoetsi ea hae e neng e shoetsoe ke monna letsatsing lona leo, le eona e ile ea shoa ha e pepa. Pele e hlokahala, e ile ea re: “Khanya e tlohile Iseraele e ile kholehong.” Ka sebele, Shilo e ne e ke ke ea hlola e tšoana le pele.—1 Sam. 4:12-22.

4. Ke sefe seo re tlil’o se tšohla khaolong ee?

4 Samuele o ne a tla sebetsana joang le maemo aa a nyahamisang hakaale? Na o ne a tla ema a tiile tumelong e le hore a thuse batho bao Jehova a neng a se a sa ba sireletse a bile a ba furaletse? Ka linako tse ling, kaofela ha rōna re tobana le mathata le lintho tse re nyahamisang tse ka sisinyang tumelo ea rōna, ka hona, a re boneng hore na re ka ithuta eng ho Samuele.

O Ile a “Tlisa ho Loka”

5, 6. Tlaleho ee ea Bibele e bua ka’ng mabapi le nako ea lilemo tse 20, hona Samuele o ile a etsa eng nakong eo?

5 Tlaleho ea Bibele e khaotsa ho bua ka Samuele ’me e se e bua ka Areka e halalelang, e re bontša hore na Bafilista ba ile ba feta mathateng a makae ka lebaka la ho e hapa, ba ba ba tlameha ho e khutlisa. Ha tlaleho ea Bibele e boela e bua ka Samuele, ho ne ho se ho fetile lilemo tse 20. (1 Sam. 7:2) Ebe nakong eo o ne a ntse a etsa’ng? Ha ho hlokahale hore re nohe.

Samuele o ne a tla thusa sechaba sa habo joang hore se sebetsane ka katleho le ho lahleheloa ha sona le boemo bo se nyahamisitseng?

6 Re ithuta hore pele nako eo e qala “Lentsoe la Samuele [le ile] la boela la tla ho Baiseraele bohle.” (1 Sam. 4:1) Tlaleho e bontša hore ka mor’a nako eo Samuele o ne a tloaetse ho etela metse e meraro ea Iseraele, a e potoloha selemo se seng le se seng ho rarolla liqabang le ho araba lipotso. Ka mor’a moo, o ne a khutlela motseng oa habo oa Rama. (1 Sam. 7:15-17) Ho hlakile hore Samuele o ne a lula a phathahane ’me nakong eo ea lilemo tse 20, o ne a ntse a e-na le lintho tse ngata tseo a li etsang.

Le hoja Bibele e se na tlaleho ea hore na Samuele o ne a etsa’ng nakong ea lilemo tse 20, re ka kholiseha hore o ne a phathahane tšebeletsong ea Jehova

7, 8. (a) Samuele o ile a fa batho molaetsa ofe ka mor’a ho sebetsa ka thata ka lilemo tse mashome a mabeli? (b) Sechaba se ile sa arabela joang ka mor’a hore Samuele a se khothatse?

7 Boitšoaro bo bobe le bobolu ba bara ba Eli bo ne bo sentse tumelo ea batho. Kamoo ho bonahalang kateng, ba bangata ba ile ba rapela litšoantšo. Leha ho le joalo, ka mor’a lilemo tse 20 Samuele a sebetsa ka thata, o ile a fa batho molaetsa ona: “Haeba le khutlela ho Jehova ka lipelo tsohle tsa lōna, lahlang melimo esele har’a lōna le litšoantšo tsa Ashtorethe, le lebise lipelo tsa lōna ho Jehova ka mokhoa o sa kheloheng le sebeletse eena feela, ’me o tla le lopolla matsohong a Bafilista.”—1 Sam. 7:3.

8 Batho ba ne ba shoella “matsohong a Bafilista.” Kaha lebotho la Baiseraele le ne le hlōtsoe ke Bafilista, ba ile ba hatella batho ba Molimo kamoo ba ratang kateng. Empa Samuele o ile a tiisetsa batho hore lintho li ne li tla fetoha hafeela ba ne ba ka khutlela ho Jehova. Na ba ne ba ikemiselitse ho khutlela ho eena? Samuele o ile a thaba ha ba fela ba furalla litšoantšo tsa bona ’me “ba qala ho sebeletsa Jehova feela.” Samuele o ile a epa pitso Mizpa, motse o sebakeng se lithaba o ka leboea ho Jerusalema. Batho ba ile ba phutheha, ba itima lijo ’me ba bakela libe tsa bona tse ngata tsa ho rapela litšoantšo.—Bala 1 Samuele 7:4-6.

