Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

E+/taseffski/via Getty Images (Stock photo. Posed by model.)

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Tsela e Tšosang eo Bacha ba Imetsoeng Kelellong ka Eona?

Bibele e Re’ng ka Tsela e Tšosang eo Bacha ba Imetsoeng Kelellong ka Eona?

 Ka Mantaha oa la 13 February 2023, mokhatlo oa Centers for Disease Control and Prevention (CDC) o ile oa lokolla tlaleho ea lipalo-palo tsa bacha ba Amerika ba imetsoeng kelellong. Tlaleho eo e ile ea bontša hore hoo ekabang halofo ea bana ba likolong tse phahameng ba lula ba hloname ’me ba se na tšepo.

 Dr. Kathleen Ethier, motsamaisi oa CDC’s Division of Adolescent and School Health (DASH) o ile a re: “Le hoja lilemong tse leshome tse fetileng lipalo tsa bacha ba imetsoeng kelellong li ile tsa eketseha haholo empa mehleng ena banana ba bangata ke bona ba anngoeng ke taba ena ho feta leha ele neng pele. Ba bangata ba nahana ho ipolaea, ba bang ba rera ho etsa joalo ’me ba bang ba hle ba leke ho ipolaea.”

 Tlaleho eo e ile ea boela ea re:

  •   Ho banana ba leshome a le mong kapa ba babeli ba ile ba qobelloa ho etsa thobalano ba sa batle. Dr. Ethier o ile a re: “Hoa tšosa ho tseba hore ho banana ba leshome a le mong ho bona kapa ho feta o kile a hlekefetsoa ka thobalano.”

  •   Hoo e ka bang ngoanana a le mong ho ba bararo o batla ho ipolaea.

  •   Hoo e ka bang banana ba bararo ho ba bahlano ba lula ba hloname kapa ba se na tšepo.

 Litlaleho tsena li utloisa bohloko haholo hobane bocha ke nako e monate bophelong eo u lokelang ho e thabela. Ke eng e ka thusang bacha ho sebetsana le stress? Bibele eona e re’ng ka taba ee?

Bibele e fa bacha likeletso tse ka ba thusang

 Bibele e hlalosa nako eo re phelang ho eona hantle ha e re: “bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi.” (2 Timothea 3:1-5) Le ha ho le joalo, Bibele e fana ka keletso e sa felloeng ke nako e thusang bacha ba limilione lefatšeng lohle ho sebetsana le mathata a bona ka katleho. Nahana ka lihlooho tse latelang tse thehiloeng Bibeleng.

 Se ka thusang bacha ba nang le maikutlo a ho ipolaea

 Se ka thusang bacha ba nang le khatello ea maikutlo, ba hlonameng kapa ba nang le maikutlo a kotsi

 Se ka thusang bacha ba hlorisoang ke bana ba bang kapa ba hlorisoang inthaneteng

 Se ka thusang bacha ba hlekefetsoang ka thobalano

Bibele e fa batsoali likeletso tse ka ba thusang

 Bibele e boetse e fa batsoali likeletso tseo ba ka li sebelisang ha ba thusa bana ba bona ho sebetsana le mathata a ba hlahelang. Sheba lihlooho tse latelang tse thehiloeng Bibeleng.