Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ho Sireletsa Tokelo ea Rona ea Borapeli

Ho Sireletsa Tokelo ea Rona ea Borapeli

LA 1 MAY 2021

 Har’a batho ba bang ba bangata ba lulang Latin America, ho na le batho ba limilione ba nang le lipuo le meetlo ea bona. Ba bangata ba bona ke bara le barali ba bo rona ba ratang setso sa bona. E le hore ba thuse batho ho ithuta ’nete ea Bibele, ba fetolela lingoloa tsa Lipaki Tsa Jehova ka lipuo tse fetang 130 tse buuoang Latin America. a Ho ntse ho le joalo, ba bang baa hanyetsoa hobane ba khethile ho sebeletsa Jehova ebile ha ba etse meetlo e khahlanong le Bibele eo batho ba moo ba tloaetseng ho e etsa. Menehelo ea lona e sebelisitsoe joang ho ba thusa?

Ba Thusoa ho Khutlela Hae

 Bara le barali ba bo rona ba lulang sebakeng se lithaba sa Huichol e Jalisco State Mexico, ba ile ba hana ho etsa meetlo e itseng ea bolumeli eo letsoalo la bona le neng le sa ba lumelle hore ba e etse. b Taba ena e ile ea halefisa ba bang ba lulang sebakeng sena. Ka la 4 December 2017, mokhopi oa batho ba neng ba halefile o ile oa hlasela Lipaki Tsa Jehova le batho ba neng ba e-na le bona. Mokhopi oo o ile oa senya lintho tsa bona, oa ba leleka sebakeng seo eaba o ba tšosa ka hore o tla ba bolaea haeba ba ka khutlela moo.

 Lipaki tse lulang litoropong tse haufi li ile tsa thusa bara le barali ba bo rona bao ka lintho tseo ba li hlokang. Ke’ng e neng e ke ba thusa hore ba khutlele hae? Mora oa bo rona Agustín o re: “Re ne re sena chelete e lekaneng ea ho hira ’muelli oa molao ’me re ne re sa tsebe hore re ka kopa thuso ho mang.”

 Kaha bara le barali ba bo rona ba ne ba sa khone ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, lekala la Central America le ile la nka khato ea ho ba thusa. Ntho ea pele eo ba ileng ba e etsa ke ho kopa ba boholong sebakeng seo hore ba etse lipatlisiso ka taba eo. Ka mor’a moo, Komiti ea Bohokahanyi ea Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova e ile ea re lekala le ka sebetsa le Lefapha la Tsa Molao le ntlo-kholo ho sebetsana le nyeoe ea bara le barali ba bo rona ba Huichol. Qetellong nyeoe ena e ile ea isoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Toka la Sechaba eleng lekhotla le ka holimo ka ho fetisisa Mexico.

 Sehlopa sa babuelli ba molao ba tsoang linaheng tse fapaneng ba ile ba hlalosa hore feela joalokaha batho ba lulang sebakeng sa Huichol ba ne ba re ba bang ba lokela ho hlompha setso sa bona le bona ka ho tšoanang, ba ne ba lokela ho hlompha batho ba bang ’me ba hlomphe le litokelo tsa bona. Batho bohle ba na le litokelo ho sa tsotelle moo ba lulang teng.

 Ka la 8 July 2020, Lekhotla le ka Holimo-limo la Toka le ile la tšehetsa Lipaki Tsa Jehova nyeoeng eo. Lekhotla le ile la laela hore batho ba neng ba lelekiloe sebakeng seo ba khutle hape. Agustín eo re buileng ka eena pejana, o ile a bontša kamoo eena le ba bang ba ikutloang ka teng ha a re: “Re leboha haholo ’me re thabetse seo bara le barali ba bo rona ba re etselitseng sona. Re ka be re sa atleha haeba ba ne ba sa re thusa.”

‘Jehova o Thusa Batho ba Hae’

 Bongata ba bara le barali ba bo rona ba lulang Otavalo e San Juan de Ilumán Ecuador, le bona ba ile ba hlaheloa ke mathata a tšoanang. Ka 2014, ka mora hore ba fumane tumello ea ho lula sebakeng seo ba ile ba haha Holo ea ’Muso ea Lipaki Tsa Jehova. Leha ho le joalo, moprista e mong o ile a romela sehlopha sa batho ba ka bang 100 hore se qobelle bara le barali ba bo rona hore ba tlohella ho haha holo. Ho ekelletsa moo, sechaba sa laela hore Lipaki Tsa Jehova li tlohelle ho kopana hammoho bakeng sa borapeli.

