Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Comstock Images/Stockbyte via Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Bo-ralipolotiki ba sa Tšepahaleng?

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng ka Bo-ralipolotiki ba sa Tšepahaleng?

 Batho ba khathetse ke ho busoa ke batho ba sa tšepahaleng ’me ba batla ho busoa ke batho bao ba ka ba tšepang. Phuputso e ’ngoe e ileng ea etsoa linaheng tse ngata eaba e lokolloa ka 2023, e bontša hore batho ba sa tšeptjoeng ka ho fetisisa ke baeta-pele ba lipolotiki. a

 Bibele e re ho na le ’muso o nang le Moeta-pele ea tšepahalang eo ho seng mohla a ka etsang bolotsana kapa bobolu. ’Muso oo ke ’Muso oa Molimo ’me Moeta-pele oa ona ke Jesu Kreste.—Esaia 9:7.

 Jesu o bontšitse ka litsela tse ngata hore o tsotella batho e le kannete. (Matheu 9:35, 36) Joaloka Morena oa ’Muso oa Molimo, haufinyane o tla tlisetsa bohle ba amohelang bobusi ba hae toka le khotso.—Pesaleme ea 72:12-14.

a 2023 Edelman Trust Barometer Global Report.