Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?

 Baeta-pele ba lefatše ba lakatsa eka ba ka felisa tlala ka ho feletseng. Ba lakatsa eka motho e mong le e mong a ka ba le lijo. a Empa na tlala e tla ke e be sieo lefatšeng? Bibele e re’ng ka taba ee?

Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala

 Bibele e ile ea bolela esale pele hore mehleng ena ho tla ba le tlala ’me ha e bua ka nako eo e re ke ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ha se Molimo ea bakang tlala empa o ile a re lemosa hore e tla ba teng. (Jakobo 1:13) Hlokomela boprofeta bona ba Bibele.

 “Ho tla ba le tlala . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7) Bibele e ile ea bolela esale pele hore ho tla ba le tlala libakeng tse ngata. Tlaleho e ’ngoe ea batho ba ithutang hore na lijo li hlahisoa joang le hore li ajoa joang e ile ea re: “Le hoja baeta-pele ba leka ho fokotsa tlala, ho bonahala ho ntse ho mpefala le ho feta.” b Linaheng tse ngata batho ba limilione tse makholo ha ba na lijo. Ka masoabi ba bangata ba bona baa hlokahala.

 “Ka bona pere e ntšo, ea e palameng o ne a tšoere sekala.” (Tšenolo 6:5) Boprofeteng bona pere le mopalami oa eona li tšoantšetsa tlala e tla ba teng mehleng ea bofelo. c Sekala seo mopalami a se tšoereng se metha lijo tse haellang e le hore motho e mong le e mong a fumane ho hong. Ha a ntse a palame pere ho hlaha lentsoe le reng theko ea lijo e tla nyoloha le ho lemosa batho hore ba se ke ba senya lijo. (Tšenolo 6:6) Taba ena e bontša hantle ntho e etsahalang lefatšeng hona joale, batho ba libilione ha ba na lijo kapa ha ba khone ho reka tse nang le phepo.

Tlala e tla fela joang?

 Lefatše le hlahisa lijo tse ngata ho feta tse hlokahalang. Sena se bolela hore motho e mong le e mong a ka fumana lijo. Joale ke hobane’ng ha lijo li haella? Bibele e re ’Mopi oa rona Jehova d o tla lokisa bothata boo joang?

 Bothata: Mebuso ha e khone ho felisa bofutsana le ho hloka toka tse bakang tlala.

 Tharollo: Mebuso ea batho e tla nkeloa sebaka ke ’Muso oa Molimo. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Mehleng ena ho thata hore batho ba futsanehileng ba fumane lijo empa boemo bo tla fetoha tlas’a ’Muso oa Molimo. Bibele e re ka Morena Jesu Kreste, e leng Morena oa ’Muso oa Molimo, “o tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso le ea maemong a tlase le mang kapa mang ea se nang mothusi. . . . Ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng. Li tla ba ngata le holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:12, 16.

 Bothata: Lintoa li baka tšenyo e kholo ebile li thefula moruo ’me sena se etsa hore batho ba se ke ba fumana lijo tse ba lekanang.

 Tharollo: “[Jehova] o felisa lintoa lefatšeng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O chesa likariki tsa sesole ka mollo.” (Pesaleme ea 46:9) Molimo o tl’o felisa libetsa tsa ntoa le batho ba bakang lintoa. Ka lebaka leo batho ba tla fumana lijo habonolo. Bibele e tšepisa hore: “Ba lokileng ba tla eketseha, khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7.

 Bothata: Maemo a leholimo a sa tsitsang le likoluoa tsa tlhaho li bolaea lijalo le liphoofolo.

 Tharollo: Molimo o tla etsa hore maemo a leholimo e be a loketseng hore lijalo li atlehe. Bibele e re: “[Jehova] o khutsisa sefefo ebe maqhubu a leoatle aa thola. . . . O fetola lehoatata hore e be matamo a nang le lehlaka, le naha e ommeng o e fetola liliba tsa metsi. O etsa hore ba lapileng ba lule moo. . . Ba jala masimo ’me ba lema lirapa tsa morara.”—Pesaleme ea 107:29, 35-37.

 Bothata: Batho ba meharo ba etsa lijo tse kotsi ebe ba sitisa batho ba bang ho fumana lijo tse nang le phepo.

 Tharollo: ’Muso oa Molimo o tla felisa batho ba sa lokang le ba sa tšepahaleng. (Pesaleme ea 37:10, 11; Esaia 61:8) Bibele e re Jehova Molimo ke “ea thusang ba utsoelitsoeng hore ba ahloleloe ka toka le ea fepang ba lapileng.”—Pesaleme ea 146:7.

 Bothata: Selemo se seng le se seng ho senngoa hoo e ka bang 30 phesente ea lijo lefatšeng lohle.

 Tharollo: Tlas’a ’Muso oa Molimo batho ba tla beng ba fuoe boikarabelo ba tl’o etsa bonnete ba hore lijo li bolokoa hantle. Ha Jesu a le lefatšeng o ile a etsa bonnete ba hore lijo ha li senngoe. Ka mohlala, ka letsatsi le leng o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ka mohlolo. Hamorao, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.”Johanne 6:5-13.

 Kaha Molimo o tla felisa lintho tse bakang tlala ’Musong oa hae, batho ba tla ba le lijo tse ngata tse monate le tse nang le phepo. (Esaia 25:6) Ho ithuta ka ho eketsehileng hore na ’Muso oa Molimo o tl’o etsa lintho tsena neng, bala sehlooho se reng “’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?

a Ka 2015 mokhatlo oa Machaba a Kopaneng o ile oa etsa meralo e le hore o fihlele morero ona ka 2030.

b Tlaleho ena e ile ea etsoa ke Food and Agriculture Organization of the United Nations, International Fund for Agricultural Development, United Nations Children’s Fund, United Nations World Food Programme, le World Health Organization.

c Ho ithuta ho eketsehileng ka bapalami ba bane ba lipere ba hlahang ho Tšenolo, bala sehlooho se reng “Bapalami ba Bane ba Lipere ke Bo-mang?

d Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?