Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Yan Zabolotnyi/stock.adobe.com

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka ho Ata ha Tlolo ea Molao Lefatšeng Lohle?

Bibele e Re’ng ka ho Ata ha Tlolo ea Molao Lefatšeng Lohle?

 Botlokotsebe bo bakoang ke likenke bo atile haholo Haiti. Tlolo ea molao e baka masisa-pelo linaheng tse kang Afrika Boroa, Mexico le linaha tse ling tsa Latin America. Hangata batho ba lulang linaheng tse se nang botlokotsebe bo bongata ba ikutloa ba sa sireletseha ba bile ba tšoenyehile hobane ba lula ba utloa ka tlolo ea molao e kang bosholu, ho senyetsa batho ba bang le ho chesa thepa ea bona.

 Bibele e re’ng ka tlolo ea molao e etsahalang lefatšeng lohle?

Seo Bibele e ileng ea se bolela esale pele ka tlolo ea molao

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore tlolo ea molao ke e ’ngoe ea matšoao a bontšang hore ‘lefatše lena lea fela.’ (Matheu 24:3) Ha Jesu a hlalosa liketsahalo tse bontšang hore lefatše lena lea fela o ile a re:

  •    “Batho ba bangata ha ba sa tla ratana ka lebaka la ho ata ha tlolo ea molao.”—Matheu 24:12.

 Bibele e ile ea bolela hore “mehleng ea bofelo” batho e tla ba “ba sa ithibeng, ba bohale bo tšosang le ba hloileng lintho tse ntle.” (2 Timothea 3:1-5) Boitšoaro boo bo etsa hore ho be le tlolo ea molao eo re e bonang mehleng ena.

 Re na le mabaka a utloahalang a ho ba le tšepo. Bibele e tšepisa hore haufinyane tlolo ea molao e tla fela.

  •   “Ho setse nakoana e seng kae ’me batho ba khopo ha ba sa tla hlola ba e-ba teng. U tla sheba moo ba neng ba le teng, empa ba tla be ba le sieo. Leha ho le joalo, lefatše e tla ba lefa la ba bonolo. Ba tla thaba haholo hobane ho tla be ho rena khotso.”—Pesaleme ea 37:10, 11.

 Ithute ho eketsehileng ka molaetsa oa Bibele o fanang ka tšepo le hore na ke’ng e ka u kholisang hore liketsahalo tse etsahalang mehleng ena li phethahatsa boprofeta ba Bibele. Bala lihlooho tse latelang.

 Tšepo Bakeng sa Bokamoso bo Thabisang

 Re Tl’o Bona Ka’ng Hore ke ‘Mehla ea Bofelo’?

 Na Bibele e Ile ea Bolela Esale Pele ka Tsela eo Batho ba Nahanang le ho Itšoara ka Eona Mehleng ee?