Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tsela eo lijo li kenang ka eona le ho moo li sileloang teng

Tšilo ea Lijo​—⁠E Rarahane Joaloka Boko

Tšilo ea Lijo​—⁠E Rarahane Joaloka Boko

Na u na le boko bo le bong? Haeba karabo ke e, u nepile. Empa ’meleng ea rona ho na le methapo kutlo e mengata. Tsela eo e sebelisanang ka eona e pharaletse hoo bo-ramahlale ba reng ke “boko ba bobeli”. E bitsoa tšilo ea lijo (Enteric Nervous System, kapa ENS ka bokhutšoanyane), ’me ha e fumanehe bokong empa e fumaneha ka mpeng.

Ho hlokahala hore methapo kutlo ena e sebelisane ’moho hore lijo li siloe, e le hore li re fe matla. Ke ka lebaka leo boko ba rona bo entsoeng ka tsela eo bo fang ENS mosebetsi o amanang le tšilo ea lijo.

Le hoja ENS e sa rarahana joaloka boko, empa tsela eo e sebetsang ka eona e ntse e rarahane. ENS ho batho e entsoe ka li-neuron tse ka bang limilione tse 200 ho isa ho tse 600. Khokahano ea li-neuron e fumaneha ka har’a tšilo ea lijo. Bo-ramahlale ba re haeba mosebetsi o etsahalang ha ho siloa lijo o ne o lokela ho etsoa ke boko, methapo e hlokahalang ho etsa mosebetsi oo, e ne e tla ba metenya haholo. Ho ea ka buka ea The Second Brain, ho loketse hore ebe tšilo ea lijo ha e laoloe ke boko empa e etsahala ka mpeng.

“TSELA EO LIK’HEMIK’HALE LI SEBETSANG KA EONA KA MPENG”

E le hore tšilo ea lijo e etsahale, ho hlokahala hore ’mele o ntše lik’hemik’hale tse fapaneng le tse nepahetseng ka nako e loketseng sebakeng se nepahetseng. Profesa Gary Mawe, o tšoantša tšilo ea lijo le “tsela eo feme e sebetsang ka eona.” Ho rarahana ha tšebetso ea lik’hemik’hale tsena hoa makatsa. Ka mohlala, lebota la mala a rona le na le lisele tse khonang ho fumana le ho khetholla lik’hemik’hale tse lijong tseo re li jang. Sena sohle se thusa tšilo ea lijo kapa ENS ho ntša maro a nepahetseng ho sila lijo e le hore ’mele ea rona e ka li monya. Haeba u jele lijo tse bolila, ’mele o tla ntša k’hemik’hale e tla thusa hore lijo tseo li silehe hantle.

Nahana ka lelana ele sebaka se laoloang ka tsela e hlophisehileng ke ENS. ENS e tsamaisa lijo ka lelana ka hore methapo le mesifa e leboteng la mala e sarolohe le ho sesefala. ’Me ENS e laola sekhahla seo methapo le mesifa ena li sebetsang ka sona. Tsela ena e hlollang eo sena se etsahalang ka eona, e joalokaha eka lijo tsena li tsamaea holim’a mabanta a mochine o tsamaisang thepa lifemeng tse kholo.

Tsela ena eo lijo li siloang ka eona e boetse e sireletsa ’mele ea rona. Ho ka etsahala hore ebe lijo tseo re li jang, li na le likokoana-hloko tse kotsi. Ke ka hona re nang le lisele tse ngata tse tšoeu ka mpeng, tse thusang masole a ’mele ho re sireletsa khahlanong le mafu a ka bakoang ke lijo. Kahoo, u tla hlokomela hore haeba u jele lijo tse nang le likokoana-hloko tseo, ’mele o itšireletsa ka hore o li ntše ka ho hlatsa kapa ho tšolla.

TŠEBELISANO E NTLE PAKENG TSA BOKO LE ENS

Ho ka bonahala eka ENS e sebetsa ntle ho thuso ea boko empa li sebelisana hantle. Ka mohlala, ENS e bapala karolo e itseng ho laola li-hormone ho bolella boko hore motho a utloe ha a lapile le ha a khotše.

Mohlomong le pele u bala sehlooho sena u kile oa nahana hore ho na le tšebelisano e teng pakeng tsa boko le taolo ea tšilo ea lijo. Na u kile oa bona hore hangata ha u ja lijo tse tsoekere le tse mafura oa thaba? Lipatlisiso li bontša hore ha u jele lijo tse joalo, ENS e bolella boko hore na ke lintho life tse etsang hore u thabe. Ke ka hona ha batho ba bang ba utloile bohloko kapa ba na le khatello ea maikutlo, ba jang lintho tse monate e le hore ba ikutloe hantle. Bo-ramahlale ba ntse ba batla mokhoa o tla etsa hore ENS e ntše maro a tla etsa hore motho a thabe, e le mokhoa oa ho alafa batho ba nang le lefu la khatello ea maikutlo.

Mokhoa o mong oa puisano e teng pakeng tsa boko le ENS ke oa ho sehoa ke mala. Boikutlo bona bo etsahala ha ENS e tlosa phallo ea mali ka mpeng ha boko bo ba tlas’a khatello ka mabaka a fapaneng. Ho ka boela ha etsa hore motho a hlatse ha boko bo etsa hore lelana leo lijo li fetang ho lona, le fetole tsela eo le sebetsang ka eona. Litsebi li boetse li bontša hore tsela ena, ke eona e etsang hore re be le boikutlo bo ka hare kapa letsoalo.

Le hoja ENS e ka etsa hore re be le maikutlo a itseng, e ke ke ea re etsetsa liqeto kapa hona ho re bolella hore na re etse lintho joang. Ka mantsoe a mang ENS hase boko. E ke ke ea etsa hore u qape pina kapa u etse mosebetsi oa sekolo. Leha ho le joalo tsela ena e hlollang eo ENS e sebetsang ka eona e sa ntse e makalitse bo-ramahlale ’me ba hlokomela hore ho sa na le ho hongata hoo ba lokelang ho ithuta hona. Joale, nakong e tlang ha u ja, ema hanyane, e be u hopola tsela ena e hlollang eo boko bo sebelisanang le tsela eo lijo li siloang ka eona!