Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho Lefatšeng Lohle?

Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho Lefatšeng Lohle?

 Tlalehong ea June 2022, mopresidente oa World Bank Group o ile a re, “Moruo oa lefatše o kotsing hape. Theko ea lintho le ea litšebeletso e phahama ka sekhahla ha ka nako e tšoanang batho ba se na chelete e lekaneng.”

 International Monetary Fund e re: “Theko ea peterole le lijo e phahame ka sekhahla ’me sena se amme haholo batho ba lulang linaheng tse futsanehileng.”

 Bibele e re thusa ho tseba hore na ke hobane’ng ha re kopana le mathata a moruo, re ka sebetsana le ’ona joang le hore na ho na le tšepo ea hore mathata ana a tla fela ka ho feletseng.

Ho phahama ha theko ea lintho “matsatsing a ho qetela”

  •   Bibele e hlalosa matsatsi ao re phelang ho ’ona e le ‘matsatsi a ho qetela.’​—2 Timothea 3:1.

  •   Jesu o ile a re “lipono tse tšabehang” kapa liketsahalo tse tšosang li ne li tla etsahala matsatsing a ho qetela. (Luka 21:​11) Batho baa tšoha ha theko ea lintho e phahama ka sekhahla. Ba tšoenyeha ka hore na ho tla etsahala’ng ka bona nakong e tlang le hore na ba tla khona ho hlokomela ba malapa a bona.

  •   Buka ea Tšenolo e ile ea hla ea bolela esale pele hore theko ea lijo e tla nyoloha nakong ena eo re phelang ho eona. “Ka utloa lentsoe . . . le re: ‘Lithara ea koro ka denari, le lilithara tse tharo tsa harese ka denari.’”​—Tšenolo 6:6.

 Ho fumana lintlha tse ling ka ‘matsatsi a ho qetela’ le ka boprofeta bo hlahang bukeng ea Tšenolo, shebella video ea Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha u be u bale sehlooho se reng, “Bapalami Ba Bane ba Lipere​—Ke Bo-mang?

Tharollo ea mathata a moruo

  •   “Ka sebele ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona; ka sebele ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha ’me e mong a lule teng; ba ke ke ba lema ’me e mong a je.”​—Esaia 65:​21, 22.

  •   “Ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng; ho tla ba le nala holim’a litlhōrō tsa lithaba.”​—Pesaleme ea 72:16.

  •   “‘Ka lebaka la ho tlatlapuoa ha ba hlorileng, ka lebaka la ho feheloa ha mafutsana, lekhetlong lena ke tla tsoha,’ ho bolela Jehova.”​—Pesaleme ea 12:5. a

 Haufinyane Molimo o tl’o felisa mathata a moruo lefatšeng lohle. E le hore u bone hore na see se tla etsahala joang, bala sehlooho se reng, “Is a Fair Economic System Possible?” (“Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?”)

 Le kajeno, Bibele e ka u thusa ho sebetsana le ho phahama ha theko ea lintho. Joang? E na le likeletso tse ka u thusang ho sebelisa chelete hantle. (Liproverbia 23:​4, 5; Moeklesia 7:​12) Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se reng “Boloka Chelete ea Hao le Lintho Tsohle Tseo U Nang le Tsona” le se reng “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?

a Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:18.