Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

YURI LASHOV/AFP via Getty Images

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka Bakreste ba Tšehetsang Lintoa?

Bibele e Re’ng ka Bakreste ba Tšehetsang Lintoa?

 Ntoa e Ukraine e bontšitse kamoo baeta-pele ba likereke tse ngata ba tšehetsang lintoa kateng. Hlokomela kamoo moruti e mong a tšehetsang naha ea Ukraine ha e mong a tšehetsa naha ea Russia:

  •   “Re tlotla le ho leboha masole ’ohle a sireletsang naha ea Ukraine ho sera sa eona . . . Re lula re le rapella le ho le tšehetsa.”​—Metropolitan Epiphanius I of Kyiv, The Jerusalem Post, March 16, 2022.

  •   “Moeta-pele oa Kereke ea Orthodox ea Russia o ile a tšoarela masole a Russia tšebeletso ka Sontaha, ho ba khothaletsa hore ba loanele naha ea habo bona joalokaha ba etsa ntoeng e ntseng e tsoela pele Ukraine.”​—Reuters, April 3, 2022.

 Na Bakreste ba lokela ho tšehetsa lintoa? Bibele e re’ng ka taba ee?

Bibele e re’ng ka taba ee?

 Bibele e re balateli ba ’nete ba Jesu Kreste ha baa lokela ho loana.

  •   “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona kaha bohle ba nkang sabole ba tla bolaoa ka sabole.”​—Matheu 26:52.

     Na motho ea loanang kapa ea tšehetsang lintoa o mamela mantsoe a Jesu?

  •   “Ke le fa taelo e ncha ea hore le ratane. Le ratane feela joalokaha ke le ratile. Haeba le ratana, bohle ba tla tseba hore le barutuoa ba ka.”​—Johanne 13:​34, 35.

     Na motho ea tšehetsang lintoa o bontša lerato leo Jesu a ileng a re barutuoa ba hae kapa balateli ba hae ba tla tsebahala ka lona?

 Bala sehlooho se reng “Na Bokreste bo Lumellana le Ntoa?” e le hore o fumane lintlha tse ling.”

Na Bakreste ba lokela ho tšehetsa lintoa?

 Na hoa utloahala hore Bakreste ba se ke ba tšehetsa lintoa? Ho joalo. Bibele e re mehleng ea rona e leng “matsatsing a ho qetela,” ho ne ho tla ba le batho ba tsoang lichabeng tsohle ba neng ba ke ke ba “hlola ba ithuta ntoa” joalokaha Jesu a rutile.​—Esaia 2:​2, 4, naletsana.

 Haufinyane Jehova a e leng “Molimo oa khotso,” o tla sebelisa ’muso oa hae o leholimong ho pholosa batho “ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”​—Bafilipi 4:9; Pesaleme ea 72:14.

a Jehova ke lebitso la Molimo.​—Pesaleme ea 83:​18.