Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Kim Steele/The Image Bank via Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?

Na ’Muso oa Molimo o Tla Rarolla Mathata a Lichelete?

 Batho ba bangata lefatšeng ba kolla ntsi hanong ’me ho ntse ho e-ba thata le ho feta.

  •   Tlaleho a e ’ngoe e entsoeng haufinyane e bontša hore hona joale batho ha ba sa khona ho koahela litlhoko tsa bona ka mekholo eo ba e fumanang khoeli le khoeli. Ho ea ka tlaleho ena haeba ho sa etsoe letho, batho ba ruileng ba tla rua le ho feta ’me ba futsanehileng ba futsanehe le ho feta. Hape mokhoa oa bophelo o tla ba thata haholo bakeng sa batho ba bangata.

 Na mebuso e ka khona ho ntlafatsa boemo boo kapa hona ho bo rarolla?

 Bibele e re ho na le ’muso o ka khonang ho rarolla mathata ’ohle a lichelete le ho se leka-lekane. Ebile o tla etsa joalo. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso,” ’muso oo o tla laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng. (Daniele 2:44) Tlas’a puso eo, ha ho na motho eo Molimo a tla mo tlohela kapa a mo lebale. (Pesaleme ea 9:18) Molimo o tla etsa bonnete ba hore batho bohle ba phelang tlas’a ’Muso oa hae ba na le lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba thabe. Batho bohle ba tla thabela mosebetsi oo ba o etsang.—Esaia 65:21, 22.

a International Labour Organization Global Wage Report 2022-23