Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

sinceLF/E+ via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Ke Mang ea Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ea Ntoa?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Ke Mang ea Tla Sireletsa Batho ba se Nang Molato Nakong ea Ntoa?—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Tlaleho ea litaba ea Machaba a Kopaneng e re:

  •   Ho tloha ka la 7 ho ea ho la 23 October 2023, lintoa tse bileng teng pakeng tsa Gaza le Iseraele li bolaile batho ba fetang 6 400 ’me ho lemetse batho ba ka bang 15 200, boholo ba bona ke batho ba se nang molato. Batho ba likete tse makholo ba ile ba qobelloa ho tloha moo ba lulang.

  •   Ho tloha ka la 24 September 2023, ntoa e pakeng tsa Russia le Ukraine e entse hore ho shoe batho ba se nang molato ba ka bang 9 701 ’me baahi ba Ukraine ba ka bang 17 748 ba lemetse.

 Bibele e fana ka tšepo efe bakeng sa batho ba utloisoang bohloko ke ntoa?

Lebaka la ho ba le tšepo

 Bibele e ile ea bolela hore Molimo o tla “felisa lintoa lefatšeng lohle” (Pesaleme ea 46:9) O tla sebelisa ’muso oa leholimo ho felisa mebuso eohle ea lefatše. (Daniele 2:44) ’Muso oa Molimo o tla pholosa batho.

 Bona hore na Jesu Kreste, Morena oa ’Muso oa Molimo o tla etsang:

  •   O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso. Le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. O tla qenehela ba maemong a tlase le ba futsanehileng. Ebile o tla pholosa bafutsana. O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang. Mali a bona e tla ba a bohlokoa mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.

 ’Muso oa Molimo o tla felisa mahlomola le ho utloa bohloko ka lebaka la lintoa.

  •   “O tla hlakola meokho eohle ea bona. Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tse neng li etsahala pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

 Haufinyane ’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše le be maemong a loketseng bakeng sa batho. Bibele e ile ea bolela esale pele ka “lintoa le litlaleho tsa lintoa” tseo re li bonang li etsahala mehleng ena. (Matheu 24:6) Liketsahalo tsena le tse ling li bontša hore re phela mehleng ea ho qetela pusong ea batho.—2 Timothea 3:1