Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Baithaopi ba komiti ea liphallelo ba thusa ho lokisa ntlo ea banyalani ba bang ka mor’a hore ho be le mollo o bakileng tšenyo e kholo naheng ea Chile. Ka ho le letona: Barali ba bo rona ba babeli ba Nigeria ba fuoa lintho tseo ba li hlokang ka mor’a hore sebakeng sa bona ho be le likhohola tse behileng bophelo ba batho ba bangata kotsing

MONEHELO OA HAO O SEBELISOA JOANG?

Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”

Ho Phallela ba Oetsoeng ke Likoluoa ka 2023—“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”

LA 26 JANUARY 2024

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore “lichaba li tla loantšana” le hore ha ‘lefatše lee le fela,’ re tla bona ka likoluoa. (Matheu 24:3, 7) Re ile ra bona ha boprofeta bona bo phethala selemong sa tšebeletso sa 2023. a Le hoja lintoa li ntse li kupa le likoluoa li ba teng libakeng tse ka bang 100, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa bontša lerato leo Jehova a nang le lona joang?

 Ka selemo sa tšebeletso sa 2023, bana ba bo rona ba ile ba angoa ke likoluoa tse fetang 200 ebang ke tsa tlhaho kapa tse bakuoeng ke batho. Ka kakaretso, mokhatlo oa Lipaki Tsa Jehova o ile oa fana ka monehelo oa liphallelo o ka holimo ho lidolara tsa Amerika tse limilione tse leshome ho tsoa monehelong oa lefatše lohle. Menehelo eo e tlatselletsa eo bara le barali ba bo rona ba e ntšitseng ho thusetsa likoluoeng tse hlahileng sebakeng seo ba lulang ho sona. Bara le barali ba bo rona ba angoa ke likoluoa tse ngata, ha re bone hore na monehelo oa hao o sebelisitsoe joang ho ba thusa ho likoluoeng tse peli tse ileng tsa ba hlahela.

“Lerato la ’Nete le Ntse le le Teng”

 Ka linako tse itseng tsa selemo, likarolo tse itseng tsa Nigeria li ba le likhohola tse ngata. Leha ho le joalo, ka October 2022 ho ile ha e-ba le likhohola tse mpe ka ho fetisisa tse neng li e-so ka li e-ba teng ka lilemo tse leshome kaofela naheng ena. Lihekthere tse fetang 676 000 tsa masimo e leng sebaka se lekanang le mabala a bolo a fetang 946 000 a ile a senyeha le batho ba fetang limilione tse peli ba ile ba tloha mahaeng a bona. Ofise ea lekala ea Nigeria e ile ea potlakela ho hlophisa Likomiti Tsa Liphallelo ho thusa bara le barali ba bo rona ka lintho tseo ba li hlokang le ho ba thusa hore tumelo ea bona e lule e le matla.

Bara ba bo rona ba Nigeria ba ile ba tsamaea litseleng tse neng li tletse metsi a mangata ’me ba tšela linoka tse jeleng litlhokoa ha ba isa liphallelo

Bara le Barali ba bo Rona ba Ile ba Ameha Joang?

  •   Bahoeletsi ba 7 505 ba ile ba tloha mahaeng a bona

  •   Matlo a 860 a ile a senyeha

  •   Holo ea Kopano le Liholo Tsa ’Muso tse 90 li ne li tletse metsi

Menehelo e Ile ea Sebelisoa Joang?

 Lidolara tsa Amerika tse ka holimo ho 250 000 li ile tsa sebelisoa bakeng sa:

  •   Lijo tse kang rice, linaoa le li-noodles

  •   Lintho tse sebelisoang ka tlung tse kang materase le linete tsa monoang

  •   Ho lokisa matlo a senyehileng le ho haha a mang

 Bara ba bo rona ba ile ba etsa’ng ho netefatsa hore menehelo e sebelisoa hantle? Tsela e ’ngoe e ne e le hore ba hlahlobisise mohaho o mong le o mong hore na o ka khona ho lokisoa. Haeba mohaho o ne o hloka ho qaloa fatše, ho ne ho hahoa mohaho o tloaelehileng sebakeng seo.

 Bara le barali ba bo rona ba thusitsoeng ba ananela e le kannete. Morali e mong oa bo rona o ile a re: “Likhohola li lobokantse maphelo a rona hobane masimo a rona a senyehile hape re lahlehetsoe le ke mahae a rona. Re ile ra imoloha ha bara le barali ba bo rona ba fihla ka lona letsatsi leo ’me ba re thusa ba bile ba re fa le sebaka se bolokehileng seo re ka robalang ho sona. Re ile ra imoloha le ho feta ha re fuoa lijo tse tsoang ofiseng ea lekala. Re ne re hlolletsoe ha re bona kamoo lengolo la Johanne 13:34, 35 le ileng la phethahala ka teng bophelong ba rona. . . . Lerato la ’nete le ntse le le teng. ’Na le ba lelapa la ka re leboha ho tsoa botebong ba lipelo tsa rona, re leboha haholo ka thuso eo bara le barali ba bo rona ba re fileng eona ka nako eo re neng re e hloka.”

