Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Liphallelo Nakong ea Seoa sa Lefatše Lohle

Liphallelo Nakong ea Seoa sa Lefatše Lohle

LA 1 JULY 2021

 Ka March 2020, ha Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo o tsebisa hore lefu la COVID-19 ke seoa, ho ne ho se na motho ea lebeletseng hore selemo ka mor’a tsebiso eo lefu lena le tla be le ntse le le teng le ama batho lefatšeng lohle. Lefu lena la seoa le ile la ama batho ba limilione ’meleng, maikutlong le tabeng ea lichelete ho akarelletsa le Lipaki Tsa Jehova. Ke’ng seo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa se etsa e le ho hlophisa le ho fana ka liphallelo nakong ena e thata?

Ho Fana ka Liphallelo ho ba li Hlokang

 Komiti ea Bohokahanyi ea Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova, e ile ea re ho etsoe Likomiti Tsa Liphallelo tse fetang 950 lefatšeng lohle e le hore li ka sebetsana le lefu lena la COVID-19. Likomiti tsena li ile tsa hlophisa hore Lipaki tse ling li fumane thuso moo li lulang teng, ha tse ling li fumana thuso ho tsoa ho ’muso. Likomiti tsena tsa liphallelo li boetse li hlophisitse hore li khone ho thusa batho ba bangata.

 Ka mohlala, bona kamoo li ileng tsa thusa kateng Paraguay. Koranta e ’ngoe e ile ea ngola hore ka lebaka la seoa, moruo o ile oa putlama hoo “batho ba bangata ba Paraguay ba bolaoang ke tlala ba le ka tlung.” Leha ho le joalo, Komiti ea Liphallelo e Paraguay e ne e se e qalile ka ho fana ka lijo, lintho tse hloekisang le lintho tsa ho hlapa tse ka lekanang lelapa la batho ba bane ka libeke tse peli. Lelapa ka leng le ile la fumana lintho tse etsang chelete e kaalo ka M406.50.

 Batho bana ba sebetsang ka ho fana ka liphallelo ba itšireletsa joang hore ba se ke ba tšoaetsoa ke lefu lena la COVID-19? Ba roala limaske ’me ba lula ba siile sebaka se lekaneng pakeng tsa bona le batho ba bang. Ba boetse ba etsa bonnete ba hore libaka tseo ba fumanang lijo ho tsona li hloekisoa hantle le hore li latela mehato ea tšireletso. Taba ena e akarelletsa ho etsa bonnete ba hore bohle ba sebetsang ka liphallelo ba apere liaparo tsa tšireletso, ba hloekise likoloi tsa bona le hore ba beha liphallelo moo ho hloekisitsoeng teng. Qetellong ha liphallelo tsena li tsamaisoa, bara ba bo rona ba etsa bonnete ba hore ba siea sebaka se lekaneng lipakeng tsa bona le bara ba bo rona ba fumanang liphallelo tsena.

Ho Sebelisa Monehelo ka Bohlale

 Ho tloha ka January 2021, Komiti ea Bohokahanyi e lumetse hore ho sebelisoe chelete e ka holimo ho M338 750 000 bakeng sa liphallelo tse mabapi le COVID-19. Makala le Likomiti Tsa Liphallelo li sebelisa menehelo ena hantle hape li sebetsa ka thata ho etsa bonnete ba hore li buisana le batho ba rekisang e le hore ba fumane lintho tseo ba li hlokang ka theko e tlaase. Ka mohlala, bara ba bo rona ba sebetsang ka liphallelo Chile, ba ne ba batla ho reka lensisi ea boima ba lik’hilograma tse 750. Bothata e ne e le hore theko ea lensisi e ne e imenne habeli khoeling e le ’ngoe feela! Ka mor’a lihora tse peli bara ba bo rona ba qeta ho lumela ho reka lensisi ka theko eo e holimo, motho eo ba neng ba reka ho eena o ile a ba letsetsa ho ba tsebisa hore motho e mong o ne a qeta ho khutlisa lensisi eo a neng a e rekile. Kahoo bara ba bo rona ba ile ba khona ho reka lensisi ena e khutlisitsoeng ka theko e tlaase ea khoeli e fetileng.

 Ha bara ba bo rona ba il’o lata lensisi, motho ea rekisang o ile a hana ho ba fa eona hobane o ile a qosa bara ba bo rona ka hore ba fana ka lijo ka tsela e leeme joaloka mekhatlo e meng. Ka mor’a hore e mong oa bara ba bo rona a iketsetse thapelo e khutšoanyane, o ile a hlalosetsa motho ea rekisang hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e se e shebile hore na ke bo-mang ba hlokang lijo haholo. Bara ba bo rona ba ile ba mo hlalosetsa hore kaha batho ba tl’o fumana lintho tsena ke ba litso tse sa tšoaneng, liphallelo tseo ba neng ba tla li fumana li ne li sa tl’o tšoana. Ho e-na le hoo lelapa le leng le le leng le ne le tla fumana ho ea ka litlhoko tsa lona. Qetellong, ba ile ba kholisa motho ea rekisang hore batho ba ntšang menehelo ea chelete le ba etsang boiteko ba ho thusa Lipaki Tsa Jehova, ba etsa joalo hobane ba ithaopa. Morekisi o ile a tsota seo haholo hoo a ileng a lumela ho rekisetsa bara ba bo rona ka theko eo e tlaase. O ile a boela a fana ka lensisi ea boima ba lik’hilograma tse 400 lekhetlong le latelang ha bara ba bo rona ba tl’o reka ho eena.

“Bopaki ba Lerato la ’Nete”

 Lusu ke mohlolohali ea holileng ea lulang Liberia le litho tsa lelapa la hae tse hlano. Ka letsatsi le leng ha ba ntse ba ja lijo tsa hoseng ’me ba bala temana ea letsatsi hammoho, setloholo sa Lusu se lilemo li supileng se ile sa hlokomela hore ha ba sa na lijo ka tlung. Se ile sa botsa sa re: “Re tl’o ja eng?” Lusu o ile a se kholisa hore o ne a se a kopile Jehova thuso ’me o ne a tseba hore Jehova o tla feela a etse joalo. Letsatsing lona leo, baholo ba phutheho ba ile ba letsetsa Lusu hore a tle a tl’o nka lijo. Ha a bua ka se ileng sa etsahala Lusu o re: “Setloholo sa ka se ile sa re sea tseba hore Jehova o utloa lithapelo hobane o ile a arabela ea ka.”

Bana ba lulang Democratic Republic of Congo ba ile ba taka litšoantšo ho leboha bara ba bo rona ka lijo tsa liphallelo tseo ba li fumaneng

 ’Mè e mong ea lulang Democratic Republic of Congo, ke moahisane oa Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a hore a bone ha lelapa leo le fumana lijo ho bara le barali ba bo rona, o ile a re: “Ha seoa sena se fela re tl’o ba Lipaki Tsa Jehova hobane li ile tsa bontša hore li tsotella Bakreste-’moho le tsona nakong ena e thata.” Molekane oa hae o ile a re: “O tl’o ba Paki ea Jehova ka lebaka la mokotla oa raese feela?” O ile a mo araba a re: “Che ha se taba ea mokotla oa raese feela empa ketso eo e bontša hore li na le lerato la ’nete.”

 Menehelo ea lona eo le e ntšitseng ka ho rata, e entse hore Lipaki Tsa Jehova li khone ho thusa bara le barali ba bo rona ka potlako nakong ena ea seoa. Rea leboha ka menehelo eo le e ntšitseng ka mekhoa e fapaneng e hlalositsoeng ho donate.pr418.com.