Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KANTLE | NA KE ’NETE HORE BIEBELE E BULULETSOE KE MOLIMO”?

Bibele e Nepahetse Linthong Tsohle

Bibele e Nepahetse Linthong Tsohle

E Nepahetse Litabeng Tsa Saense

LE HOJA Bibele e se buka ea saense, e nepahetse moo e buang ka saense. Ka mohlala a re ke re hlahlobeng seo e se buang ka tsa boemo ba leholimo le ka liphatsa tsa lefutso.

TSELA EO PULA E BANG TENG KA EONA

POTOLOHO EA METSI

Bibele e re: “[Molimo] o hula marotholi a metsi; a rotha e le pula bakeng sa moholi oa hae, hoo maru a rothang.”​—Jobo 36:27, 28.

Mona Bibele e hlalosa tsela eo pula e bang teng ka eona kapa potoloho ea metsi. Molimo, e leng moetsi oa letsatsi o “hula marotholi a metsi” ka hore ha letsatsi le chesa, ho be le (1) moholi. Ka mor’a moo, ha moholi o phahamela sepakapakeng kapa leholimong, o etsa hore ho be le (2) maru. Qetellong maru ao, a etsa hore (3) metsi a tšolohele lefatšeng e le pula kapa e le lehloa. Ho tla fihlela lena le holimo, litsebi tse shebang boemo ba leholimo li ntse li sa utloisise hantle hore na se na se etsahala joang. Ha se fela Bibele e botsang e re: “Ke mang ea ka utloisisang maru?” (Jobo 36:29) Empa Jehova e leng ’Mopi oa lintho tsohle, o utloisisa potoloho ena ea metsi ’me o ile a etsa hore bangoli ba Bibele ba e hlalose ka tsela e nepahetseng le pele litsebi li ka bua ka eona.

TSELA EO BOPHELO BO QALANG KA EONA

BOPHELO

Morena Davida o ile a re ho Molimo: “Mahlo a hao a ile a mpona ke sa le lesea le sa tsoa emoloa, likarolo tsohle tsa lona tsa ngoloa fatše bukeng ea hao.” (Pesaleme ea 139:16) Mona Morena Davida o bua ka tsela ea thothokiso ka tsela eo lesea le sa tsoa emoloa le holang ka eona, hore ekare litaelo tsa ho hola ha lona li ngotsoe bukeng kapa ho raliloe motheo oa tsona. Ho makatsang ke hore mantsoe ana a ngotsoe lilemo tse 3,000 tse fetileng!

Lilemong tsa bo-1800, setsebi se seng se bitsoang Greg or Mendel, se ile sa fumana hore ho na le se amehang tabeng ea hore na motho o tla shebahala ka tsela efe ha a se a hlahile. Ka April  2003, litsebi li ile tsa phethela lipatlisiso tsa tsona mabapi le lintho tse hlalosang hore na bophelo ba motho bo qaleha joang. Bo-ramahlale ba hlalosa hore ntho e tšetseng liphatsa tsa lefutso e joaloka buka e hlalosang mantsoe, ’me e behile mantsoe ao ka tatellano ea alfabeta. Mantsoe ana a tšoantšetsa litaelo tsa hore na kholo ea ngoana e tla ba joang. Ho itšetlehile ka litaelo tseo, likarolo tsa ’mele tse kang, boko, pelo, matšoafo, maoto, matsoho le litho tse ling li hlaha le ho hola ka nako e nepahetseng. Ke ka lebaka leo borasaense ba reng ntho e tšetseng liphatsa tsa lefutso ekare ‘buka ea bophelo’. Joale, ho tlile joang hore Davida a hlalose see ka tsela e nepahetseng hakaale? Ka boikokobetso o ile a re: “Moea oa Jehova ke oona o buileng ka ’na, lentsoe la hae le ne le le lelemeng la ka.” *2 Samuele 23:2.

E Bolela Bokamoso e sa le Pele ka Tsela e Nepahetseng

HA HO bonolo ho tseba hore na ’muso o itseng o tla nka nako e kae o le pusong le ho tseba ka pheletso ea ona. Leha hole joalo, Bibele eona e ile ea hla ea bolela esale pele ka mebuso e neng e tla felisoa. A re hlahlobeng mehlala e ’meli e latelang.

