Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 36

Tšepahala ka Linako Tsohle

Tšepahala ka Linako Tsohle

Motho e mong le e mong o batla ho ba le metsoalle e tšepahalang. Jehova le eena o lebeletse hore metsoalle ea hae e tšepahale. Empa ha ho bonolo ho tšepahala kaha batho ba bangata ha ba tšepahale. Ho lula re tšepahala ho ka re tsoela molemo joang?

1. Lebaka le ka sehloohong la ho lula re tšepahala ke lefe?

Ha re tšepahalla batho ba bang, re bontša Jehova hore rea mo rata ebile rea mo hlompha. Nahana ka taba ena: Jehova o tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e nahanang le eo re e etsang. (Baheberu 4:​13) Molimo oa bona ha re tšepahala ’me ntho eo ea mo thabisa. Lentsoe la hae le re: “Etsoe motho ea mano ke ntho e manyala ho Jehova, empa O na le kamano e haufi-ufi le ba lokileng.”​—Liproverbia 3:32.

2. Re ka bontša joang hore re batho ba tšepahalang?

Jehova o batla hore re ‘bolellane ’nete.’ (Zakaria 8:​16, 17) See se bolela’ng? Ha rea lokela ho bua leshano kapa mafosisa ha re bua le ba lelapa, basebetsi-’moho, Bakreste-’moho le rona kapa liofisiri tsa ’muso. Batho ba tšepahalang ha ba utsoetse ba bang kapa hona ho ba qhekella. (Bala Liproverbia 24:​28 le Baefese 4:​28.) Hape batho ba tšepahalang ba lefa makhetho ’ohle ao ba lokelang ho a lefa. (Baroma 13:​5-7) Ha re tšepahala linthong tsena le tse ling, re tla be re “itšoara ka botšepehi linthong tsohle.”​—Baheberu 13:18.

3. Ho tšepahala ho ka re tsoela molemo joang?

Batho ba bang ba tla re tšepa haeba ba tseba hore rea tšepahala. Hape re tla be re etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba phutholohile ha ba le ka phuthehong. Re tla boela re be le matsoalo a khutsitseng. Ha re tšepahala, re “khabisa thuto ea Mopholosi oa rona, Molimo,” ebile le batho bao e seng Lipaki ba ka khahloa ke borapeli ba rona.​—Tite 2:10.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Bona kamoo ho tšepahala ho ka amang Jehova kateng le kamoo ho u amang kateng u be u ithute hore na u ka bontša botšepehi joang maemong a fapa-fapaneng.

4. Jehova oa thaba ha re tšepahala

Bala Pesaleme ea 44:​21 le Malakia 3:​16 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha e le booatla ho nahana hore re ka pata ’nete?

  • U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha re khetha ho bua ’nete leha ho le thata ho etsa joalo?

Batsoali baa thaba ha bana ba bona ba bua ’nete. Jehova oa thaba ha re bua ’nete

5. Tšepahala ka linako tsohle

Batho ba bangata ba nahana hore ha ho khonehe ho bua ’nete kamehla. Leha ho le joalo, bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho lula re tšepahala. Bapala VIDEO.

Bala Baheberu 13:​18 ebe lea buisana hore na re ka bontša joang hore rea tšepahala . . .

  • ka lapeng.

  • ha re le mosebetsing kapa sekolong.

  • maemong a mang.

6. Ho tšepahala ho re tsoela molemo

Ho tšepahala ho ka ’na ha re bakela mathata. Empa ha nako e ntse e e-ea re ka hlokomela hore ho bua ’nete ho molemo kamehla. Bala Pesaleme ea 34:​12-​16 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ho tšepahala ho ka u tsoela molemo joang?

  1. Banna le basali ba tšepahalang ba tiisa malapa a bona

  2. Basebetsi ba tšepahalang ba tšeptjoa ke bahiri ba bona

  3. Batho ba tšepahalang ba ba le botumo bo botle ho liofisiri tsa ’muso

BATHO BA BANG BA RE: “Mashano a mang ha a na taba hobane a manyenyane.”

  • Ke hobane’ng ha u lumela hore Jehova o hloile leshano ho sa tsotellehe hore na le leholo kapa le lenyenyane?

KAKARETSO

Jehova o batla hore metsoalle ea hae e tšepahale e be e bue ’nete kamehla.

Re Ithutile’ng?

  • Re ka bontša joang hore rea tšepahala?

  • Ke hobane’ng ha e le booatla ho nahana hore re ka pata ’nete?

  • Ke hobane’ng ha u batla ho lula u tšepahala?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Ke joang batsoali ba ka rutang bana ba bona hore ba tšepahale?

Bua ’Nete (1:​44)

Ke hobane’ng ha ho le molemo ho phethahatsa litšepiso tsa rona?

Ha U Tšepahala U Tla Hlohonolofatsoa (9:​09)

Bona hore na ke hobane’ng ha re lokela ho patala makhetho le haeba a sebelisoa hampe.

“Na U Lokela ho Lefa Makhetho?” (Molula-Qhooa, September 1, 2011)

Ke’ng e ileng ea susumeletsa motho ea neng a sa tšepahale hore a fetole tsela eo a etsang lintho ka eona?

“Ke Ithutile Hore Jehova o Mohau Ebile oa Tšoarela” (Molula-Qhooa, May 1, 2015)