Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 44

Na ke Mekete Eohle e Khahlisang Molimo?

Na ke Mekete Eohle e Khahlisang Molimo?

Jehova o batla hore re thabele bophelo le hore re be le mekete ka linako tse ling. Empa na o thabisoa ke mekete eohle le matsatsi a phomolo? Tabeng ee re ka bontša joang hore re rata Jehova?

1. Ke hobane’ng ha Jehova a sa rate mekete e meng?

U ka ’na oa makala ha u ithuta hore mekete e mengata ha ea thehoa Bibeleng kapa ke ea bohetene. Ho ka etsahala hore ebe mekete e joalo e tsoa bolumeling ba bohata. E ka ’na eaba e amana le ho sebelisana le bademona kapa e thehiloe tumelong ea hore moea ha o shoe. Mekete e meng e thehiloe litumela-khoeleng kapa ho lumeleng lehlohonolong. (Esaia 65:​11) Jehova o lemosa bahlanka ba hae o re: “Le ikarole . . . le khaotse ho ama ntho e sa hloekang.”​—2 Bakorinthe 6:​17. a

2. Jehova o ikutloa joang ka mekete e tlotlisang batho?

Jehova o re lemosa hore re se ke ra oela lerabeng la ho ‘tšepa motho oa lefatše.’ (Bala Jeremia 17:5.) Matsatsi a mang a phomolo a tlotlisa babusi kapa masole. A mang ke a ho keteka matšoao a naha kapa boipuso. (1 Johanne 5:​21) Ha e le matsatsi a mang ’ona, ke a ho keteka mekhatlo ea lipolotiki kapa mekhatlo e emelang sehlopha se itseng sa batho. Jehova a ka ikutloa joang haeba re fana ka tlotla e sa tšoanelang ho motho kapa mokhatlo o itseng, haholo-holo haeba mokhatlo oo o etsa lintho tse khahlanong le thato ea hae?

3. Ke boitšoaro bofe bo ka etsang hore mokete o se ke oa thabisa Molimo?

Bibele e nyatsa ‘ho fetella ka veine, mekete e lerata le litlholisano tsa ho noa.’ (1 Petrose 4:3) Meketeng e meng batho ba etsa lintho tse tsoileng tseleng le boitšoaro bo bobe. E le hore re lule re ntse re le metsoalle ea Jehova, re lokela ho tsamaella hole le mekhoa e joalo.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na u ka thabisa Jehova joang ka ho etsa liqeto tse nepahetseng tabeng ea mekete le matsatsi a phomolo.

4. Qoba mekete e sa hlompheng Jehova

Bala Baefese 5:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Re lokela ho nepisisa eng ha re etsa qeto ea hore na re tla keteka letsatsi la phomolo kapa che?

  • Ke matsatsi afe a phomolo a tloaelehileng sebakeng seo u lulang ho sona?

  • Na u nahana hore a thabisa Jehova?

Ka mohlala, na u kile oa ipotsa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho keteka matsatsi a tsoalo? Ha ho na moo Bibele e buang ka morapeli oa Jehova ea kileng a keteka letsatsi la tsoalo empa e bua ka mekete e ’meli ea matsatsi a tsoalo ea batho ba neng ba sa sebeletse Jehova. Bala Genese 40:​20-​22 le Matheu 14:​6-​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Mekete ee e ’meli ea matsatsi a tsoalo e tšoana ka eng?

  • Ho latela mangolo aa a mabeli, u nahana hore Jehova o ikutloa joang ka mekete ea matsatsi a tsoalo?

Leha ho le joalo u ka ’na oa ipotsa oa re: ‘Na ehlile Jehova oa tsotella hore na ke keteka matsatsi a tsoalo kapa mekete e meng e sa lumellaneng le Bibele?’ Bala Exoda 32:​1-8. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ke hobane’ng ha re lokela ho nepisisa hore na ke’ng e amohelehang ho Jehova?

  • Re ka etsa seo joang?

Re ka tseba joang hore mokete o itseng ha o thabise Molimo?

  • Na o thehiloe lithutong tse sa lumellaneng le Bibele? E le hore u fumane karabo, batlisisa hore na o qalile hokae.