Bafilista ba ile ba nahana hore ho bokana ha batho ba Molimo ba bakileng e ne e le monyetla oa hore ba ba hlasele

9. Bafilista ba ile ba bona monyetla ofe, hona batho ba Molimo ba ile ba etsa’ng ha ba le kotsing?

9 Leha ho le joalo, Bafilista ba ile ba utloela ka pitso ena e khōlō eaba ba bona seo e le monyetla o motle. Ba ile ba romela lebotho la bona Mizpa hore le e’o ripitla barapeli bao ba Jehova. Baiseraele ba ile ba utloa hore ba tlil’o hlaseloa. Kaha ba ne ba tšohile, ba ile ba kōpa Samuele hore a ba rapelle. O ile a etsa joalo, a ba a nyehela le sehlabelo. Nakong ea tšebeletso eo e halalelang, Bafilista ba ile ba fihla Mizpa. Joale Jehova o ile a araba thapelo ea Samuele. Ha e le hantle, e ne eka Jehova oa rora ke bohale. O ile “a etsa hore ho be le sealuma se lerata le phahameng letsatsing leo khahlanong le Bafilista.”—1 Sam. 7:7-10.

10, 11. (a) Ke hobane’ng ha e tlameha hore ebe ho ne ho e-na ntho e sa tloaelehang ka sealuma seo Jehova a ileng a se tlisetsa lebotho la Bafilista? (b) Ke eng se ileng sa etsahala ka mor’a ntoa e ileng ea e-ba Mizpa?

10 Na u nahana hore Bafilista bao ba ne ba tšoana le bana ba tšohang ha ba utloa sealuma ebe ba mathela ho ea ipata ka mor’a bo-’mè ba bona? Che, masole ana e ne e le banna ba matla, ba seng ba tiile lipelo. Ka hona, e tlameha ebe ba ne ba qala ho utloa sealuma se thoathoaretsang joalo. Na ebe e ne e le ka lebaka la “lerata le phahameng” la sona? Hona na ho thoathoaretsa hoo ho ne ho hlaha leholimong le leputsoa le hlakileng, kapa ho ile ha luma lithabeng tse potolohileng? Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, sealuma seo se ile sa etsa hore Bafilista bao ba tšereme mangole. Ba se ba ferekane ka ho feletseng, ka potlako feela bo-nkoapo bao ba ile ba fetoha liphofu. Banna ba Iseraele ba ile ba ba seohela ho tloha Mizpa, ba ba hlōla eaba ba ba ngoanyapisa lik’hilomithara tse ngata ho fihlela karolong e ka boroa-bophirimela ho Jerusalema.—1 Sam. 7:11.

11 Ntoa eo e ile ea tlisa liphetoho tse khōlō. Nakong ea ha Samuele e ntse e le moahloli, Bafilista ba ile ba ’na ba ikhula. Metse e mengata e ile ea khutlisetsoa ho batho ba Molimo.—1 Sam. 7:13, 14.

12. Ho bolela’ng hore Samuele o ile a “tlisa ho loka,” hona ke litšobotsi life tse ileng tsa mo thusa ho lula a atleha mosebetsing oa hae?

12 Lilemo tse makholo hamorao, moapostola Pauluse o ile a kenya Samuele lethathamong la baahloli ba tšepahalang le baprofeta ba ileng “ba tlisa ho loka.” (Baheb. 11:32, 33) Ka sebele Samuele o ile a thusa batho hore ba etse se setle le se nepahetseng mahlong a Molimo. O ile a lula a atleha mosebetsing oa hae hobane a ile a letela Jehova ka mamello, a lula a tšepahala ho sa tsotellehe maemo a nyahamisang. O ile a boela a bontša hore ke motho ea ananelang. Ka mor’a hore ho be le tlhōlo Mizpa, Samuele o ile a haha sefika e le hore se lule se hopotsa batho kamoo Jehova a ileng a ba thusa kateng.—1 Sam. 7:12.

