Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ismail Sen/Anadolu Agency via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Ho ba le Litšisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatše Turkey le Syria—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Ho ba le Litšisinyeho Tse Mpe Tsa Lefatše Turkey le Syria—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ka ’Mantaha oa la 6 February 2023, ho ile ha e-ba le litšisinyeho tse mpe tsa lefatše Turkey le Syria.

  •   “Tšisinyeho e kholo ea lefatše e ileng ea etsahala ka ’Mantaha naheng ea Turkey le karolong e ka leboea-bophirimela ea Syria e ile ea bolaea batho ba ka holimo ho 3 700. Ntho e entseng hore maemo a batho ba tsoileng likotsi le ba lahlehetsoeng ke matlo a mpefale le ho feta ke hore ho ne ho bata haholo. Sena se ile sa etsa hore ho be thata hore ho fumanoe batho ba pholohileng.”—Tlaleho ena e ile ea etsoa ke Reuters ka la 6 February 2023.

 Re utloa bohloko haholo ha re bala ka litlaleho tse tjena. Linakong tse tšoanang le tsena, Jehova a a ka re tšelisa hobane Bibele e re “o tšelisa batho maemong ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3) O fane ka ‘Mangolo a re tšelisang e le hore re be le tšepo.’—Baroma 15:4.

 Ka Bibeleng re ka ithuta:

  •   Ka se ileng sa buuoa hore se tla etsahala ka litšisinyeho tsa lefatše.

  •   Hore na re ka fumana matšeliso le tšepo hokae.

  •   Hore Molimo o tla felisa lintho tsohle tse re utloisang bohloko joang.

 Ho ithuta hore na Bibele e re’ng ka lintlha tsena, bala lihlooho tse latelang:

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.