Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

kovop58/stock.adobe.com

LULANG LE FALIMEHILE!

Na Kannete Li-olympic li ka Momahanya Batho?—Bibele e Re’ng?

Na Kannete Li-olympic li ka Momahanya Batho?—Bibele e Re’ng?

 Ka Li-olympic tsa Lehlabula la 2024, hoo e ka bang batho ba libilione tse hlano ba ile ba shebella baatlelete ba tsoang linaheng tse 206 ba ileng ba kenella lipapaling. Mopresidente oa International Olympic Committee e leng Thomas Bach o re: “Re karolo ea ketsahalo e momahanyang lefatše lohle. Joalokaha e le morero oa Li-olympic tsena, e se eka kaofela re ka phela ka khotso ebile re momahane le hoja re sa tšoane.”

 Na Li-olympic li ka etsa hore ho be le liphello tse ntle hakaale? Na ho na le tšepo bakeng sa khotso ea sebele le ho momahana?

Mohloli oa khotso le ho momahana

 Li-olympic tsa selemong sena e ne e se lipapali feela, li ne li e-na le lintho tse arohanyang batho litabeng tsa lipolotiki, tse akareletsang litokelo tsa batho, khethollo ea morabe le ea bolumeli le ho se lekane.

 Lipapali tsa machaba tsa Li-olympic li thabisa batho. Leha ho le joalo, li boetse li hlohloletsa likarohano ho e-na le hore li etse hore ho be le khotso le momahano e tšoarellang.

 Bibele e ile ea bolela esale pele ka boitšoaro bo neng bo tla etsa hore ho be thata hore batho ba momahane mehleng ena. (2 Timothea 3:1-5) Ho ithuta haholoanyane ka boprofeta bona ba Bibele, bala sehlooho se reng “Na Bibele e ile ea Bolela Esale Pele ka Tsela eo Batho ba Nahanang le ho Itšoara ka Eona Mehleng ee?

Tšepo ea sebele bakeng sa khotso le momahano lefatšeng lohle

 Bibele e re fa tšepo ea sebele ea khotso le momahano lefatšeng lohle. E tšepisa hore batho bohle lefatšeng ba tla momahanngoa ke ’muso o le mong o tla busa o le leholimong. ’Muso oo o bitsoa “’Muso oa Molimo.”—Luka 4:43; Matheu 6:10.

 Morena oa ’Muso oo, e leng Jesu Kreste o tla tlisa khotso lefatšeng lohle. Bibele e re:

  •   “Ba lokileng ba tla eketseha, khotso e tla ba ngata.”—Pesaleme ea 72:7.

  •   “O tla pholosa ea futsanehileng ea llang ho kopa thuso . . . O tla ba pholosa ho ba ba hatellang le ho ba ba loantšang.”—Pesaleme ea 72:12, 14.

 Le mehleng ena lithuto tsa Jesu li momahantse batho ba limilione linaheng tse 239. Joaloka Bakreste, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li ithutile ho ba le khotso. Ho ithuta hore na ba khona joang, bala makasine ea Molula-Qhooa e nang le sehlooho se reng “Re ka Khona ho Hlola Lehloeo.”