  • Na o tlotlisa batho, mekhatlo kapa matšoao a naha? Re tlotlisa Jehova ho feta ntho leha e le efe ebile re lumela hore ke eena feela ea tla felisa mathata ’ohle a teng lefatšeng.

  • Na litloaelo le lintho tse etsoang moketeng oo li khahlanong le melao ea Bibele? Re lokela ho lula re itšoere hantle.

5. Thusa batho ba bang hore ba hlomphe seo u se lumelang

Ho ka ba thata hore u emele seo u se lumelang ha batho ba bang ba u hatella hore u keteke mekete e sa thabiseng Jehova. Bontša mamello ’me u be bohlale ha u ntse u ba hlalosetsa liqeto tsa hao. E le hore u bone kamoo u ka etsang sena kateng, bapala VIDEO.

Bala Matheu 7:​12 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • U ipapisitse le temana ee, na u lokela ho bolella ba lelapa ba sa lumeleng lintho tseo u li lumelang hore ha baa lokela ho keteka letsatsi la phomolo le itseng?

  • U ka etsa’ng ho ba tiisetsa hore le hoja u sa keteke le bona u ntse u ba rata ebile u ba nka e le ba bohlokoa?

6. Jehova o batla hore re thabe

Jehova o batla hore re be le linako tse monate le ba lelapa le metsoalle ea rona. Bala Moeklesia 8:​15 ebe le buisana ka potso ena:

  • Temana ee e bontša joang hore Jehova o batla hore re thabe?

Jehova o batla hore batho ba hae ba thabe le hore ba be le linako tse monate. Bapala VIDEO ’me u bone hore likopano tsa rona tsa machaba li tiisa hore taba ena ke ’nete.

Bala Bagalata 6:​10 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na re lokela ho keteka matsatsi a phomolo e le hore re etsetse batho ba bang “se molemo”?

  • Na u tla thaba haholo haeba u fana u tlamehile ka lebaka la letsatsi la phomolo kapa haeba u fana hobane u batla?

  • Ka linako tse ling Lipaki Tsa Jehova tse ngata li etsetsa bana ba tsona lintho tse ntle ebile li ba fa limpho. Haeba u na le bana, ke lintho life tseo u ka ba etsetsang tsona tse tla ba thabisa?

BATHO BA BANG BA RE: “Ha se taba ea bohlokoa hore na letsatsi la phomolo le qalile hokae. Taba ea bohlokoa ke hore re ithabise le metsoalle le ba lelapa.”

  • U ka re’ng ha u ba araba?

KAKARETSO

Jehova o batla hore re be le linako tse monate le ba lelapa le metsoalle ea rona. Empa o boetse o batla hore re qobe mekete e sa mo thabiseng.

Re Ithutile’ng?

  • Re ka ipotsa lipotso life e le hore re bone hore na mokete o itseng o thabisa Jehova kapa che?

  • Ke joang re ka thusang ba lelapa le metsoalle ea rona ho utloisisa liqeto tseo re li entseng tabeng ea ho keteka matsatsi a phomolo?

  • U tseba joang hore Jehova o batla hore re thabe le hore re be le linako tse monate?

Seo U ka se Etsang

BATLA

Hlokomela hore na ke matsatsi afe a phomolo ao Bakreste ba sa lokelang ho a keteka.

“Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Itseng a Phomolo?” (Sehlooho se websaeteng)

Ithute mabaka a mane a etsang hore re lumele hore mekete ea matsatsi a tsoalo ha e thabise Molimo.

“Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li sa Keteke Matsatsi a Tsoalo?” (Sehlooho se websaeteng)

Hlokomela hore na bana ba ratang Jehova ba ka mo thabisa joang ka matsatsi a phomolo.

U Bohlokoa ho Jehova (11:35)

Ho na le Bakreste ba limilione ba entseng qeto ea hore ba ke ke ba keteka Keresemese. Ba ikutloa joang ka qeto eo?

“Ba Fumane ho Hong ho Molemo le ho Feta” (Molula-Qhooa, December 1, 2012)

a Sheba Tlhaloso ea 5 e le hore u ithute hore na u ka etsa’ng haeba u le ka har’a batho ba ntseng ba keteka letsatsi la phomolo.