Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MONEHELO OA HAO O SEBELISOANG KATENG

Se Etsahalang ha ho Etsoa Livideo—“Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae”

Se Etsahalang ha ho Etsoa Livideo—“Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae”

LA 1 OCTOBER 2024

 E ’ngoe ea liketsahalo tseo Lipaki Tsa Jehova li labalabelang ho e bona selemong sena ke ho lokolloa ha Karolo ea 1 ea Tšoantšiso ea Litaba Tsa Bophelo ba Jesu le Tšebeletso ea Hae. Ba limilione ba se ba bone video ena ’me ke karolo ea pele ho tse 18 tsa video ena. Ke lintho life tse entsoeng e le hore video ee e ka atleha ’me uena u entse’ng e le hore u ka tšehetsa mosebetsi oo?

Ho Hlokomela Batho ba Etsang Livideo Tsena

 Lekaleng la Australasia, moo boholo ba livideo tsena tsa Litaba Tsa Bophelo ba Jesu li etsetsoang teng, ho ba le batho ba ka bang 50 ho isa ho ba 80 letsatsi le letsatsi. a Batho bana ba fuoa lijo tsa motšehare, tsa mantsiboea le lijo tse bobebe. Bara ba bo rona ba nahana esale pele hore na ho tla jeoa lijo life. Morali’abo rona Esther ea sebetsang lefapheng la lijo o re: “Re reka lijo mabenkeleng a fapaneng e le hore re ka fumana lijo tsa boleng bo botle le ka chelete e tlase ’me re leka ho feto-fetola tsela eo re phehang ka eona e le hore batho ba se ke ba qhala lijo.” Letsatsi le letsatsi, re sebelisa Liranta tse 72 lijong bakeng sa motho a le mong.

 Bara le barali bana ba bo rona, ha ba hloke lijo feela empa ba boetse ba hloka ho sireletsoa. Ba sireletsoa ho eng? Ho na le matsatsi ao batho ba thabelang mahlaseli a letsatsi, empa ho boetse ho na le mahlaseli a letsatsi a kotsi ho bona. E le ho sireletsa bana ba bo rona mahlaseling a matla a letsatsi le hore ba se ke ba khathala, bara le barali ba bo rona ba sebetsang ka thata, ba hloma litente le ho etsa libaka tse pholileng. Ba boetse ba etsa hore lintho tse itlotsang le tse itšireletsang khahlanong le letsatsi, likhele le metsi li lule li le teng. Mora oa bo rona Kevin ea sebetsang Lefapheng la Molumo le Livideo o re: “Boholo ba bana ba bo rona ba re thusang ke ba etsang mosebetsi oa Bethele ka matsatsi. Ba etsa mosebetsi ona ba ikokobelitse ebile ba thabile. Re ne re ke ke ra khona ho finyella projeke ena ntle le thuso ea bona.”

Lifilimi Tse Etsetsoang Hole le Ofisi ea Lekala

 Likarolo tse ling ha li tsoe hantle ha li nkeloa ofising ea lekala sebakeng seo ho rekoteloang ho sona kapa studiong. Kahoo, lifilimi li rekoteloa hole le studio. Bara le barali ba bo rona ba etsang lifilimi ba ea libakeng tse ka thoko ha ho rekotoa filimi e hlahisang nakong ea ha Bibele e ne e ngoloa. Ba ea moo ho se nang motlakase, litsela tsa sekontiri le matlo a morao-rao. Ba tsamaea ba nkile liphahlo, mare a ikokotlelang le thepa eo ba tla e sebelisa sebakeng seo filimi e tl’o etsetsoa ho sona. Pele filimi e qala ho etsoa, bahokahanyi ba thusang ka mosebetsi ona ba etsa bonnete ba hore lijenereithara, metsi a nooang le matloana a teng. Bara le barali ba bo rona ba amohela batho ba etsang livideo malapeng a bona, lik’haraveneng kapa lihoteleng.

Ho rekotela lifilimi libakeng tse ka thoko ho na le mathata

 Ho etsa lifilimi sebakeng se joalo ho ka ba turu, ha nka nako e ngata ebile hoa khathatsa. Ke kahoo, ka 2023 Sehlopha se Busang se ileng sa fana ka tumello ea hore ho rekoe thepa e tl’o hlahisa livideo leboteng. Lebota lena le ka etsa eka o sebakeng se seng empa o ntse o le ka har’a studio. Thepa ena e ne e le Liranta tse limilione tse 44.7. Thepa ena e hlahisa livideo tse hlakileng ka ho fetisisa ’me e hlahisa le khanya e kang ea ka ntle. Sena se etsa hore litjeo tsa livideo tse nkeloang sebakeng se ka ntle li be tlase. Darren, eo e leng setho sa Komiti ea Lekala la Australasia, oa hlalosa: “Ho etsa filimi e nang le lebota la video ho fokotsa mokhathala oo batho ba nkang livideo ba bang le ona ’me ho ba fa monyetla oa hore ba ka pheta litšoantšo tse sa nkoang hantle. Mohlala, haeba ho ne ho nkoa livideo tsena ka ntle, re ne re tla ba le nako e nyenyane feela ea ho nka livideo tsena pele letsatsi le likela. Empa lebota lena la video le etsa hore re nke livideo tse hlahisang ha letsatsi le likela ka makhetlo a mangata ho fihlela re fumana video eo re e hlokang.”

Ho hlahlojoa hore na lebota le hlahisang livideo le sebetsa hantle pele ho rekotoa

“Ke ne ke sa Utloe eka ke Itetse”

 Batho ba etsang livideo tsena tsa Bophelo ba Jesu ba hlokoa ba le bangata. Ba ikutloa joang ka boiteko bohle bo etsoang e le hore ba hlokomeloe?

 Amber ea ileng a tsamaea lik’hilomithara tse fetang 700 ho tloha ha habo Melbourne ho kenya letsoho projekeng ena, o ile a re: “Hang ha ke fihla boema-fofane, bara ba bo rona ba Bethele ba ile ba ntlhokomela haholo. Basebeletsi ba bangata ba Bethele ba ile ba ’memela teeng ba bang lijong. Ha re ntse re sebetsa, e mong le e mong o ile a etsa hore ke ikutloe ke phutholohile ke bile ke ratoa. Ke ile ka fumana litlhohonolofatso tse ngata leetong lena. Ho hang ke ne ke sa utloe eka ke itetse!”

 Derek ea sebetsang le sehlopha se hlahisang livideo, o re: “Mafapha a mangata a ’nile a re tšehetsa ho tloha qalong feela. Ke thabela ho ba le bara le barali ba bo rona ba tetseng nako ea bona, matlotlo a bona le matla a bona bakeng sa morero ona. Baa re tšehetsa, ba na le sepheo ebile ba mosa. Kannete Jehova o ba hlohonolofalitse hammoho le rona. Ke kholisehile hore haa ameha feela ka hore na mosebetsi oa rona o tla tsoa o le joang empa o amehile le kamoo re o finyellang kateng.”

 Re leboha haholo ka tšehetso eo le fanang ka eona ka menehelo ea lona bakeng sa livideo tsena ho akarelletsa le menehelo e fanoeng ka donate.pr418.com.

a Ofisi ea lekala ea Australasia e hlokomela mosebetsi oo re o etsang linaheng tse ngata ho akarelletsa le Australia hammoho le libakeng tse Pacific e Boroa. Ofisi ea lekala e hauoe mathokong a Sydney Australia.