13. (a) Haeba re batla ho etsisa Samuele, re lokela ho ba le litšobotsi life? (b) U nahana hore ke nako efe e nepahetseng ea hore motho a hlaolele litšobotsi tse tšoanang le tsa Samuele?

13 Na u batla ho “tlisa ho loka”? Haeba ho joalo, e ka ba hantle hore u ithute ho Samuele, kaha o ne a e-na le mamello, a ikokobelitse a bile a bontša kananelo. (Bala 1 Petrose 5:6.) Ha ho le ea mong oa rōna ea sa batleng ho ba le litšobotsi tseo. Samuele o ile a ithusa ka ho hlaolela litšobotsi tseo le ho li bonahatsa a sa le monyenyane, kaha hamorao o ile a tobana le maemo a nyahamisang haholo bophelong.

“Bara ba Hao ha Baa Tsamaea Litseleng Tsa Hao”

14, 15. (a) Samuele o ile a tobana le maemo afe a nyahamisang haholo ha “a se a tsofetse”? (b) Na Samuele o ne a e-na le molato joaloka Eli? Hlalosa.

14 Ha Bibele e bua ka Samuele ka lekhetlo le latelang, o ne “a se a tsofetse.” O ne a e-na le bara ba babeli ba seng ba hōlile, e leng Joele le Abija ’me o ile a ba fa boikarabelo ba hore ba mo thuse mosebetsing oa ho ahlola. Leha ho le joalo, ka masoabi o ne a tšepile batho basele. Le hoja Samuele a ne a tšepahala a bile a lokile, bara ba hae bona ba ile ba sebelisa boemo ba bona hore ba ithuise, ba ne ba khopamisa toka ba bile ba nka tjotjo.—1 Sam. 8:1-3.

15 Ka letsatsi le leng banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba ea ho moprofeta enoa ea seng a tsofetse ho ea ipelaetsa. Ba ile ba re: “Bara ba hao ha baa tsamaea litseleng tsa hao.” (1 Sam. 8:4, 5) Na Samuele o ne a tseba ka taba eo? Tlaleho ha e bolele. Leha ho le joalo, ho fapana le Eli, ha ho pelaelo hore Samuele eena o ne a se na molato liketsong tsa bara ba hae. Jehova o ile a khalemela Eli a ba a mo otla ka lebaka la hore o ne a sa khalemele bara ba hae ha ba etsa liketso tse khopo, o ne a hlompha bara ba hae ho feta Molimo. (1 Sam. 2:27-29) Jehova ha aa ka a fumana Samuele a e-na le molato o joalo.

Samuele o ile a sebetsana joang le boemo bo nyahamisang ba bara ba hae ba khohlahetseng?

16. Batsoali ba nang le bana ba sa mameleng ba ba le maikutlo afe a utloisang bohloko, hona batsoali ba ka fumana matšeliso le tataiso joang mohlaleng oa Samuele?

16 Tlaleho ha e bontše hore na ha Samuele a se a tsebile ka boitšoaro bo bobe ba bara ba hae, o ile a utloa bohloko hakae ka lebaka la ho hlajoa ke lihlong, ho tšoenyeha kapa ho soetseha. Leha ho le joalo, batsoali ba bangata bona baa utloisisa hore e tlameha ebe o ne a ikutloa joang. Mehleng ena ea kajeno e nyahamisang, ho hana taolo ea batsoali le khalemelo ea bona ke seoa. (Bala 2 Timothea 3:1-5.) Mohlala oa Samuele o ka tšelisa le ho tataisa batsoali ba tobaneng le boemo bo joalo bo utloisang bohloko. Le hoja bara ba hae ba sa ka ba tšepahala, eena o ile a tsoela pele a tšepahala. U se ke ua lebala hore mohlala o motle oa batsoali o lula e le thuto e matla ho bana esita le haeba ba hanne ho mamela keletso kapa khalemelo. Hape batsoali ba na le monyetla oa hore kamehla ba thabise Ntate oa bona, Jehova Molimo, joalokaha Samuele a ile a etsa.

“Re Behele Morena”

17. Banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba batla eng ho Samuele, hona Samuele o ile a amohela litaba tseo joang?

