Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ka ho le letšehali: Leholiotsoana Ian le otlile Florida, USA, ka September 2022 (Sean Rayford/Getty Images); bohareng: ’Mè o baleha le mora oa hae Donetsk, Ukraine, ka July 2022 (Alex Chan Tsz Yuk/SOPA Images/LightRocket via Getty Images); ka ho le letona: Batho ba bangata ba hlahlobeloa COVID-19 Beijing, China, ka April 2022 (Kevin Frayer/Getty Images)

LULANG LE LEBETSE!

Selemo sa 2022 se Neng se Tletse Mathata—Bibele e Re’ng ka Sona?

Selemo sa 2022 se Neng se Tletse Mathata—Bibele e Re’ng ka Sona?

 Selemong sa 2022 ho bile le litlaleho tsa litaba tse bongata bo thibang letsatsi tse buang ka lintoa, mathata a lichelete le likoluoa tsa tlhaho. Ke Bibele feela e hlalosang hore na liketsahalo tsena li bolela’ng.

Liketsahalo tsa selemo sa 2022 li bolela’ng?

 Liketsahalo tsa selemo se fetileng ke bopaki bo eketsehileng ba hore re phela nakong eo Bibele e e bitsang ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Mehla eo e qalile ka 1914. Hlokomela hore na liketsahalo tsa morao-rao li lumellana hakae le seo Bibele e se buileng ka mehla ea rona:

 “Lintoa.”Matheu 24:6.

  •   “2022 e Bile Selemo Seo ka Sona Lintoa Tse Mahlo-mafubelu li Ileng Tsa Ipheta Europe.” a

 Bala sehlooho se reng “Russia e Hlasela Ukraine.”

 “Tlala.”Matheu 24:7.

  •   “Ka 2022 ho Bile le Tlala e E-s’o Bonoe.” b

 “Mafu a seoa.”Luka 21:11.

  •   “Lefu la polio le ile la khutla hape, monkeypox le eona ea ata ka sekhahla ha ka nako e tšoanang COVID-19 e tsoela pele ho baka mathata a mangata. Maemo ana a bontša ka ho hlaka hore na mafu a tšoaetsanoang a kotsi hakae le hore na batho ba tlokotsing e kae.” c

 “Lintho tse tšosang.”Luka 21:11.

  •   “Ho bile le mocheso o feteletseng, komello, mello ea tlhaho le likhohola. Lehlabula la 2022 le tla lula le hopoloa ka lebaka la maemo a leholimo a neng a feto-fetoha ka tsela e feteletseng. Maemo ao a leholimo a ile a baka tšenyo e tšabehang, a etsa hore batho ba likete-kete ba shoe a ba a etsa hore batho ba limilione lefatšeng lohle ba tlohe mahaeng a bona.” d

 “Merusu [kapa “meferefere,” nal.].”Luka 21:9.

  •   “Ka 2022 matšolo a boipelaetso a ile a eketseha ka tsela e makatsang hobane batho ba ne ba tuka ke bohale ka lebaka la mathata a lichelete, haholo-holo bothata ba ho nyoloha ha theko ea lintho.” e

Selemo sa 2023 se re tlela ka life?

 Ha re tsebe hore na selemo sa 2023 se re tšoaretse’ng. Empa ntho eo re e tsebang ke hore haufinyane ’Muso oa Molimo o leholimong o tl’o fetola lefatše. (Daniele 2:44) ’Muso oo o tl’o felisa lintho tsohle tse bakelang batho mathata le ho etsa bonnete ba hore thato ea Molimo ea etsoa lefatšeng.—Matheu 6:9, 10.

 Re u khothaletsa hore u mamele keletso ea Jesu ha a re re ‘lule re falimehile’ e le hore u bone hore na lintho tse etsahalang lefatšeng li phethahatsa boprofeta ba Bibele joang. (Mareka 13:37) Re kopa u bue le rona e le hore u ithute haholoanyane ka hore na Bibele e ka u thusa joang hona joale le hore na e ka thusa uena le lelapa la hao joang hore le be le tšepo ea hore le tla ba le bokamoso bo chabileng.

a AP News, “2022 Was Year the Horror of War Returned to Europe,” by Jill Lawless, December 8, 2022.

b World Food Programme, “A Global Food Crises.”

c JAMA Health Forum, “Living in an Age of Pandemics—From COVID-19 to Monkeypox, Polio, and Disease X,” by Lawrence O. Gostin, JD, September 22, 2022.

d Earth.Org, “What’s Behind the Record-Breaking Extreme Weather Events of Summer 2022?” by Martina Igini, October 24, 2022.

e Carnegie Endowment for International Peace, “Economic Anger Dominated Global Protests in 2022,” by Thomas Carothers and Benjamin Feldman, December 8, 2022.