Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

hadynyah/E+ via Getty Images

LULANG LE FALIMEHILE!

Khaello ea Lijo e Bakoang ke Lintoa le Maemo a Feto-fetohang a Leholimo—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Khaello ea Lijo e Bakoang ke Lintoa le Maemo a Feto-fetohang a Leholimo—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ntoa e Ukraine, le maemo a feto-fetohang a leholimo a baka khaello e kholo ea lijo lefatšeng lohle. Sena se bonahala haholo linaheng tseo batho ba bangata ba sokolang ho fumana lijo tse lekaneng.

  •   Tlalehong e ’ngoe ea la 17 July 2023, mongoli kakaretso oa Machaba a Kopaneng eleng António Guterres o ile a re: “Ka lebaka la lintoa, ho feto-fetoha ha boemo ba leholimo, ho nyoloha ha theko ea motlakase le lintho tse ling, lijo li se li fumaneha ka thata.”

  •   “Russia e ikhutse tumellanong eo e neng e e entse ea ho lumella Ukraine ho isa lijo-thollo linaheng tse ling. Litsebi li hakanya hore taba ena e ka ’na ea mpefatsa khaello ea lijo hape lijo li ka ’na tsa tura le ho feta linaheng tse futsanehileng, haholo-holo Afrika e Leboea le Bochabela bo Hare.”

 Hlokomela hore Bibele e re’ng ka khaello ea lijo le ka bokamoso.

Bibele e ile ea bolela esale pele ka khaello ea lijo

  •   Jesu o ile a profeta a re: “Lichaba li tla loantšana le mebuso e hlaselane. Ho tla ba le tlala.”—Matheu 24:7.

  •   Buka ea Bibele ea Tšenolo e hlalosa banna ba bane ba lipere ba tšoantšetso. E mong oa bapalami bana o emela ntoa. O lateloa ke e mong ea emelang tlala eleng nako eo lijo li tla rekisoa ka theko e phahameng haholo. “Ka bona pere e ntšo, ea e palameng o ne a tšoere sekala. Ka utloa lentsoe le hlaha, ‘Lithara ea koro e rekoa ka denari a le lilithara tse tharo tsa harese li rekoa ka denari.’”—Tšenolo 6:5, 6.

 Boprofeta bona ba Bibele bo buang ka khaello ea lijo bo a phethahala kajeno nakong ena eo Bibele e re’ng ke ‘mehla ea bofelo.’ (2 Timothea 3:1) Ho Ithuta se eketsehileng ka ‘mehla ea bofelo’ le bapalami ba bane ba lipere ba hlahang ho Tšenolo shebella video e nang le sehlooho se re’ng Ho Tloha ka 1914 Boemo ba Lefatše bo Ile ba Fetoha hape bala sehlooho se re’ng “Bapalami ba Bane ba Lipere ke Bo-mang?

Bibele e ka re thusa joang?

  •   Bibele e fana ka keletso e ka re thusang ho sebetsana le maemo a boima a kang theko e ntseng e phahama ea lijo le khaello ea lijo. Hlokomela mehlala sehloohong se re’ng “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?.”

  •   Bibele e boetse e fana ka tšepo ea hore lintho li tla loka. E re tšepisa hore “ho tla ba le lijo tse ngata lefatšeng” nakong e tlang ’me batho bohle ba tla ba le lijo tse ngata. (Pesaleme ea 72:16) Ho ithuta lintlha tse ling ka tšepo eo re nang le eona ka bokamoso le hore hobane’ng u ka e tšepa bala sehlooho se re’ng “A Real Hope for a Better Tomorrow.”

a Ke chelete ea tšepe ea Roma e lekanang le mokholo oa letsatsi