Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatšeng Lohle?

Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Batho ho Ntseng ho Etsahala Lefatšeng Lohle?

 Ka July 2022, ho ile ha e-ba le liketsahalo tse tšosang tsa batho ba ileng ba thunngoa lefatšeng lohle:

  •   “Ho bolaoa ha ralipolotiki ea tsebahalang Japane [Shinzo Abe eo e neng e le Tona-kholo] ho ile ha tšosa batho ba naha eo hammoho le batho ba bang lefatšeng lohle. Lebaka ke hobane ha ho be le lintoa tse ngata Japane ebile e na le melao e thata ea ho sebelisa lithunya.”​—July 10, 2022, The Japan Times.

  •   “Batho ba Denmark ba ile ba tšoha ha monna e mong a bolaea batho ba bararo ’molong oa Copenhagen.”​—July 4, 2022, Reuters.

  •   “Afrika Boroa: Thaveneng e ’ngoe lekeisheneng la Soweto, banna ba bang ba ile ba thunya batho ba 15 eaba batho bao baa hlokahala.”​—July 10, 2022, The Guarlian.

  •   “Mafelo-bekeng a letsatsi la phomolo la li 4 tsa July, batho ba fetang 220 ba ile ba thunngoa ’me ba hlokahala Amerika.”​—July 5, 2022, CBS News.

 Na ho na le tšepo ea hore lintoa li tla fela? Bibele e re’ng ka taba ee?

Lintoa li Tla Fela

 Bibele e re re phela “mehleng ea bofelo” e leng nako eo batho ba neng ba tla etsa lintho tse khopo, tse tšosang le tse sehloho. (2 Timothea 3:​1, 3) Lintho tseo li etsa hore batho ba lule ba tšohile. (Luka 21:​11) Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa hore lintoa li tla fela ’me batho ba tla “lula sebakeng se nang le khotso, libakeng tse sireletsehileng le libakeng tse nang le khutso.” (Esaia 32:​18) Lintoa li tla fela joang?

 Molimo o tla felisa batho ba khopo le libetsa tsohle.

  •   “Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng.”​—Liproverbia 2:22.

  •   “[Molimo] o felisa lintoa lefatšeng lohle. O roba seqha ebile o robakanya le lerumo. O chesa likariki tsa sesole ka mollo.”​—Pesaleme ea 46:9.

 Molimo o tla ruta batho hore ba phelisane ka khotso e leng se tla etsa hore lintoa li fele.

  •   “Li ke ke tsa lematsa batho kapa tsa baka tšenyo thabeng eohle ea ka e halalelang hobane hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova, joalokaha metsi a koahela leoatle.”​—Esaia 11:9.

  •   Le hona joale Molimo o ntse a ruta batho lefatšeng lohle hore ba se ke ba loana le ho sebelisa libetsa le hore ba etse “lisabole tsa bona mehoma, ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.”​—Mikea 4:3.

 Bala sehlooho se reng, “Ho Lokoloha Tšabong​—Na ke Ntho e ka Etsahalang?” ho ithuta hore na Bibele e re’ng ka ho phela lefatšeng re sa tšabe letho.

 Bala sehlooho se reng, “Khotso Lefatšeng Qetellong!” ho bona hore na lintoa li tla felisoa joang ka ho feletseng.