Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Photo by Zhai Yujia/China News Service/VCG via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Likhohola Tse Bakang Tšenyo?

Bibele e Re’ng ka Likhohola Tse Bakang Tšenyo?

 Litlaleho tsa litaba tse latelang lia bontša hore lefatšeng lohle batho ba bangata ba hlaheloa ke likhohola tse bakang tšenyo:

  •   Ka la 2 August 2023, AP News, e ile ea tlaleha ea re: “China ho bile le pula e ngata haholo lipakeng tsa Moqebelo le Laboraro, eo esale ba e qetela lilemong tse ka bang 140 tse fetileng.”

  •   Ka la 3 August 2023, tlaleho ea litaba ea Jeremane, Deutsche Welle e ile ea re: “Labone e ne e le letsatsi la bobeli leholiotsoana le bitsoang Khanun le bakile lipula tse matla tse nang ka moea o mongata Japane e boroa ’me batho ba babeli ba hlokahetse. . . . Pula e nele haholo.”

  •   Ka la 24 July 2023, BBC News e ile ea tlaleha ea re: “Likhohola tse ileng tsa e-ba Nova Scotia mafelo-beke, li bakiloe ke lipula tse matla tse ileng tsa na lebopong la leoatle la Atlantic Canada. Pula e joalo e qetetsoe lilemong tse ka bang tse 50 tse fetileng.”

 Bibele e re’ng ka liketsahalo tse tšoanang le tsee?

“Mehleng ea bofelo” ho tla etsahalang?

 Bibele e bontša hore re phela “mehleng ea bofelo.” (2 Timothea 3:1) Jesu o ile a profeta hore mehleng ena re tla bona “lintho tse tšosang.” (Luka 21:11) Maemo a feto-fetohang a leholimo ke ona a ka sehloohong a bakang liketsahalo tsena tse tšosang le tse sa lebelloang ka sekhahla.

Bibele e fana ka tšepo

 Bibele e re bontša hore lintho tse ngata tse tšosang tse etsahalang lefatšeng kajeno ha e le hantle li re fa tšepo. Hobane’ng? Jesu o ile a re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:31; Matheu 24:3.

 Liketsahalo tsena li bontša hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla lokisa lefatše le be maemong a bolokehileng le a laolehileng.—Jobo 36:27, 28; Pesaleme ea 107:29.

 Ho ithuta ho eketsehileng ka hore na ’Muso oa Molimo o tla lokisa lefatše joang, bala sehlooho se re’ng: “Who Will Save the Earth?