Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?

Bibele e Re’ng ka Lefatše le Ntseng le Senyeha?

 “Batho ba etsa lintho tse ngata tseo haufinyane li tl’o baka mathata a ho fetoha ha boemo ba leholimo. Litoropo tse kholo li tla koaheloa ke metsi. Ho tla ba le mocheso o otlang pelo, lifefo tse tšosang le khaello ea metsi libakeng tse ngata. Mefuta ea liphoofolo le limela tse ka bang limilione li kotsing ea ho fela ka lebaka la liketso tsa batho. Litaba tsena ha se tšomo feela. Ke seo saense e reng se tla etsahala haeba mebuso e sa fetole tsela eo e sebelisang matla ao e a fumanang linthong tsa tlhaho ka eona.”​—Puo ka António Guterres e leng mongoli-kakaretso oa Machaba a Kopaneng mabapi le tlaleho ea Intergovernmental Panel on Climate Change ea April 4, 2022.

 “Borasaense ba re haufinyane liphaka tse ka bang 423 tsa Amerika li tla senyeha ka lebaka la ho fetoha ha maemo a leholimo, haholo-holo hobane liphaka tsena li ka senyeha haholo ka lebaka la mocheso o phahameng. Lintho tse mpe tse ka ’nang tsa etsahala li tšoana le likoluoa tseo u ka balang ka tsona ka Bibeleng tse kang mollo le likhohola, ho qhibiliha ha leqhoa, ho phahama ha maqhubu a leoatle le mocheso o mongata.”​—“Flooding Chaos in Yellowstone, a Sign of Crises to Come,” The New York Times, June 15, 2022.

 Na mathata a lefatše a tikoloho a ka rarolleha? Haeba ho joalo, a tla rarolloa ke mang? Hlokomela seo Bibele e se buang.

Ho senyeha ha tikoloho ho ile ha boleloa esale pele

 Bibele e re Molimo o tla ‘felisa ba senyang lefatše.’ (Tšenolo 11:​18) Temana ena ea Bibele e re ruta lintho tse tharo:

  1.  1. Batho ba tla etsa lintho tse tla senya lefatše haholo.

  2.  2. Ho senyeha ha lefatše ho tla fela.

  3.  3. Molimo ke eena ea tla felisa mathata a tikoloho a lefatše eseng batho.

Lefatše la rona le tla sireletseha nakong e tlang

 Bibele e re “lefatše le lula le le teng ho ea ho ile.” (Moeklesia 1:4) Lefatše le tla lula le e-na le batho.

  •   “Lefatše e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”​—Pesaleme ea 37:29.

 Lefatše le tla khutlisetsoa boemong bo botle.

  •   “Lefeella le sebaka se omeletseng li tla thaba le lehoatata le tla thaba ’me le thunye joaloka lipalesa tsa safrone.”​—Esaia 35:1.