17 Bara ba Samuele ba ne ba sa ka ba nahana hore na meharo ea bona le boithati ba bona li ne li tla ba le liphello life. Banna ba baholo ba Iseraele ba ile ba ea ho Samuele ’me ba re: “Joale re behele morena hore a re ahlole joaloka lichaba tsohle.” Mohlomong Samuele o ile a utloa eka ba lahla eena. Etsoe e ne e se e le lilemo tse mashome joale e le moahloli ea emetseng Jehova. Joale ba ne ba se ba sa batle ho ahloloa ke moprofeta feela tjee joaloka Samuele, empa ba ne ba batla ho ba le morena ea tla ba ahlola. Lichaba tse neng li ba potolohile li ne li e-na le marena ’me Baiseraele le bona ba ne ba batla oa bona! Samuele o ile a amohela litaba tsee joang? Re bala hore “ntho eo e ne e le mpe” mahlong a Samuele.—1 Sam. 8:5, 6.

18. Jehova o ile a tšelisa Samuele joang a ba a bolela le kamoo sebe sa Baiseraele se neng se tebile kateng?

18 Hlokomela hore na Jehova o ile a arabela joang ha Samuele a mo bolella bothata bona thapelong: “Mamela lentsoe la sechaba seo mabapi le sohle seo se u bolellang sona; kaha ha sea lahla uena, empa se lahlile ’na hore ke se ke ka ba morena oa sona.” Le hoja mantsoe ao a ile a tšelisa Samuele, ketso ea batho bao e ile ea bontša hore ba hlompholla Molimo ea Matla ’Ohle ka ho feletseng! Jehova o ile a bolella moprofeta eo oa hae hore a lemose Baiseraele hore na ba ne ba tla khola litholoana life ka ho ba le morena oa motho. Ha Samuele a ba bolella, ba ile ba tsitlella, ba re: “Che, empa re tla ba le morena.” Kaha Samuele o ne a lula a mamela Molimo oa hae, o ile a tlotsa morena eo Jehova a neng a mo khethile.—1 Sam. 8:7-19.

19, 20. (a) Ke ka litsela life Samuele a ileng a mamela Jehova ha a mo tataisa hore a tlotse Saule e le morena oa Iseraele? (b) Samuele o ile a tsoela pele joang a thusa batho ba Jehova?

19 Empa Samuele o ile a bontša joang hore oa mamela? Na o ne a hloname, a se a mpa a phetha molao feela? Na o ile a lumella maemo ao hore a mo nyahamise le ho mo halefisa? Batho ba bangata ba ka ’na ba ikutloa joalo maemong ao, empa ha hoa ka ha e-ba joalo ka Samuele. O ile a tlotsa Saule a ba a amohela hore monna eo o ne a khethiloe ke Jehova. O ile a aka Saule, e leng pontšo ea hore o ne a amohela a bile a ikokobelletsa morena eo e mocha. Hape o ile a re ho sechaba: “Na le bone eo Jehova a mo khethileng, hore ha ho le ea mong ea tšoanang le eena har’a batho bohle?”—1 Sam. 10:1, 24.

20 Samuele ha aa ka a sheba liphoso tsa motho eo ea neng a khethiloe ke Jehova, empa o ile a sheba makhabane a hae. Tabeng ea hae teng o ile a ameha ka tlaleho e ntle eo a neng a iketselitse eona ka ho tšepahala ho Molimo ho e-na le ho ameha ka hore a amoheloe ke batho ba neng ba lula ba feto-fetoha. (1 Sam. 12:1-4) Hape o ile a phetha kabelo ea hae ka botšepehi, a eletsa batho ba Molimo ka likotsi tse ka ba fokolisang moeeng le ho ba khothatsa hore ba lule ba tšepahala ho Jehova. Keletso ea hae e ile ea ama sechaba pelo eaba se kōpa Samuele hore a se rapelle. O ile a ba araba ka mantsoe ana a thobang pelo: “Ha e le ’na, ke ho sa utloahaleng hore ke siteloe Jehova ka ho khaotsa ho le rapella; ke tla le rupela ka tsela e ntle le e nepahetseng.”—1 Sam. 12:21-24.

