Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

mustafahacalaki/DigitalVision Vectors via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Na Artificial Intelligence e Molemo Kapa e Kotsi?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Na Artificial Intelligence e Molemo Kapa e Kotsi?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Haufinyane tjena baeta-pele ba lefatše, bo-rasaense le batho ba ntšetsang pele theknoloji ba buile lintho tse fapaneng ka lintho tseo artificial intelligence (AI) a e khonang ho li etsa. Baa lumela hore e na le melemo e itseng, leha ho le joalo ba tšoenyehile ka hore batho ba ka ’na ba e sebelisa hampe.

  •    “AI ke mofuta o mong oa theknoloji o matla ka ho fetisisa mehleng ena, o nang le bokhoni ba ho ntlafatsa bophelo ba batho. . . . Leha ho le joalo, AI e ka etsa hore batho ba ikutloe ba sa sireletseha, ea hatakela litokelo tsa mantlha tsa botho eaba ea kena-kenana le litaba tsa batho tsa lekunutu hape e ka etsa hore batho ba thatafalloe ke ho tšepa puso ea sechaba ka sechaba.”—Mantsoe ana a ile a buuoa ke motlatsi oa mopresidente oa Amerika Kamala Harris ka la 4 May 2023.

  •    Sehloohong se seng se hatisitsoeng ka la 9 May 2023 ke BMJ Global Health, b sehlopha sa lingaka tse tsoang linaheng tse fapaneng hammoho le litsebi tsa tsa bophelo tse neng li etelloa pele ke Dr. Frederik Federspiel, li ile tsa re: “Le hoja artificial intelligence (AI) e ka ntlafatsa bophelo ba batho ka litsela tse ling tse itseng, e ka boetse ea ba lematsa ’meleng le maikutlong ka litsela tse ling.”

  •    Koranta ea The New York Times ea la 1 May 2023 e ile ea re: “Batho ba se ba ka sebelisa AI ho hasa litaba tsa leshano. Haufinyane e ka ’na ea nkela batho mesebetsi. Batho ba bang ba sebetsang ka theknoloji ba tšoha hore ha nako e ntse e e-ea, AI e ka ’na ea ba kotsi.”

 Ha nako e ntse e e-ea, ho tla bonahala hore na batho ba tla sebelisa AI molemong oa batho kapa ho ba ntša kotsi. Bibele e re’ng ka taba ee?

Ke hobane’ng ha liketso tsa batho li etsa hore re ikutloe re sa sireletseha?

 Bibele ea bontša hore na ke hobane’ng ha batho ba ke ke ba kholiseha hore lintlafatso tsa theknoloji li tla sebelisetsoa ho etsa lintho tse molemo kapa che.

  1.  1. Le hoja batho ba e-na le merero e metle ka lintho tseo ba li etsang, ba ka ’na ba se ke ba lemoha hore lintho tseo li ka ba le liphello tse mpe.

    •    “Ho na le tsela e bonahalang eka e lokile ho motho empa qetellong e lebisa lefung.”—Liproverbia 14:12.

  2.  2. Motho a ke ke a tseba hore na batho ba tla sebelisa lintho tseo a li entseng hantle kapa hampe.

    •    “Ke tlameha ho siela motho e mong [mosebetsi oa ka]. Hape ke mang ea tsebang hore na motho eo o tla ba bohlale kapa e be leoatla? Ho ntse ho le joalo, o tla laola lintho tsohle tsa ka tseo ke li sebelelitseng ka thata le ka bohlale ba ka hore ke li fumane lefatšeng.”—Moeklesia 2:18, 19.

 Mabaka ana aa bontša hore na ke hobane’ng ha re hloka ho tataisoa ke ’Mopi oa rona.

Re ka tšepa mang?

 ’Mopi oa rona o re tšepisa hore a ke ke a lumella batho kapa theknoloji e entsoeng ke motho ho felisa lefatše kapa batho.

  •    “Lefatše le lula le le teng ho ea ho ile.”—Moeklesia 1:4.

  •    “Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 37:29.

 ’Mopi oa rona o sebelisa Bibele ho re tataisa e le hore nakong e tlang re ka phela ka khotso re sireletsehile. Haeba u batla ho ithuta lintlha tse ling tseo Bibele e li buang mabapi le taba ena, bala lihlooho tse re’ng “Ke Hokae Moo u ka Fumanang Tataiso eo u ka e Tšepang e Tla u Thusa Hore u Phele Hamonate?” le “A Real Hope for a Better Tomorrow (Bibele e re Tšepisa Bokamoso bo Khanyang).”

a “Artificial intelligence,” kapa “AI,” ke mofuta oa theknoloji o laoloang ka k’homphieutha o etselitsoeng hore o etsise tsela eo batho ba nahanang le ho etsa lintho ka eona.

b Ho tsoa sehloohong se hatisitsoeng ke Frederik Federspiel, Ruth Mitchell, Asha Asokan, Carlos Umana le David McCoy se re’ng: “Threats by Artificial Intelligence to Human Health and Human Existence.”