Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Rui Almeida Fotografia/Moment via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Bibele e Re’ng ka Lintoa Tse Bakoang ke Lipolotiki?

Bibele e Re’ng ka Lintoa Tse Bakoang ke Lipolotiki?

 Batho ba bangata lefatšeng ba tšoenyehile ka lebaka la lintoa tse ngata tse bakoang ke lipolotiki.

  •   Naheng ea Mexico, ho ile ha bolaoa batho ba 39 ba hlaheletseng lipolotiking. Palo ena ke e kholo ka ho fetisisa ho lipalo tse kileng tsa e ba teng ’me e ile ea tšosa batho ba bangata haholo hoo boholo ba bona ba sa kang ba ea likhethong tsa selemo sa 2023-2024.

  •   Haufinyane tjena, Europe ho ile ha e-ba le lintoa tse ngata tse bakoang ke lipolotiki, ho akareletsa le teko ea polao ea tona-kholo ea Slovakia ka la 15 May, 2024.

  •   Batho ba lulang Amerika ba ile ba tšosoa haholo ke teko ea polao ea mopresidente oa mehleng, e leng Donald Trump ka la 13 July, 2024.

 Ke hobane’ng ha ho e-na le lintoa tse ngata hakaale tse bakoang ke lipolotiki? Na li tla ke li fele? Bibele e re’ng ka taba ee?

Ho ile ha boleloa esale pele ka likarohano tse bakoang ke lipolotiki

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore “mehleng ea bofelo,” eo re phelang ho eona batho ba bangata ba ne ba tla ba le mekhoa e tla etsa hore ho be le lintoa le ho se utloane.

  •   “Mehleng ea bofelo bophelo bo tla ba thata hape ho tla ba kotsi. Batho . . . e tla ba batho ba sa leboheng le ba sa tšepahaleng . . . ba sa batleng ho lumellana le batho ba bang ka ntho efe kapa efe, . . . ba bohale bo tšosang . . . ba fetohelang ba bang, ba manganga le ba ikakasang.”—2 Timothea 3:1-4.

 Bibele e ile ea boela ea bolela esale pele ka merusu e teng e bakoang ke lipolotiki mehleng ena eo re phelang ho eona. (Luka 21:9) Leha ho le joalo, merusu e bakoang ke lipolotiki le likarohano e tla fela.

Lintoa tse bakoang ke lipolotiki li tla fela

 Bibele e ile ea boela ea bolela hore ’Muso oa Molimo o tla nkela mebuso eohle ea batho sebaka.

  •   “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso . . .o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44.

 ’Muso oa Molimo o tla etsa hore batho ba momahane le hore ho be le khotso lefatšeng lohle.

  •   Morena oa teng e leng Jesu Kreste, o bitsoa “Khosana ea Khotso,” ’me o tla etsa bonnete ba hore “khotso e tla ba teng ka ho sa feleng.”—Esaia 9:6, 7.

  •   Batho ba busoang ke ’Muso oa Molimo, ba se ba ntse ba ithuta ho phela ka khotso hona joale. Ke kahoo, Bibele e reng: “Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona likere tse kutang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.”—Esaia 2:3, 4.

 Ho ithuta ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?” u be u shebelle video e reng ’Muso oa Molimo ke Eng?