Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Batho ba Limilione Tse Tšeletseng ba Bolailoe ke Seoa sa COVID-19​—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Batho ba Limilione Tse Tšeletseng ba Bolailoe ke Seoa sa COVID-19​—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo e leng WHO o ile oa re ho tloha ka la 23 May 2022, batho ba limilione tse 6.27 ba bolailoe ke seoa sa COVID-19. Leha ho le joalo ka la 5 May 2022, mokhatlo oa WHO o ile oa hakanya hore palo ea batho ba hlokahetseng e ngata ho feta eo. O ile oa re ho tloha ka 2020 ho ea ho 2021, “batho ba ileng ba bolaoa ke seoa sa COVID-19 kapa maloetse a mang a amanang le sona . . . ke ba ka bang limilione tse 14.9.” Bibele e re’ng ka litaba tse utloisang bohloko hakaale?

Bibele e ile ea bolela hore ho tla ba le mafu a seoa

  •    Jesu o ile a re “matsatsing a ho qetela” ho tla ba le mafu a seoa.​—Luka 21:​11, Contemporary English Version; 2 Timothea 3:1.

 Seo Jesu a ileng a se bua sea phethahala. Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se reng, “Re Tl’o Bona Ka’ng Hore re ‘Matsatsing a ho Qetela,’ kapa ‘Bofelong ba Lintho’?” (“What Is the Sign of ‘the Last Days,’ or ‘End Times’?”)

Bibele ea re tšelisa

 Batho ba bangata ba ileng ba hlokahalloa ke baratuoa ba bona ba ile ba tšelisoa ke Bibele. Ho fumana lintlha tse ling bala sehlooho se reng, “U ka Etsa’ng ha U Siame?​—Lintho Tseo U ka li Etsang Hona Joale” le se reng, “Matšeliso a Molemo ho Batho ba Siameng.”

Bibele ea re bolella hore na ke’ng e ka lokisang lintho

  •    “’Muso oa hao o ke o tle. Thato ea hao e ke e etsahale lefatšeng, joalokaha e etsahala leholimong.”​—Matheu 6:10.

 Haufinyane ‘’Muso oa Molimo’ o tla etsa bonnete ba hore “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Mareka 1:​14, 15; Esaia 33:​24) Shebella video e reng Muso oa Molimo ke Eng? e le hore u ithute ka ’Muso ona o leholimong le ho tseba hore na o tla etsa’ng.

 Re u mema hore u ithute haholoanyane ka seo Bibele e se rutang e le hore uena le lelapa la hao le ka fumana molemo likeletsong tsa eona tse bohlale le litšepisong tsa eona tse thabisang.