Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?

Bibele e Re’ng ka Bothata ba ho Haelloa ke Metsi a Hloekileng Lefatšeng Lohle?

 Kaofela ha rona re hloka metsi a hloekileng e le hore re phele. Mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng António Guterres o re: “Ho thata ho fumana metsi a hloekileng hobane palo ea batho ba hlokang metsi e ntse e eketseha lefatšeng lohle.” Batho ba libilione lefatšeng lohle ba se ba ntse ba thatafalloa ke ho fumana metsi a hloekileng ao ba ka a noang.

Strdel/AFP via Getty Images

 Na ho sa tla ke ho be le metsi a lekaneng bakeng sa batho bohle lefatšeng? Kapa na re tla lula re haelloa ke metsi a hloekileng? Bibele e re’ng ka taba ee?

Bibele e re tšepisa hore re tla lula re e-na le metsi

 Bibele e re ha ho sa tla hlola ho e-ba le khaello ea metsi. Ha e le hantle, metsi a hloekileng a tla ba mangata.

 “Metsi a tla kolla lefeelleng le melapo e phalle lehoatateng. Sebaka se chesitsoeng ke letsatsi e tla ba letamo le nang le lehlaka, mobu o nyoriloeng e be liliba tsa metsi.”—Esaia 35:6, 7.

 Ke hobane’ng ha re ka lumela seo Bibele e se tšepisang? Hlokomela seo Bibele e se buang ka tsela eo lefatše le entsoeng ka eona.

Bibele e re’ng ka lefatše le ka potoloho ea metsi?

 ‘Molimo ha a bopela lefatše lefeela empa o le etselitse hore batho ba lule ho lona.’—Esaia 45:18.

 Kaha Molimo o entse hore ho be le bophelo lefatšeng, o le entse ka tsela ea hore le be le mehloli ea tlhaho e tla etsa hore metsi a mangata a hloekileng a lule a le teng.

 “[Molimo] o hulela marotholi a metsi holimo ebe marotholi ao a fetoha maru. Ka mor’a moo, pula ea na. E nesetsoa batho.”—Jobo 36:27, 28.

 Ka mantsoe a bonolo, Molimo o entse lefatše hore le be le mehloli ea tlhaho ea potoloho ea metsi, e le hore metsi a hloekileng a se ke a fela. Mouoane o nyoloha ho tsoa lefatšeng le leoatleng, ha o fihla holimo o fetoha maru ebe pula ea na, e le hore liphoofolo le batho ba ka lula ba fumana metsi a hloekileng.—Moeklesia 1:7; Amose 5:8.

 “Ke tla le nesetsa pula ka nako ea eona ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona le lifate tsa naha li fane ka litholoana tsa tsona.”—Levitike 26:4.

 Molimo o ile a tšepisa Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba iphelisa ka temo hore o tla ba hlohonolofatsa ka ho lula a ba fa metsi e le hore ba be le lijalo tse atlehileng. Oa tseba hore ho hlokahala pula ka nako e nepahetseng e le hore lijalo li ka hola hantle.

 Seo Molimo a ileng a se etsetsa Baiseraele ba boholo-holo, haufinyane o tla se etsetsa lefatše kaofela. (Esaia 30:23) Empa hona joale, khaello ea metsi e ntse e tsoela pele ho eketseha likarolong tse ngata tsa lefatše ’me taba ea hore pula ha e ne hantle, ke bo bong ba bothata boo re tobaneng le bona. Bibele e re tharollo ke efe bothateng boo ba metsi?

Bothata ba khaello ea metsi bo tla fela joang?

 Bibele e re ’Muso oa Molimo o tla felisa mathata a polanete ea rona, ho akarelletsa le khaello ea metsi. (Matheu 6:9, 10) ’Muso oa Molimo ke puso e leholimong e tl’o busa lefatšeng. (Daniele 2:44; Tšenolo 11:15) Ho feta moo, ’Muso oa Molimo o tl’o etsa lintho tseo mebuso ea batho e ke keng ea khona ho li etsa, o tl’o felisa sesosa sa mathata a metsi.

 Bothata: Ho feto-fetoha ha boemo ba leholimo ke e ’ngoe ea lintho tse etsang hore ho qetelle ho e-ba le komello, likhohola, meroallo le mathata a mang.

 Tharollo: ’Muso oa Molimo o tla lokisa lefatše. Molimo o re: “Bona, ke etsa hore lintho tsohle li be ncha.” (Tšenolo 21:5) Metsi a tla ba mangata lehoatateng le limela li atlehe moo. (Esaia 41:17-20) ’Muso oa Molimo, oo Morena oa ona e leng Jesu Kreste, o tla laola matla a lefatše a tlhaho.

 Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore Molimo o mo file matla ka hore a kokobetse sefefo se tšosang. (Mareka 4:39, 41) Ha Kreste a se a busa lefatšeng e le Morena oa ’Muso oa Molimo, likoluoa tsa tlhaho ha li sa tla hlola li e-ba teng. Batho ba tla phela ka khotso ba sireletsehile, ba sa tšoha hore ho tla ba le likoluoa tsa mofuta leha e le ofe.

 Bothata: Batho ba sa tsotelleng le bo-rakhoebo ba meharo ba silafatsa liliba, linoka le libaka tseo ho bolokoang metsi ho tsona. Sena se baka hore ho se ke ha e-ba le metsi a mangata a hloekileng.

 Tharollo: Molimo o tla hloekisa lefatše ’me a lokise linoka, matamo, maoatle le mobu. Lefatše e tla ba paradeise. Bibele ha e bua ka nako eo e re: “Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.”—Esaia 35:1.

 Ho tla etsahala’ng ka batho ba sa tsotelleng tikoloho le batho ba bang? Molimo o tšepisa hore ‘o tla felisa bohle ba senyang lefatše.’—Tšenolo 11:18; Liproverbia 2:21, 22.

 Bothata: Batho ba sebelisa metsi hampe ’me phepelo ea ’ona ea fokotseha.

 Tharollo: ’Muso oa Molimo o tla etsa hore thato ea hae e etsahale lefatšeng. (Matheu 6:9, 10) Esaia 11:9 a e re: “Hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova.” Kaha re rata Molimo le popo ea hae, lintho tseo re tl’o ithuta tsona li tl’o re thusa hore re khone ho hlokomela lefatše le lintho tsohle tse ntle tse ho lona.

  •    E le hore u ithute haholoanyane ka hore ’Muso oa Molimo o tl’o etsa’ng, bala sehlooho se reng: “’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

  •    Bala lengolo la Esaia, khaolo ea 35, e le hore u bone hore lefatše le tla fetoha paradeise joang.

  •    Shebella video e nang le sehlooho se reng Ke Hobane’ng ha Molimo a Bopile Lefatše? e le hore u ithute ka morero oa Molimo ka lefatše le batho.

a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Bala sehlooho se reng: “Jehova ke Mang?