LULANG LE LEBETSE!
U ka ba le Tšepo ka Selemo sa 2023—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?
Ha selemo sa 2023 se qala, re ba le tšepo ea hore lintho li tla re tsamaela hantle. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le tšepo ka bokamoso?
Bibele e fana ka tšepo
Bibele e re bolella hore mathata ao re tobanang le ’ona ke a nakoana le hore a tla fela haufinyane, tseo ke litaba tse monate. Bibele e ile ea “ngolloa ho re ruta e le hore re be le tšepo. Ha e le hantle, Mangolo ao aa re tšelisa.”—Baroma 15:4.
E le ho ithuta ka ho eketsehileng ka litšepiso tseo Bibele e buang ka tsona, bala sehlooho se reng “A Real Hope for a Better Tomorrow.”(Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Khanyang)
Ho ba le tšepo ho ka u thusa joang?
Tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka tšoana le “ankora” bophelong ba rona. (Baheberu 6:19) Tšepo ena e re thusa hore re eme re tiile. E ka boela ea re thusa hore re lule re thabile, re e-na le maikutlo a nepahetseng le ho mamella mathata ao re tobanang le ’ona. Ka mohlala:
Bona kamoo tšepo eo Bibele e fanang ka eona e thusitseng monna e mong ea bitsoang Dmitry eo e neng e le lekhoba la tahi. Shebella video e nang le sehlooho se reng Ke ile ka Tenoa ke Tsela eo ke Neng ke Phela ka Eona.
Bona kamoo tšepo eo Bibele e fanang ka eona e ka re thusang ka teng ha re hlokahalletsoe ke baratuoa ba rona. Shebella video e nang le sehlooho se reng Batho ba Hlokahalletsoeng ba ka Thusoa Ke’ng?
E-ba le tšepo
Batho ba bangata ba na le tšepo ea hore lintho tse ntle li tla etsahala empa ha ba kholiseha hore li tla phethahala. Re ka kholiseha hore litšepiso tse ka Bibeleng li tla phethahala. Hobane’ng? Hobane li tsoa ho Jehova Molimo a “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Ke Jehova feela ea nang le matla a ho phethahatsa seo a se tšepisitseng, o khona ho “etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a batlang ho e etsa.”—Pesaleme ea 135:5, 6.
Rua molemo tšepong e fanoang ke Bibele. Re ka ba le tšepo e tiileng ka hore re ‘hlahlobe Mangolo ka hloko.’ (Liketso 17:11) E le hore u ka ba le tšepo ena, ithute Bibele mahala le Lipaki Tsa Jehova. Qala selemo sa 2023 u e-na le maikutlo a nepahetseng ka bokamoso.
a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.