HO FELISOA HA BABYLONA

’Muso oa Babylona e ’nile ea e-ba o mong oa mebuso e matla ka ho fetisisa, e bile o na le tšusumetso e kholo linaheng tsa bochabela bo hare ka lilemo lemo. Hoo ka nako e ’ngoe e kileng ea eba toropo e kholo ka ho fetisisa lefatšeng. Empa lilemo tse 200 esale pele, Molimo o ile a bululela mongoli oa Bibele eleng Esaia ho profeta hore Babylona e ne e tla felisoa ke morena Cyruse, ’me e fetohe lesupi (Esaia 13:17-20; 44:27, 28; 45:1, 2) Na see ke sona se ileng sa etsahala?

HISTORI

Bosiung bo bong ka October selemong sa 539 pele ho mehla ea Jesu , Cyruse e Moholo o ile a felisa Babylona. Ha nako e ntse e ea, likotopo tsa metsi tse neng li noesetsa sebaka seo, li ile tsa senyeha ka lebaka la ho se hlokomeloe. Selemong sa bo-200, sebaka seo se ne se tlohelletsoe feela. Kajeno Babylona ke lithako. Ho etsahetse hantle feela joalokaha Bibele e ile ea bolela ha e re Babylona “e tla fetoha lesupi.”​—Jeremia 50:13.

U nahana hore Esaia o joang hore Babylona e ne e tlo felisoa? Bibele e bontša hore ena ke “phatlalatso eo Esaia mora oa Amose a e boneng ponong khahlanong le Babylona.”​—Esaia 13:1.

NINIVE KE “SEBAKA SE SE NANG METSI JOALOKA LEFEELLA”

Ninive e ne e le motse-moholo oa ’muso oa Assyria, ’me e ne e boetse e le motse o nang le mehaho e metle. E ne e-na le metse e meholo, lirapa tsa lipalesa, litempele le matlo a borena a boemo bo phahameng. Ho sa tsotellehe seo, moprofeta Sofonia o ile a bolela esale pele hore, motse ona o ne o tla felisoa ’me e be “sebaka se se nang metsi joaloka lefeella.”​—Sofonia 2:13-15.

Ninive e ile ea felisoa ke Bababylona ba ikopantse le Bamede lilemong tsa bo-600 pele ho mehla ea Jesu. Ho latela lipatlisiso, ho ile ha feta lilemo tse 2 500 batho ba sa bue letho ka eona. Kahoo, seo se ile sa etsa hore ho be le lipelaelo mabapi le hore na ehlile ke ’nete hore Ninive e kile oa ba teng. Mahareng a lilemo tsa bo-1800, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lintho tse pakang hore Ninive ke motse o kileng oa eba teng. Kajeno, sebaka seo sa Ninive e se e le lehaha la masholu. Ke ka hona mokhatlo o mong oa machaba, o sireletsang setso le lintho tse ling tsa bohlokoa historing, o ileng oa bontša hore mesaletsa ea lithako tsa Ninive e ntse e fela butle-butle.

Empa mongoli oa Bibele Sofonia o ne a nka litaba tsee hokae?

Sofonia o re ke ka lebaka la “Lentsoe la Jehova le ileng la hlaha ho [Eena].”​—Sofonia 1:1.

Bibele e na le Likarabo Tsa Lipotso Tsa Bohlokoa

Bibele e fana ka likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsa bohlokoa bophelong. A re ke re hlahlobeng mehlala e latelang.

KE HOBANE’NG HA HO ETSAHALA LINTHO TSE BOHLOKO?

Bibele e re hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tse mpe le tse re utloisang bohloko

  1. Motho o busitse motho ho mo ntša kotsi ’​Moeklesia 8:9.

    Puso ea motho e tletseng bobolu, e tliselitse batho mathata a mangata.

  2. “Bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.”​Moeklesia 9:11.

    Liketsahalo tse sa lebelloang tse kang ho kula, ho lemala le likoluoa tsa tlhaho, li ka etsahalla e mong le e mong oa rona, kae kapa kae le ka nako leha e le efe.

