Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U Ithutile’ng Karolong ea 3?

U Ithutile’ng Karolong ea 3?

Buisanang ka lipotso tse latelang le motho eo u ithutang Bibele le eena:

  1. Bala Liproverbia 27:11.

    • Ke hobane’ng ha u batla ho tšepahalla Jehova?

      (Sheba Khaolo ea 34.)

  2. U ka etsa liqeto tse nepahetseng joang moo Bibele e sa faneng ka molao o tobileng?

    (Sheba Khaolo ea 35.)

  3. U ka tšepahala joang linthong tsohle?

    (Sheba Khaolo ea 36.)

  4. Bala Matheu 6:33.

    • U ka bontša joang hore u ‘batla ’Muso pele’ litabeng tse amanang le mosebetsi le chelete?

      (Sheba Khaolo ea 37.)

  5. U ka bontša ka litsela life hore u nka bophelo e le ba bohlokoa joaloka Jehova?

    (Sheba Khaolo ea 38.)

  6. Bala Liketso 15:29.

    • U ka mamela molao oa Jehova joang litabeng tse amanang le mali?

    • Na u nahana hore melao ea hae ea utloahala?

      (Sheba Khaolo ea 39.)

  7. Bala 2 Bakorinthe 7:1.

    • Ho hloeka ’meleng le boitšoarong ho bolela’ng?

      (Sheba Khaolo ea 40.)

  8. Bala 1 Bakorinthe 6:​9, 10.

    • Bibele e re’ng ka thobalano? Na u lumellana le seo e se buang?

    • Bibele e re’ng ka ho noa joala?

      (Sheba Khaolo ea 41 le ea 43.)

  9. Bala Matheu 19:​4-6, 9.

    • Molao oa Molimo o re’ng ka lenyalo?

    • Ke hobane’ng ha lenyalo le tlhalo li lokela ho ngolisoa ka molao?

      (Sheba Khaolo ea 42.)

  10. Ke matsatsi afe a phomolo le mekete e sa thabiseng Jehova, hona hobane’ng?

    (Sheba Khaolo ea 44.)

  11. Bala Johanne 17:​16 le Liketso 5:29.

    • U ka etsa’ng hore u lule u sa kenelle lipolotiking?

    • U lokela ho etsa’ng haeba molao oa batho o le khahlanong le molao oa Molimo?

      (Sheba Khaolo ea 45.)

  12. Bala Mareka 12:30.

    • U ka bontša joang hore u rata Jehova?

      (Sheba Khaolo ea 46 le ea 47.)