Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Ntoa ea Ukraine e Etsa Hore Khaello ea Lijo e Mpefale Lefatšeng Lohle

Ntoa ea Ukraine e Etsa Hore Khaello ea Lijo e Mpefale Lefatšeng Lohle

 Ka la 19 May 2022, batho ba ka holimo ho 75 ba phahameng pusong ba ile ba tlalehela Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng hore “khaello ea lijo e bakiloeng ke COVID-19 le ho feto-fetoha ha maemo a leholimo, e ntse e mpefala lefatšeng ka bophara ka lebaka la ntoa ea Ukraine hoo ho nang le monyetla oa tlala e kholo libakeng tse ling.” Hang ka mor’a moo, makasine oa The Economist o ile oa re: “Ka lebaka la ntoa ho tl’o ba le batho ba bangata ba lapang lefatšeng lena le se ntse le e-na le mathata a mangata.” Bibele e ile ea hla ea bolela esale pele hore ho tla ba le khaello ea lijo mehleng ena. Leha ho le joalo, e re thusa hore re sebetsane le mathata ao.

Bibele e ile ea profeta ka khaello ea lijo

  •    Jesu o ile a profeta a re: “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla, ’me ho tla ba le likhaello tsa lijo.”​—Matheu 24:7.

  •    Buka ea Tšenolo e bua ka bapalami ba bane ba lipere. E mong oa bapalami bao o tšoantšetsa ntoa. O lateloa ke mopalami e mong ea tšoantšetsang tlala ’me nakong eo, ho tla ba thata ho fumana lijo le theko ea tsona e tla phahama haholo. “Ka bona pere e ntšo, ea lutseng holim’a eona o ne a tšoere sekala letsohong. Ka utloa hoo ekang ke lentsoe . . . Le re, ‘Lithara ea koro e tla lekana le moputso oa letsatsi lohle! Lilithara tse tharo tsa harese le tsona li tla lekana le moputso oa letsatsi.’”—Tšenolo 6:​5, 6, Contemporary English Version.

 Boprofeta boo ba Bibele bo buang ka khaello ea lijo boa phethahala mehleng ena eleng nakong eo Bibele e reng ke “matsatsing a ho qetela.” (2 Timothea 3:​12) Ho ithuta haholoanyane ka ‘matsatsi a ho qetela’ le bapalami ba bane ba lipere ba hlahang lengolong la Tšenolo, shebella video ea Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha u be u bale sehlooho se reng “Bapalami Ba Bane ba Lipere​—Ke Bo-mang?

Bibele e ka re thusa joang?

  •    Bibele e na le keletso e ka re thusang hore na ke joang re ka mamellang mathata a akarelletsang ho phahama ha theko ea lijo kapa khaello ea lijo. Sheba mehlala ea taba ena sehloohong se reng “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?

  •    Bibele e boetse ea re tšepisa hore maemo a tla fetoha. E re tšepisa hore ho na le nako eo ka eona “ho tla ba le lijo-thollo tse ngata lefatšeng” ’me motho e mong le e mong o tla ba le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 72:​16) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na Bibele e re’ng ka tšepo ea bokamoso le hore na ke hobane’ng ha u ka e tšepa, bala sehlooho se reng “Tšepo ea Sebele Bakeng sa Bokamoso” (A Real Hope for a Better Tomorrow.)