  3. “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe.”​Baroma 5:12.

    Ho se phethahale le lefu li ne li le sieo qalong ha Molimo a ne bopa monna oa pele le mosali oa pele. Empa sebe “se ile sa kena lefatšeng” ha ka boomo ba khetha ho se mamele ’Mopi oa bona.

Bibele ha e felle tabeng ea hore hlalosetsa hore na ke hobaneng ha batho ba utloa bohloko. Empa e boetse e re, Molimo o tšepisa hore o tla ‘hlakola meokho eohle mahlong a rona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’​—Tšenolo 21:3, 4.

HO ETSAHALA’NG KA RONA HA RE SHOA?

Bibele e re hlalosetsa hore ha motho a shoele, ho hang ha a utloe letho. Moeklesia 9:5 e re: “Ba phelang ba a tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” Kahoo, ha motho a shoa, “menahano ea hae ea timela.” (Pesaleme ea 146:4) Sena se bolela hore boko ba rona le litho tsa rona tsa kutlo li khaotsa ho sebetsa. Ke ka lebaka leo re ke keng ra khona ho sebetsa, ho latsoa kapa le hona ho nahana ha re shoele.

Leha ho le joalo Bibele ha e felle tabeng ea hore na boemo ba bafu ke bofe. E boetse e re bolella ka tšepiso ea Molimo ea hore o tla tsosa bafu.​—Hosea 13:14; Johanne 11:11-14.

HA E LE HANTLE RE PHELELA’NG?

Bibele e bontša hore Jehova Molimo o bopile monna le mosali. (Genese 1:27) Kahoo, monna oa pele, e leng Adama, o hlalosoa e le “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Adama o bopiloe ka morero oa hore a phele hamonate ’me a be le bana, le ho ba le kamano e ntle le ntate oa hae oa leholimo. Kaha re bana ba Adama, re na le takatso ea tlhaho ea ho batla ho ba le kamano e ntle le Molimo, le ho ithuta ka eena. Ke ka hona Bibele e re’ng: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”​—Matheu 5:3.

Ho feta moo, Bibele e re: “Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!” (Luka 11:28) Bibele e boetse e re thusa ho tseba hore na re phelela’ng le ho thabela bophelo bo monate hona joale, esita le ka ho sa feleng.

Ke Hobaneng ha Molimo a Ngotse Bibele?

KA MOR’A hore batho ba bangata ba hlahlobisise Bibele, ba ile ba etsa qeto ea hore ha se buka feela tje ea khale. Ba kholisehile hore Bibele ke buka e ngotsoeng ke Molimo, ’me o buoa le moloko oa batho ka eona ho akarelletsa le uena. E na le memo ea Molimo ea hore u batla hore u mo tsebe ’me u be motsoalle oa hae. Hobane e re: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna”​—Jakobo 4:8.

Ho batlisisa ka hare ho Bibele ho etsa hore re tsebe lintho tse hlollang. Joang? Joalokaha ho bala buka ho etsa hore u tsebe mongoli oa eona, ho bala Bibele ho etsa hore re tsebe tsela eo Molimo a nahanang ka eona le maikutlo a hae. See se ka bolela’ng ho uena? Sena se bolela hore u ka tseba menahano le maikutlo a ’Mopi oa hao. Ho feta moo, Bibele e re bolella ka:

Na u ka rata ho ithuta ho eketsehileng? Lipaki tsa Jehova li ka thabela ho u thusa. Li ka lokisetsa ho ithuta Bibele le uena mahala. Thuto eo e ka u thusa ho atamela haufi le Jehova Molimo eleng mongoli oa Bibele.

Makasine ena e hlahlobile bo bong ba bopaki ba hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. Hore u fumane lintlha tse eketsehileng, re kopa u shebe Khaolo ea  2 ea buka ea Ha e le Hantle ke’ng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, u ka boela oa e fumana ho www.pr418.com/st

U ka boela oa shebella video ea: Mongoli oa Bibele ke mang? e fumanehang ho www.pr418.com/st

Sheba tlasa LINGOLILOENG > LIVIDEO

^ ser. 10 Bibele e re lebitso la Molimo ke Jehova.—Pesaleme ea 83:18