 Mafapha a molao a lekala la Ecuador le a ntlo-kholo a ile a ikopanya hore a emele Lipaki tsa sebakeng seo hore li se ke tsa thibeloa hore li kopane bakeng sa borapeli. Bara ba bo rona ba ile ba isa taba ena khotla. Taba ena e ile ea etsa hore sechaba se tlohelle ho hlorisa bara le barali ba bo rona ’me sa ba lumella hore ba tsoele pele ho kopana hammoho bakeng sa borapeli le ho qetela ho haha Holo ea ’Muso. Empa e le hore re sireletse litokelo tsa bara le barali ba bo rona nakong e tlang, baemeli ba rona ba ile ba kopa lekhotla le phahameng hore nakong e tlang le nahane ka potso ena ea bohlokoa: Na batho ba litso tse sa tšoaneng ba lulang libakeng tse fapaneng le bona ba lokela ho hlompha litokelo tsa batho lefatšeng lohle?

 Ka la 16 July 2020, Lekhotla la Molao oa Motheo la Ecuador, eleng lekhotla le phahameng la sebakeng seo le ile la mamela nyeoe ena. Bara ba bo rona bao eleng babuelli ba molao Ecuador ba ile ba emela phutheho. Ho ekelletsa moo, bara ba bo rona ba bane ba nang le tsebo ka tsa molao ba tsoang linaheng tse fapaneng ba ile ba bua le lekhotla. Ka lebaka la lithibelo tsa COVID-19, ba ile ba buisana ba le linaheng tse sa tšoaneng ba sebelisa videoconference. Lena ke lekhetlo la pele lekhotla le lumella babuelli ba molao ba emelang Lipaki Tsa Jehova hore ba tlise qoso ea bona ka tsela ena. c Bara ba bo rona bao ba ile ba qotsa molao o buang ka litokelo tsa lefatšeng lohle o bontšang hore motho haa lokela ho lelekoa sebakeng se itseng hobane feela a sa lumellane le meetlo ea sebakeng seo.

Babuelli ba molao oa lefatšeng lohle ba emelang Lipaki ba ile ba loanela litokelo tsa bara le barali ba bo rona ba sebelisa videoconference

 Bara le barali ba bo rona ba Otavalo Valley ba lebelletse ka tjantjello ho utloa qeto ea Lekhotla la Molao oa Motheo. Ha ba ntse ba emetse nako eo, ba thabile haholo ka thuso eo ba e fumaneng ho bara ba bo rona. Mora oa bo rona César eo e leng moholo phuthehong ea Ilumán Quichua, o re: “Ke Jehova feela a sebelisa mokhatlo oa hae a ka etsetsang batho ntho e tjena.”

 Bara ba bo rona ba kentseng letsoho ho tsa molao ba sebelisa tsebo ea bona ho emela Lipaki Tsa Jehova ba sa ba patalise. Ho nka nako ebile ho bitsa chelete e le hore ba lokisetse hore ba emele nyeoe. Bara ba bo rona le babuelli ba molao ba emelang Lipaki, ba qetile lihora tse fetang 380 e le hore ba itokisetse nyeoe hape ba qetile lihora tse ling tse 240 ba fetolela litokomane bakeng sa batho ba buang Semexico. Babuelli ba molao ba ka bang 40 ba qeta lihora tse ngata nyeoeng ea Ecuador. Ho khonnoe joang ho koahela litšenyehelo tseo? Ka lebaka la menehelo ea lona e fapaneng e etsoang ho donate.pr418.com. Re leboha haholo ka menehelo ea lona.

a Lipaki Tsa Jehova li boetse li fetolela lipuo tse ling tse ngata tse buuoang Latin American le lipuo tse ling tsa matsoho tse buuoang sebakeng seo.

b “Batho ba Huichol ba boetse hape ba tsebahala e le Wixáritari ’me puo ea bona e tsebahala e le Sewixárika.”

c Le hoja mokhatlo oa rona oa lefatšeng lohle e ne e se karolo ea nyeoe, babuelli ba molao ba ile ba lumella bara ba bo rona hore ba hlahe ka pel’a khotla e le “metsoalle ea khotla.”