Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 47

Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?

Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?

U se u ithutile lintho tse ngata ka Jehova ha u ntse u ithuta Bibele. Mohlomong ho na le liphetoho tseo u li entseng ho latela seo u ithutileng sona. Empa e ka ’na eaba ho na le ntho e u sitisang hore u inehele ho Jehova le hore u kolobetsoe. Khaolong ena re tl’o bua ka lintho tseo hangata li sitisang batho ho kolobetsoa le hore na u ka li hlola joang.

1. U tlameha u tsebe Bibele hakae pele u kolobetsoa?

E le hore u kolobetsoe, u lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Sena ha se bolele hore pele u kolobetsoa u lokela hore u tsebe karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba ka u botsang eona ka Bibele. Le Bakreste ba seng ba e-na le nako e telele ba kolobelitsoe ba tsoela pele ho ithuta. (Bakolose 1:​9, 10) Empa u lokela hore u utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele. Baholo ba phutheho ba tla u thusa ho bona hore na u na le tsebo e lekaneng.

2. Ke lintho life tseo u lokelang ho li etsa pele u kolobetsoa?

Pele u kolobetsoa, u lokela ho ‘baka ’me u sokolohe.’ (Bala Liketso 3:​19.) Taba ena e bolela hore u lokela ho ikoahlaela libe tsohle tseo u li entseng nakong e fetileng ’me u kope Jehova hore a u tšoarele. Hape u ikemisetse ho phela ka tsela e thabisang Molimo le ho qoba lintho tseo a reng li fosahetse. U boetse u lokela ho ea libokeng le ho ruta batho Bibele u e-na le phutheho.

3. Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho kolobetsoa?

Batho ba bang ba tšaba hore ba ke ke ba khona ho etsa lintho tseo ba li tšepisitseng Jehova. Ke ’nete hore ka linako tse ling u tla etsa liphoso joalokaha banna le basali ba tšepahalang bao ho builoeng ka bona ka Bibeleng le bona ba ile ba li etsa. Empa Jehova ha aa lebella hore barapeli ba hae ba se ke ba etsa liphoso. (Bala Pesaleme ea 103:​13, 14.) Oa thaba ha u etsa sohle seo u ka se khonang. O tla u thusa. Ha e le hantle Jehova oa re kholisa hore ha ho na letho le tla re “arohanya le lerato la [hae].”​—Bala Baroma 8:​38, 39.

ITHUTE LINTLHA TSE LING

Ithute hore na ke joang ho ithuta haholoanyane ka Jehova le ho amohela thuso ea hae ho ka u thusang hore u hlole ntho leha e le efe e ka u sitisang hore u kolobetsoe.

4. Ithute ka Jehova haholoanyane

U hloka ho tseba Jehova hantle hakae pele u kolobetsoa? U hloka ho mo tseba hantle hoo u ikutloang u mo rata ebile u batla ho mo thabisa. Bapala VIDEO e le hore u bone hore na batho ba ithutang Bibele lefatšeng ka bophara ba khonne ho etsa seo joang. Ka mor’a moo buisanang ka potso e latelang.

  • Batho ba hlahang videong ee ba thusitsoe ke’ng e le hore ba itokisetse ho kolobetsoa?

Bala Baroma 12:2 ebe le buisana ka lipotso tsena:

  • Na ho na le lithuto tsa Bibele tseo u li belaellang kapa na u na le ho ipotsa hore na ehlile Lipaki Tsa Jehova li ruta ’nete?

  • Haeba ho joalo, u lokela ho etsa’ng?

5. U ka etsa’ng hore u hlole lintho tse ka u sitisang hore u kolobetsoe?

Kaofela ha rona re kopana le mathata ha re etsa qeto ea ho inehela ho Jehova le ho kolobetsoa. E le hore u bone mohlala oa sena, bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.

  • Videong ee, Narangerel o ile a lokela ho hlola litšitiso life e le hore a sebeletse Jehova?

  • Ho rata Jehova ho ile ha mo thusa joang hore a hlole litšitiso tseo?

Bala Liproverbia 29:​25 le 2 Timothea 1:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke’ng e re fang sebete sa hore re hlole litšitiso?

6. Tšepa hore Jehova o tla u thusa

Jehova o tla u thusa hore u etse lintho tse mo thabisang. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.

  • Ntate ea videong ee o ne a sitisoa ke’ng ho kolobetsoa?

  • Ke’ng eo a ileng a ithuta eona e mo thusitseng hore a tšepe Jehova le ho feta?

Bala Esaia 41:​10, 13 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke’ng e u kholisang hore u ka khona ho phetha tšepiso eo u e entseng ha u inehela?

7. Bontša hore u ananela lerato leo Jehova a u ratang ka lona

Ha u ntse u nahana kamoo Jehova a u ratang kateng, u tla mo ananela le ho feta u be u batle ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Bala Pesaleme ea 40:5 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke litlhohonolofatso life tseo Jehova a u fileng tsona tseo u li ananelang haholo?

Moprofeta Jeremia o ne a rata Jehova le lentsoe la hae a bile a ananela monyetla oo a neng a e-na le oona oa ho bua ka lebitso la Jehova. O ile a re: “Lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka, etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo.” (Jeremia 15:​16) Araba lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha motho a ka ba motlotlo ho ba Paki ea Jehova?

  • Na u batla ho kolobetsoa e le hore u be Paki ea Jehova?

  • Na ho na le ntho e u thibelang hore u kolobetsoe?

  • U nahana hore u lokela ho etsa’ng e le hore u qetelle u kolobelitsoe?

BATHO BA BANG BA RE: “Ke tšaba hore kamor’a ho kolobetsoa nke ke ka khona ho etsa lintho tsohle tseo ke tšepisitseng hore ke tla li etsa.”

  • Na le uena u ikutloa joalo?

KAKARETSO

Jehova a ka u thusa hore u hlole ntho leha e le efe e u sitisang hore u kolobetsoe.

Re Ithutile’ng?

  • U lokela ho tseba Bibele hakae e le hore u tle u kolobetsoe?

  • Ke liphetoho life tseo u ka ’nang oa lokela ho li etsa pele u kolobetsoa?

  • Ke hobane’ng ha u sa lokela ho tšaba ho kolobetsoa?

Seo U ka se Etsa’ng

BATLA

Ithute hore na ke’ng e lokelang ho u susumeletsa hore u kolobetsoe.

“Na U Malala-a-Laotsoe Hore U ka Kolobetsoa?” (Molula-Qhooa, March 2020)

Ithute hore na ke joang u ka hlolang mathata a itseng a ka u sitisang hore u kolobetsoe.

“Ke Eng se Nthibelang ho Kolobetsoa?” (Molula-Qhooa, March 2019)

Ithute hore na ke’ng e thusitseng ntate e mong hore a hlole mathata a boima e le hore a ka kolobetsoa.

‘Hobaneʼng U Lieha ho Kolobetsoa?ʼ (1:​10)

Ntate ea bitsoang Ataa o ile a nka nako e telele pele a kolobetsoa. Hlokomela hore na ke’ng e ileng ea mo thusa hore a qetelle a kolobelitsoe.

Na Kannete ke Tšoaneloa ke Litlhohonolofatso Tsee? (7:​21)