Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho ile ha tlisosa koari e ka holimo ho boima ba lik’hilograma tse 27 500 studiong sa Mount Ebo

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ho Hlahisoa ha Livideo Tsa Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”!

Ho Hlahisoa ha Livideo Tsa Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”!

LA 10 AUGUST 2020

 Livideo tsa kopano ea setereke li ama lipelo tsa rona ebile li re thusa ho utloisisa lithuto tsa Bibele. Kopano ea setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”! e na le livideo tse 114 tse kenyelelitseng lipuo tse 43 tsa bara ba bo rona ba sehlopha se busang le bathusi ba bona. Na u se u kile oa ipotsa hore na ho etsoa mosebetsi o mokae le hore na ho hlokeha chelete e kae bakeng sa ho hlahisa livideo tsee?

 Bara le barali ba bo rona ba ka bang 900 ba tsoang libakeng tse fapaneng lefatšeng lohle ba ile ba fana ka nako le litsebo tsa bona e le hore ho hlahisoe livideo tsena. Ba ile ba qeta lihora tse ka bang 100 000 ka lilemo tse peli bakeng sa ho etsa mosebetsi ona. Lihora tseo li kenyelelitse tse 70 000 tse neng li hlokeha bakeng sa ho hlahisa video e nkang metsotso e 76 ea Pale ea Nehemia: “Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Lona.”

 Hoa utloahala hore ho ne ho hlokeha chelete e ngata bakeng sa ho hlokomela baithaopi bana ba sebetsang ka thata le ho ba fa lintho tsohle tseo ba neng ba li hloka bakeng sa ho qeta mosebetsi ona.

 Ntate Jared Gossman ea sebetsang lefapheng la Litšebeletso Tsa ho Etsa Lirekoto Kapa Livideo o re: “Komiti ea Thuto ea Sehlopha se Busang e batla hore livideong tsa rona ho hlahe libaka le batho ba tsoang litsong tse fapaneng. Lebaka ke hore Lipaki Tsa Jehova li hlaha likarolong tsohle tsa lefatše kahoo re batla hore livideo tsa rona li bontše sona seo. E le hore re etse mosebetsi oo, lithimi tse 24 tse linaheng tse 11 li ile tsa sebetsa ’moho. Ho ne ho hlokeha chelete e ngata, tlhophiseho le tšebelisano-’moho e le hore batho bao ba libakeng tse fapaneng ba ka sebetsa-’moho.

 Livideo tse ngata tsa rona li hloka thepa e khethehileng. Mohlala, ha ho ne ho ne ho rekotoa video ea Nehemia, ho ile ha hahoa marako a Jerusalema ka har’a studio sa Mount Ebo se haufi le Patterson, New York. Empa, molemong oa hore ho sebelisoe monehelo hantle, le hore ho nepuoe litaba tsa histori tsa mehleng eo, bara ba bo rona ha ba aa ka ba haha marako a sebele empa ba ile etsa sa mokana eka ke marako. Ba ile ba etsa lebota le bolelele ba limithara tse tšeletseng ba sebelisa liforeimi tsa lepolanka eaba baa li koahela le ho li penta hore li shebahale joalokaha eka ke lebota la majoe. Mabota ao a ne a ka sebelisoa libakeng tse fapaneng moo videong. Esita le kamor’a boiteko boo, ho ntse ho sebelisitsoe chelete e ka bang M1 600 000 bakeng sa tšoantšiso eo. a

 Ho tseba litaba tsena kaofela ho re thusa hore re ananele lenaneo la kopano ea setereke ea selemong sena. Re kholisehile hore boikitlaetso bohle bo entsoeng bakeng sa ho hlahisa lenaneo lena bo tla etsa hore lebitso la Jehova le rorisoe lefatšeng lohle. Re leboha haholo ka menehelo eohle eo le e ntšitseng ka donate.pr418.com le ka mekhoa e meng bakeng sa ho tšehetsa mesebetsi ona.

a Tšoantšiso ea Pale ea Nehemia: “Thabo ea Jehova ke Qhobosheane ea Lona” e rekotiloe pele ho seoa sa corona. Ka nako eo ho ne ho ntse ho se na bothata ha batho ba kopana.