LULANG LE FALIMEHILE!
Bibele e re Lintoa Tse Ntseng li Etsahala Hona Joale li Tla Fela Neng?
Ka Moqebelo oa la 13 April 2024, Mongoli Kakararetso oa Machaba a Kopaneng e leng António Guterreso o ile a bua mantsoe a latelang ha a ne a bua ka tlhaselo ea naha ea Iran ho Iseraele: “Ena ke nako ea ho beha marumo fatše. Ke nako ea ho etsa sohle ho ithiba e le ho qoba ntoa.”
Ntoa e ntseng e kupa Bochabela bo Hare ke mohlala feela oa se etsahalang lefatšeng lohle.
Ka la 26 January 2023 Lekhotla la Tšireletso la Machaba a Kopaneng le ile la re: “Hona joale ho na le lintoa tse ngata ho feta tse etsahetseng ka mora Ntoa ka Bobeli ea Lefatše ‘me li amme batho ba ka bang libilione tse peli.”
Linaha tse anngoeng ke lintoa tsena ke Iseraele, Gaza, Siria, Azerbaijan, Ukraine, Sudan, Ethiopia, Niger, Myanmar le Haiti. a
Lintoa tsee li tla fela neng? Na baetapele ba lefatše ba ka tlisa khotso? Bibele e re’ng ka taba ee?
Ho tletse lintoa lefatšeng
Lintoa tse etsahalang lefatšeng li phethahatsa boprofeta ba Bibele bo buang ka mehla eo re phelang ho eona kajeno. Bibele e re lintoa tse etsahalang li bontša ‘hore lefatše lena le a fela.’—Matheu 24:3.
“Le tla utloela ka lintoa le litlaleho tsa lintoa. . . . Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane.”—Matheu 24:6, 7.
Ho bona ka moo lintoa li phethahatsang boprofeta ba Bibele kateng, bala sehlooho se re’ng: “Keng e Bontšang “Hore Lefatše Lee le a Fela”?”
Ntoa e tla felisa lintoa tsohle
Bibele e ile ea bolela esale pele hore lintoa li tla fela. Seo se tla etsahala joang? Lintoa li ke ke tsa felisoa ke batho empa li tla felisoa ka Armagedone e leng “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ‘ohle.”(Tšenolo 16:14, 16) Ka mora ntoa ena, Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le nang le khotso.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Ho ithuta ka ho eketsehileng ka hore na ntoa ea Molimo e tla felisa lintoa tse ling joang, bala sehlooho se re’ng: “Ntoa ea Armagedone Keng?”
a Tlaleho ea January 2024 ea ACLED Conflict Index e re’ng “Ranking violent conflict levels across the world”