Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO OA HAO O SEBELISOA JOANG

Mananeo a Kopano ao re a Utloang le ho a Bona

Mananeo a Kopano ao re a Utloang le ho a Bona

LA 1 JULY 2024

 Ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 130 Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ena, li ntse li bokana hammoho likopanong selemo le selemo. Hona joale mananeo ana a na le lipuo tse fapaneng tse fetang 40, tse ling tsa puo tsena li na le lipuisano le livideo. Ho boetse ho na le ’mino. Hore mananeo ana a finyelle morero oa ’ona, a lokela ho utluoa le ho bonoa hantle. (Luka 2:20) Menehelo ea lona e sebelisoa joang ho tiisa hore bohle ba rua molemo likopanong tsee ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae?

Thepa ea Molumo le Livideo Tsa Kopano e Hlophisoa ho Latela Sebaka ka Seng

 Libaka tse ngata mose ho maoatle tseo re tšoarelang likopano ho tsona li se li ntse li e-na le thepa ea molumo le livideo empa re ikenyetsa tsa rona ha ho e-ba le likopano. Hobane’ng ha re etsa joalo? Mor’abo rona David ea sebetsang Lefapheng la Broadcasting le Ntlo-kholo o re: “Libaka tsena tseo re li hirang, ha lia etsetsoa hore bamameli ba mamele lenaneo lihora tse fetang tse tšeletseng. Ka mohlala, mabaleng a lipapali, ho etsoa litsebiso le ho bapala ’mino ka nako e khutšoanyane. Li-screen tsa bona li hlahisa lintlha, lipapatso le livideo tse khutšoanyane tse phetoang tsa papali empa rona re batla hore bamameli ba rona ba shebelle livideo tse telele, ba mamele ba be ba utloisise hantle ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang sethaleng.”

 Sebaka se seng le se seng sa kopano sea ikhetha, kahoo thepa ea molumo le livideo e hokeloa ho ea ka sebaka. Ka mor’a ho khetha sebaka seo kopano e tl’o tšoareloa ho sona, Mafapha a Broadcasting a makaleng ao a sheba hore na batho ba tl’o lula joang sebakeng seo le hore na ho ka ’na ha tla batho ba bakae. Barab’abo rona ba tla hlahlobisisa hantle hore na libuela-hole, li-screen tse tla bontša livideo li tla behoa hokae. Ka mor’a moo, ba etsa moralo oa hore na lithapo li tla lokela hore li tsamaee hokae ka tsela e bolokehileng. Ha ba qeta ho etsa lintho tsena kaofela, baa sheba hore na ke thepa e kae e tla hlokahala hore mosebetsi o phethoe e le hore qetellong bara le barali ba bo rona ba khone ho utloa lenaneo hantle.

Bara ba bo rona ba Lefapha la Broadcasting ba latela ka hloko moralo o entsoeng

 Mosebetsi oa ho hokela molumo le livideo o ba thata le ho feta likopanong tse nang le maleme a fapaneng ka nako e le ’ngoe. Haeba lenaneo le tl’o tolokoa ka puo e ’ngoe, motho ea tolokang o tla utloa puo ena pele ho bamameli ebe ha a qeta ho e utloa ke hona a e tolokelang batho ba buang puo eo. Lisebelisoa tsa morao-rao tjena tse bapalang video, li re thusa hore video le hoja e ka bapaloa ka lipuo tse robeli tse fapaneng, ha e hlaha ho li-screen e bapale ka nako e le ’ngoe. Mor’abo rona David o re: “Ho etsa ntho ena ho rarahane ’me ho hlokahala baithaopi ba koetlisitsoeng.”

 Liofisi tsa makala tse ngata li na le thepa ea molumo le livideo eo li e sebelisang likopanong selemo le selemo. Ha kopano e ’ngoe e fela, barab’abo rona ba hlophisa hore lisebelisoa tseo li ee sebakeng se seng seo ho tla tšoareloa kopano e ’ngoe ho sona. Lekala la Amerika le sebelisa chelete e ka holimo ho lidolara tsa Amerika tse 200 000 ho isa thepa libakeng tsa kopano. Le hoja chelete ena e utloahala e le ngata, sena se re thusa hore thepa ea rona e bolokehe, re se ke ra lokela ho reka e ’ngoe le hore re e boloke e le maemong a matle. Mor’abo rona Steven ea neng a hlokomela thepa ea molumo le livideo kopanong ea Canada o re, “Lefapha lena le ne le etsa bonnete ba hore lisebelisoa tsohle li ne li hlokomeloa hantle, li pakoa hantle e le hore li ka sebelisoa kopanong e latelang.”