Mohlala oa Samuele o re hopotsa hore le ka mohla ha rea lokela ho lumella lipelo tsa rōna hore li tlale mōna kapa bohale

21. Mohlala oa Samuele o ka u thusa joang haeba u kile ua ikutloa u nyahame ha motho e mong a khetheloa tšebeletso kapa boikarabelo bo itseng?

21 Na u kile ua ikutloa u nyahame ha motho e mong a khetheloa tšebeletso kapa boikarabelo bo itseng? Mohlala oa Samuele ke khopotso e matla ea hore le ka mohla ha rea lokela ho lumella lipelo tsa rōna hore li tlale mōna kapa bohale. (Bala Liproverbia 14:30.) Molimo o na le mosebetsi o mongata o putsang le o khotsofatsang oo a o fang mohlanka e mong le e mong oa hae ea tšepahalang.

“U Tla ’ne U Siame ka Lebaka la Saule Halelele Hakae?”

22. Ke hobane’ng ha qalong Samuele a ne a nepile hore ebe o ile a bona se setle ho Saule?

22 Samuele o ne a nepile hore ebe o ile a bona se setle ho Saule kaha ruri Saule e ne e le motho ea babatsehang. E ne e le tjaka ea mohlankana oa seema ka litlhako, a le sebete a bile a tseba ho sebetsana le maemo, ebile qalong o ne a ikokobelitse ebile a le bonolo. (1 Sam. 10:22, 23, 27) Ntle le litšobotsi tseo tse ntle tseo a neng a li filoe, o ne a boetse a e-na le e ’ngoe ea bohlokoahali—o ne a e-na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na o batla ho phela joang le ba ho iketsetsa liqeto. (Deut. 30:19) Na o ile a sebelisa mpho eo hantle?

23. Ke tšobotsi efe ea bohlokoa eo Saule a ileng a lahleheloa ke eona li sa tloha, hona o ile a bontša joang hore o ntse a ikakasa le ho feta?

23 Ka masoabi, hangata motho ha a fumana boemo ba bolaoli, ka mor’a nako boemo boo bo mo mathela hloohong hoo a seng a hlōleha ho ikokobetsa. Ho ne ho e-s’o fete le nako e kae, eaba Saule o se a qala ho ikakasa. O ile a khetha ho se mamele litaelo tsa Jehova tseo Samuele a neng a mo file tsona. Ka lekhetlo le leng Saule o ile a felloa ke mamello eaba o etsa sehlabelo seo Samuele a neng a ikemiselitse ho se nyehela. Samuele o ile a tlameha ho mo khalemela ka matla a ba a mo bolella hore borena bo ne bo tla tlosoa lelapeng la hae. Ho e-na le hore a ithute khalemelong eo, Saule o ile a etsa lintho tse mpe le ho feta tse bontšang ho se mamele.—1 Sam. 13:8, 9, 13, 14.

24. (a) Saule o ile a se ke a mamela Jehova joang ha a ne a il’o loantša Baamaleke? (b) Saule o ile a etsa’ng ha a ne a khalemeloa, hona Jehova o ile a etsa qeto efe?

24 Jehova o ile a roma Samuele hore a bolelle Saule hore a e’o loantša Baamaleke. Litaelo tsa Jehova li ne li akarelletsa hore a bolaee morena oa bona ea khopo, Agage. Leha ho le joalo, Saule ha aa ka a bolaea Agage, hape o ile a ikhapela lintho tse ntle ho tse neng li lokela ho felisoa. Ha Samuele a mo khalemella seo, Saule o ile a itšenola hore na o fetohile hakae. Ho e-na le hore ka boikokobetso a amohele khalemelo eo, o ile a ikemela, a se ke a ipona molato a ba a lokafatsa liketso tsa hae, a iphapanyetsa taba eo a ba a leka ho beha sechaba molato. Ha Saule a leka ho hlokomoloha khalemelo eo ka ho ipuella hore o ne a rerile ho tla etsetsa Jehova sehlabelo ka e ’ngoe ea thepa e hapuoeng, Samuele o ile a bua mantsoe ana a tsebahalang: “Bona! Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo.” Samuele o ile a khalemela monna eo ka sebete a ba a mo bolella qeto eo Jehova a e entseng: Borena bo ne bo tla tlosoa ho Saule ’me bo fuoe motho e mong—motho ea molemo ho mo feta. *1 Sam. 15:1-33.

