Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Pawel Gluza/500Px Plus/Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Liphoofolo Tse Hlaha Tse Fokotsehileng ka 73% ha li Bapisoa le Tsa Lilemo Tse 50 Tse Fetileng?

Bibele e Re’ng ka Liphoofolo Tse Hlaha Tse Fokotsehileng ka 73% ha li Bapisoa le Tsa Lilemo Tse 50 Tse Fetileng?

 Ka la 9 October 2024, Letlole la Lefatše la Liphoofolo le Limela Tsa Naha le ile la fana ka tlaleho e tšoenyang ea kamoo lintho tseo batho ba li etsang li senyang lintho tsa tlhaho kateng. E ile ea bontša hore “lilemong tse 50 tse fetileng (1970-2020), palo ea liphoofolo tse hlaha e ile ea fokotseha ka 73%.” Tlaleho eo e ile ea lemosa hore: “E tla be e se ho feteletsa litaba hore lintho tse tla etsahala lilemong tse hlano tse tlang li tla bontša hantle hore na bokamoso ba liphoofolo tsena na ke bofe.”

 Ke ho utloahalang hore batho ba bangata ba utloisoe bohloko ke litlaleho tse kang tsena. Re rata polanete ea rona e ntle ’me ha re rate ho bona liphoofolo tse hlaha li utloa bohloko. Re ikutloa ka tsela ena hobane Molimo o ne a re bopetse hore re hlokomele liphoofolo.—Genese 1:27, 28; Liproverbia 12:10.

 U ka ’na oa ipotsa, ‘Na re tla khona ho sireletsa liphoofolo tse hlaha tse teng lefatšeng? Bibele e re’ng?’

Tšepo bakeng sa bokamoso

 Ho sa tsotellehe boiteko bo matla boo re bo etsang ho hlokomela liphoofolo, ke Molimo feela ea ka khonang ho li sireletsa e le kannete. Bibele e ile ea bolela esale pele ho Tšenolo 11:18, hore Molimo o tla ‘felisa ba senyang lefatše.’ Temana ena e re ruta lintho tse peli:

  1.  1. Molimo a ke ke a lumella batho hore ba senye lefatše ka ho felletseng.

  2.  2. Molimo o tla nka khato haufinyane. Re tseba seo joang? Hona joale batho ba leka ho felisa liphoofolo ho feta leha e le neng pele.

 Molimo o tla etsa’ng ho lokisa bothata boo? O tla sebelisa ’Muso oa hae o tla busa o le leholimong ’me o buse holim’a lefatše lohle. (Matheu 6:10) Puso eo e tla ruta le ho koetlisa batho bohle ba mamelang Molimo hore na ba hlokomele le ho sireletsa liphoofolo tse hlaha joang.—Esaia 11:9.