Ho Reka le ho Hlokomela Thepa

 Ho hira thepa ea molumo le livideo ho tura haholo hape thepa eo e ka hiroang hase ea boleng bo botle ebile ha e hlokomeloe hantle. Ke ka lebaka leo re rekang lisebelisoa tseo re li hlokang. Hona joale, li-screen tseo re shebellang livideo ho tsona tse bophara ba limithara tse hlano le bophahamo ba limithara tse tharo li rekoa ka chelete e kaalo ka lidolara tsa Amerika tse 24 000 le thapo e le ’ngoe ea limithara tse 15 ea sebuela-hole e rekoa ka lidolara tsa Amerika tse 20. Lefapha la Broadcasting le sebelisana le le rekang thepa ho “bala litšenyehelo” pele ba reka. (Luka 14:28) Ka mohlala, ba ipotsa lipotso tse kang: Thepa eo e tla ruisa batho ba bakae molemo? Na ehlile ho hlokahala hore ho rekoe thepa e ncha? Na ho na le moo ho ka behoang thepa eo le hore na ho na le lithulusi le baithaopi ba koetliselitsoeng ho e hlokomela?

 E le hore ho bolokoe menehelo le hore thepa e sebelisoe nako e telele, e lula e hlahlojoa hore na e lula e le maemong a matle. Ha thepa e isoa libakeng tsa kopano, e tsamaisoa e tšetsoe ka har’a mabokose a thata a boleng bo phahameng le ’ona mabokose ao aa hlokomeloa hantle e le hore thepa e kenang ka moo e lule e le boemong bo botle.

Ho hlokomela le ho lokisa thepa ho etsa hore e tšoarelle

Batho Bao Eseng Lipaki ba Khahliloe ke Boleng ba Molumo le Livideo Likopanong

 Jonathan ea sebetsang lefapheng la molumo le livideo, o ile a re: “Ka mohlala, kopanong e ’ngoe, motho e mong ea sebetsang k’hamphaning e ’ngoe e kholo ea khaso, o ne a hloletsoe ha a bona tsela eo Lipaki Tsa Jehova li etsang lintho ka eona. O ile a hlolloa le ho feta ha a tseba hore batho bohle ba entseng mosebetsi oo e ne e le baithaopi, e se batho ba hiriloeng.” Mor’abo rona Jonathan a re mosebetsi eo, o ile a re bona ho ne ho ka ba nka matsatsi a mahlano ho etsa mosebetsi oo rona re o entseng ka letsatsi le halofo feela. Motho e mong ea hlokomelang sebaka seo ho neng ho tšoaretsoe kopano ho sona, o ile a re: “Ho na le batho ba bangata ba iphelisang ka ho etsa mosebetsi ona oa ho hokela molumo le livideo empa ha ke e-s’o ka ke bona batho ba o etsang ka boqhetseke joaloka lona.”

Bara le barali ba bo rona ba thabela

 Na u kile oa rua molemo tseleng eo thepa ea molumo le livideo e hoketsoeng ka eona kopanong? Mohlomong u ikutloa joaloka David ea lulang Engelane. o re: “Ke lilemo li 88 ’me esale ke ea likopanong bophelo bohle ba ka. Hona joale ho bonolo hore ke mamele ka hloko. Ke thabela livideo tse monate ebile lenaneo le se le tsamaea ka tsela e monate le ho feta. Le molaetsa o hlakile le ho feta hobane ke khona ho o utloa.” Micheal ea lulang Nigeria eena o re: “Kaha bara le barali ba bo rona ba khona ho utloa lenaneo le ho bona livideo hantle, sena se ba thusa hore ba tsepamise mohopolo ’me ba lule ba mametse lenaneo lohle.”

 Ha u le Kopanong ea Setereke kapa e Khethehileng ea “Bolela Litaba Tse Monate!”, iphe nako ea ho bona hore na ho entsoeng hore u tle u shebelle le ho utloa lenaneo lena. Re ananela menehelo ea lona eo le faneng ka eona ho donate.pr418.com, hobane e thusitse hore lintho tsohle li atlehe. Rea leboha.