Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 28

Bontša Hore U Ananela Seo Jehova le Jesu ba U Etselitseng Sona

Bontša Hore U Ananela Seo Jehova le Jesu ba U Etselitseng Sona

U ikutloa joang ha motsoalle oa hao a u fa mpho e ntle? Oa thaba ebile u batla ho mo bontša hore u ananela mpho eo. Jehova le Jesu ba re file mpho e kholo ho feta tsohle tseo re kileng ra li fuoa. Mpho eo ke eng, hona re ka bontša joang hore rea e ananela?

1. Re ka bontša joang hore re ananela ntho eo Molimo le Kreste ba re etselitseng eona?

Bibele e tšepisa hore “e mong le e mong ea bontšang tumelo ho [Jesu]” o tla phela ka ho sa feleng. (Johanne 3:​16) Ho bontša tumelo ho bolela’ng? Ha ho bolele feela ho lumela ho Jesu. Liqeto le liketso tsa rona li lokela ho bontša hore re na le tumelo. (Jakobo 2:​17) Ha re bontša tumelo ka liketso le ka lintho tseo re li buang, setsoalle sa rona le Jesu le Ntate oa hae Jehova, se tla ba matla.​—Bala Johanne 14:21.

2. Ke ketsahalo efe ea bohlokoa e re thusang ho ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etselitseng eona?

Mantsiboeeng a pele Jesu a shoa, o ile a bolella balateli ba hae ntho e ’ngoe eo ba neng ba lokela ho e etsa ho bontša hore ba ananela sehlabelo sa hae. O ile a tšoara mokete oa bohlokoa le bona oo Bibele e o bitsang “Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena,” hape o bitsoa Sehopotso sa lefu la Kreste. (1 Bakorinthe 11:​20) Jesu o ile a qala mokete oo hobane o ne a batla hore baapostola ba hae le Bakreste bohle ba ’nete ba tla tla ka mor’a bona ba hopole hore o ba shoetse. Ha Jesu a bua ka mokete oo, o ile a fana ka taelo ena: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Luka 22:​19) Ha u ba teng Sehopotsong, u bontša hore u ananela lerato le leholo leo Jehova le Jesu ba re ratang ka lona.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute litsela tse ling tseo u ka bontšang ka tsona hore u ananela lerato leo Jehova le Jesu ba u ratang ka lona. Ithute hore na ke hobane’ng ha Sehopotso sa lefu la Kreste e le sa bohlokoa.

3. Re ka etsa’ng ho bontša kananelo?

A re nke hore motho e mong o ile a u pholosa ha u ne u khangoa ke metsi. Na u ne u ka lebala seo motho eo a u etselitseng sona? Kapa na u ne u tla batla litsela tsa ho mo bontša hore u ananela ntho eo a u etselitseng eona?

Re na le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng ka lebaka la seo Jehova a re etselitseng sona. Bala 1 Johanne 4:​8-​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha sehlabelo sa Jesu e le mpho e khethehileng?

  • U ikutloa joang ka ntho eo Jehova le Jesu ba u etselitseng eona?

Re ka bontša joang hore re ananela ntho eo Jehova le Jesu ba re etselitseng eona? Bala 2 Bakorinthe 5:​15 le 1 Johanne 4:​11; 5:3. Ka mor’a ho bala lengolo ka leng, buisanang ka potso ena:

  • Ho ea ka lengolo lee, re ka etsa’ng ho bontša kananelo?

4. Etsisa Jesu

Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang kananelo ka eona ke ka ho etsisa Jesu. Bala 1 Petrose 2:​21 ebe le buisana ka potso ena:

  • U ka latela mehato ea Jesu haufi-ufi ka litsela life?

5. E-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste

E le hore u bone hore na ho ile ha etsahala’ng ka lekhetlo la pele ha ho ne ho tšoaroa Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena, bala Luka 22:​14, 19, 20. Ka mor’a moo, le buisane ka lipotso tsena:

  • Ho ile ha etsahala’ng Lijong Tsa Shoalane Tsa Morena?

  • Bohobe le veine li tšoantšetsa eng? (Sheba temana ea 19 le 20.)

Jesu o ne a batla hore barutuoa ba hae ba tšoare Sehopotso hanngoe ka selemo ka letsatsi leo a ileng a shoa ka lona. Ka lebaka leo, selemo le selemo Lipaki Tsa Jehova li kopana hammoho ho ikhopotsa lefu la Kreste ho ea kamoo a laetseng kateng. E le hore u ithute ka seboka sena sa bohlokoa, bapala VIDEO ena. Ka mor’a moo, le buisane ka potso e latelang.

  • Ho etsahala’ng Sehopotsong?

Ho na le ntho eo bohobe le veine li e tšoantšetsang. Bohobe bo tšoantšetsa ’mele oa Jesu o se nang sebe oo a faneng ka oona e le sehlabelo bakeng sa rona. Veine e tšoantšetsa mali a hae

BATHO BA BANG BA RE: “Ntho feela eo u lokelang ho e etsa hore u pholosoe ke ho lumela ho Jesu.”

KAKARETSO

Haeba re bontša tumelo ho Jesu ’me re e-ba teng Sehopotsong sa lefu la hae, re bontša hore re ananela ntho eo a re etselitseng eona.

Re Ithutile’ng?

  • Ho bontša tumelo ho Jesu ho bolela’ng?

  • U tla etsa’ng ho bontša hore u ananela ntho eo Jehova le Jesu ba u etselitseng eona?

  • Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hakaale ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Lefu la Kreste le re susumelletsa hore re etse’ng?

O Ile a Sebelisa ’Mele oa Hae ho Tlotlisa Jehova (9:​28)

Ithute haholoanyane ka ho ba le tumelo le hore na u ka e bontša joang.

“E-ba le Tumelo Litšepisong Tsa Jehova” (Molula-Qhooa, October 2016)

Bala pale e nang le sehlooho se reng: “Ke Ikutloa ke Hloekile, ke E-na le Bophelo ke Bile ke Khotsofetse,” ’me u bone kamoo ’mè e mong a ileng a fetola bophelo ba hae kateng ka mor’a hore a utloisise hore na sehlabelo sa Kreste ke sa bohlokoa hakae ho eena.

“Bibele e Fetola Batho” (Molula-Qhooa, August 1, 2011)

Ithute hore na ke hobane’ng ha e le batho ba ’maloa feela ba jang bohobe le ho noa veine Sehopotsong.

“Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Tšoara Seboka sa Lijo Tsa Mantsiboea Tsa Morena ka Tsela e Fapaneng le Malumeli a Mang?” (Sehlooho se websaeteng)