 Ba bang motseng ba ile ba bona mosebetsi oo re o etsang oa liphallelo. Morena oa motseng oa Sabagreia, Bayelsa o ile a re: “Lefatšeng ho na le mekhatlo le likereke tse ngata empa ke Lipaki Tsa Jehova feela tse entseng ntho e tjena. . . . Mokhatlo oa [lona] ke o ikhethang ka ho fetisisa lefatšeng lohle.”

“Rea Bona Hore Jehova oa re Rata”

 Ka February 2023, ho ile ha ba le mollo o ileng oa baka tšenyo e kholo ka makhetlo a ka holimo ho 400 naheng ea Chile. Ho ile ha senyeha lintho tsa bohlokoa tse sebelisoang bakeng sa ho fana ka litšebeletso le ho ntlafatsa moruo naheng ea Chile ha boela ha senyeha sebaka se boholo ba lihekthere tse ka holimo ho 430 000 e leng sebaka se ka lekanang mabala a bolo a fetang 602 000. Hoo e ka bang batho ba 8 000 ba ile ba tloha mahaeng a bona. Hang-hang kamor’a hore ho be le koluoa, ofise ea lekala e ile ea hlophisa hore ho be le liphallelo.

Naheng ea Chile, ba hahetse lelapa le leng ntlo kaha ea bona e ne e senyehile hoo e neng e sa khone ho lokisoa

Bara le Barali ba bo Rona ba Ile ba Ameha Joang?

  •   Bahoeletsi ba 222 ba ile ba tloha mahaeng a bona

  •   Matlo a 20 a ile a senyeha

Menehelo e Ile ea Sebelisoa Joang?

 Lidolara tsa Amerika tse ka holimo ho 200 000 li ile tsa sebelisoa bakeng sa:

  •   Lijo le metsi

  •   Oli, lintho tse hloekisang le meriana

  •   Ho lokisa matlo a senyehileng le ho haha a mang

 Lelapa le leng le ne le tšohile haholo ha le bona lintho tsohle tseo le nang le tsona li senyehile tse akarelletsang ntlo le khoebo. Lelapa lena le ne le se le sena mokhoa oa ho etsa chelete. Matsatsi a ’maloa a qalang ba ne ba utloile bohloko haholo ha ba bona ho se ho sena letho moo ntlo ea bona e neng e le teng pele. Ha ba bona ntlo ea bona e hahoa, hanyane hanyane ba ile ba khona ho khoba matšoafo. Ha ba bona lerato la baithaopi ba ile ba tšeliseha. Lelapa lena le ile la ameha haholo hoo le ileng la kenya letsoho ho thusa baithaopi ha ho hahoa ntlo ea mor’abo rona e mong.

 Bara le barali ba bo rona ba bangata ba ne ba hloletsoe ke kamoo mosebetsi ona oa liphallelo o tsamaileng ka teng. Mor’abo rona e mong o ile a re: “Tokisetso eo Jehova a e entseng ea Komiti ea Liphallelo ea ikhetha. Letsatsi kamor’a koluoa baithaopi ba ne ba se ba le moo koluoa ena e etsahetseng ba re fa lintho tseo re li hlokang. Hoa khothatsa ho bala ka mosebetsi oa liphallelo o etsoang likarolong tse ling tsa lefatše empa ha ho se ho phalleloa oena o ameha le ho feta. U ananela mokhatlo oa Jehova le ho feta ha u bona kamoo bara ba bo rona ba etsisang makhabane a Jehova ka teng, ba amehile ka ho re thusa hore re be le lintho tseo re li hlokang, re phele hantle, re be le tumelo e matla le hore re lule re khobile matšoafo. Rea bona hore Jehova oa re rata ka lebaka la lintho tseo a re etselitseng tsona.”

 Ha bofelo ba lefatše bo ntse bo atamela, re tl’o bona likoluoa li ntse li eketseha. (Luka 21:10, 11) Leha ho le joalo, phutheho ea Bokreste e etsa hore re bone hore Morena oa rona ea lerato e leng Jesu Kreste o ‘na le rona ka matsatsi ’ohle ho fihlela lefatše le fela.’ (Matheu 28:20) Monehelo oa lona oo le o ntšang ka ho rata bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa lefatše lohle, ebang le o ntša le sebelisa donate.pr418.com kapa ka mekhoa e meng hammoho le hore le sebelisa nako ea lona le matla a lona, seo se bontša hore le tšehetsa ’Muso oa Molimo le Morena oa oona ea lerato. Rea leboha hore ebe le ntse le tsoela pele le fana ka menehelo ka ho rata.

a Selemo sa tšebeletso sa 2023 se qalile ka li 1 tsa September 2022 ’me sa fela ka li 31 tsa August 2023.