25, 26. (a) Ke hobane’ng ha Samuele a ile a siamela Saule, hona Jehova o ile a khalemela moprofeta oa Hae joang ka mosa? (b) Samuele o ile a ithuta thuto efe ha a ne a le ntlong ea Jese?

25 Samuele o ne a utloile bohloko haholo ke liketso tseo tse fosahetseng tsa Saule. O ile a qeta bosiu a llela Jehova ka taba ena. O ile a ba a siama ka lebaka la hae. Samuele o ne a bone hore Saule o ne a e-na le bokhoni ba ho etsa lintho tse ngata tse ntle, empa joale tšepo eo ea hae e ne e tšetsoe ka metsi. Motho enoa eo a neng a mo tseba o ne a fetohile—o ne a lahlile litšobotsi tsa hae tse babatsehang ’me a se a furaletse Jehova. Samuele o ile a hana ho bona Saule hape bophelong. Ka mor’a nako Jehova o ile a fa Samuele khalemelo ena e mosa: “U tla ’ne u siame ka lebaka la Saule halelele hakae, ha ’na, ka lehlakoreng le leng, ke mo lahlile hore a se ke a busa e le morena oa Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ka oli ’me u tsamaee. Ke tla u romela ho Jese Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.”—1 Sam. 15:34, 35; 16:1.

26 Morero oa Jehova ha oa itšetleha ka batho ba sa phethahalang bao ka linako tse ling ba sa tšepahaleng. Haeba motho eo Jehova a mo khethileng a sa tšepahale, o tla fumana e mong hore a phethe thato ea Hae. Ka hona, Samuele ea neng a se a tsofetse o ile a khaotsa ho llela Saule. Ka taelo ea Jehova, Samuele o ile a ea lelapeng la Jese, Bethlehema, moo a ileng a bona bara ba Jese ba bangata ba nang le ponahalo e ntle. Empa ho tloha ka oa pele feela, Jehova o ile a hopotsa Samuele hore a se ke a sheba ponahalo. (Bala 1 Samuele 16:7.) Qetellong Samuele o ile a kopana le mora oa ho fela ’me ke eena eo Jehova a neng a mo khethile—e ne e le Davida!

Samuele o ile a ithuta hore boemo bo bong le bo bong bo nyahamisang, Jehova a ka bo lokisa, a ka bo rarolla kapa a ka etsa hore bo qetelle e le tlhohonolofatso

27. (a) Ke eng se ileng sa thusa Samuele hore a tsoele pele a le matla tumelong? (b) U ikutloa joang ka mohlala oo Samuele a re behetseng oona?

27 Lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, Samuele o ile a bona ka ho hlaka le ho feta hore na qeto ea Jehova e ne e nepahetse hakaakang ka hore a behe Davida boemong ba Saule. Saule o ile a ba mōna hoo a ileng a batla ho bolaea Davida, hape e ile ea e-ba mokoenehi. Leha ho le joalo, Davida eena o ile a bonahatsa litšobotsi tse ntle—e leng sebete, botšepehi le tumelo. Ha Samuele a le haufi le ho shoa, tumelo ea hae e ile ea tiea le ho feta. O ile a ithuta hore boemo bo bong le bo bong bo nyahamisang, Jehova a ka bo lokisa, a ka bo rarolla kapa a ka etsa hore bo qetelle e le tlhohonolofatso. Qetellong Samuele o ile a shoa a iketselitse lebitso le letle, ka lilemo tse ka bang lekholo tseo a li phetseng. Ha ho makatse hore ebe Baiseraele bohle ba ile ba siama ka lebaka la ho lahleheloa ke monna enoa ea tšepahalang! Le kajeno lena bahlanka ba Jehova ba etsa hantle ha ba ipotsa, ‘Na ke tla bontša tumelo e tšoanang le ea Samuele?’

^ ser. 24 Samuele o ile a bolaea Agage. Morena eo ea khopo le lelapa la hae le ne le sa tšoaneloe ke ho bontšoa mohau. Lilemo tse makholo hamorao, ho bonahala litloholo tsa Agage li ne li akaretsa “Hamane Moagage” ea ileng a batla a bolaea batho ba Molimo larita.—Esthere 8:3; sheba Khaolo ea 15 le ea 16 ea buka ena.