Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

id-work/​DigitalVision Vectors via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?​—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Ke Hobane’ng ha Batho ba Hloeane Hakaale?​—⁠Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Litabeng ho tletse litlaleho tsa batho ba buang lipuo tse nang le lehloeo, ba etsang liketso tse tletseng lehloeo ebile ba hlasela batho ba bang ka lebaka la morabe oa bona.

  •   Ka la 15 November, 2023, koranta ea The New York Times e ile ea re: “Ka lebaka la batho ba hlohlelletsang lehloeo le ntoa e pakeng tsa Iseraele le Gaza, lipuo tse tletseng lehloeo li eketsehile mecheng ea puisano.”

  •   Ka la 3 November, 2023, mopresidente oa Seboka se Akaretsang sa Machaba a Kopaneng e leng Dennis Francis, o ile a re: “Ho tloha ka li 7 tsa October, lefatšeng ho bile le keketseho e tšosang ea lehloeo, lipuo le liketso tse tletseng lehloeo.”​

 Ntoa le lipuo tse tletseng lehloeo ha se lintho tse ncha. Ha e le hantle, Bibele e bua ka batho bao nakong e fetileng ba neng ba “leotsa maleme a bona joaloka sabole” le ba neng ba khothalletsa ntoa. (Pesaleme ea 64:3; 120:7; 140:1) Leha ho le joalo, Bibele ea hlalosa hore na ke hobane’ng ha ho tletse lehloeo lefatšeng kajeno.

Lehloeo​—Letšoao la mehla ea rona

 Bibele e fana ka mabaka a mabeli a bontšang na hobane’ng ha lehloeo le tloaelehile mehleng ena.

  1.  1. E ile ea bolela esale pele hore “batho ba bangata ha ba sa tla ratana.” (Matheu 24:12) Batho ba ne ba tla bontša mekhoa e nang le lehloeo ho e-na le hore ba ratane.​—2 Timothea 3:1-5

  2.  2. Lehloeo le matla le teng kajeno le bontša tšusumetso e khopo ea Satane Diabolose. Bibele e re “lefatše lohle le busoa ke Satane.”​—1 Johanne 5:19; Tšenolo 12:9, 12.

 Leha ho le joalo, Bibele e bontša hore Molimo o tla felisa sesosa sa lehloeo. Ho feta moo, o tla felisa bohloko bohle bo bakiloeng ke lehloeo. Bibele e tšepisa hore:

  •   Molimo “o tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”​—Tšenolo 21:4