Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bokahohle ba Rōna bo Hlollang—Na bo Bile Teng ka Tšohanyetso?

Bokahohle ba Rōna bo Hlollang—Na bo Bile Teng ka Tšohanyetso?

Bokahohle ba Rōna bo Hlollang—Na bo Bile Teng ka Tšohanyetso?

BATHO ba bang ba re: ‘E, bokahohle ba rōna e mpa e bile taba ea tšohanyetso feela.’ Ba bang ba hanana le seo, haholo-holo bao e leng balumeli. Ho ntse ho le joalo, ba bang ha baa kholiseha. Uena u lumela eng?

Ho sa tsotellehe hore na pono ea hao ke efe, ntle ho pelaelo u tla lumela hore bokahohle ba rōna boa tsoteha. Nahana ka melala ea linaleli. Ho ’nile ha hakanngoa hore ho na le e limilione tse likete tse 100 bokahohleng bo bonahalang. Molala o le mong o na le sehlopha sa linaleli, ho tloha ho tse ka tlaase ho limilione tse sekete ho ea ho tse fetang bilione.

Boholo ba melala bo hlophiloe ka lihlopha ho tloha ho tse fokolang ka palo ho ea ho tse likete-kete. Ka mohlala, molala oa linaleli o haufi le rōna oa Andromeda o ’nile oa hlalosoa e le lefahla le molala oa rōna oa Milky Way. Lihlopha tsena tse peli tse khōlōhali tsa linaleli li matahantsoe ke khoheli. Tsona hammoho le melala e meng e haufi le tsona, li etsa karolo ea sehlopha seo.

Bokahohle bo entsoe ka lihlopha tse se nang palo tsa melala. Lihlopha tse ling li matahanngoa le tse ling ke matla a khoheli, ka hona, li etsa lihlopha tse khōlōhali. Empa ho tloha tekanyong eo ho ea pele, khoheli e felloa ke matla. Bo-rasaense ba fumana hore lihlopha tse khōlōhali li tsamaella thōko le tse ling. Ka mantsoe amang, bokahohle boa atoloha. Tšibollo ena e tsotehang e fana ka maikutlo a hore ho bile le tšimoloho moo bokahohle bo neng bo le bonyenyane ’me bo teteane haholo. Hangata ho hlaha ha bokahohle ho bitsoa ho phatloha ho hoholo ha matla.

Bo-rasaense ba bang ba ’nile ba ba le pelaelo e matla ea hore na motho o tla ke a khone ho fumana hore na bokahohle bo hlahile joang. Ba bang ba nahana ka litsela tseo ka tsona ho ka etsahalang hore ebe bokahohle ba rōna bo bile teng ntle le mohloli o itseng o bohlale. Makasine ea Scientific American, tokollong ea eona ea January 1999, e tšohlile sehlooho “Bokamoso bo Bile Teng Joang?” Tse ling tsa likhopolo tsa bo-rasaense li se li fumanoe li haella. Makasine eo e re: “Ka masoabi, ho ka ’na ha e-ba thata haholo . . . ho litsebi tsa linaleli hore li leke bonnete leha e le bofe ba likhopolo tsena.”

Khopolo ea hore bokahohle bo bile teng ka tšohanyetso e hloka hore motho a lumele ho seo bo-rasaense ba se hlalosang e le “likotsi [tse ngata] tsa mahlohonolo” kapa “lintho tse iketsahalletseng feela.” Ka mohlala, bokahohle bo entsoe ka bongata ba liathomo tse sa rarahanang—hydrogen le helium. Leha ho le joalo, bophelo ha bo hloke hydrogen feela, empa bo boetse bo hloka ka bongata liathomo tse eketsehileng tse rarahaneng, haholo-holo k’habone le oksijene. Bo-rasaense ba ’nile ba ipotsa hore na liathomo tsa bohlokoa joalo li tsoa hokae.

Na e mpa e le ntho e iketsahalletseng feela hore ebe liathomo tse rarahaneng tse hlokahalang bakeng sa ho boloka bophelo li hlaha ka har’a linaleli tse itseng tse khōlōhali? Hona na e mpa e le ho iketsahalletseng feela hore linaleli tsee tse khōlōhali li phatlohe ka khanya e khōlōhali, li ntše pokello ea matlotlo a tsona a liathomo tse sa fumaneheng habobebe? Sir Fred Hoyle, ea neng a ameha litšibollong tsena, o itse: “Ha ke lumele hore rasaense leha e le ofe ea hlahlobileng bopaki bona a ka sitoa ho fihlela qeto ea hore melao ea fisiks ea nyutlelie e hlophisitsoe ka morero.”

Ka hona, a re hlahlobeng ka hloko seo bokahohle ba rōna bo entsoeng ka sona.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

KHOPOLO EA HO IKATOLOSA

Bo-rasaense ba bang ba lumela hore litšobotsi tse itseng tsa bokahohle ba pele, tse kang lebelo la ho atoloha ho tobileng ha bona, li ka hlalosoa ntle le ho kenyelletsa mohloli o bohlale. Ba buella khopolo kapa likhopolo tse bitsoang ho ikatolosa. Leha ho le joalo, khopolo ea bokahohle bo ikatolositseng ha e arabe potso ea hore na bo simolohile hokae. E hloka hore ho lumeloe hore ho na le ntho e itseng e neng e le teng pele eo bokahohle ba rōna bo hlahileng ka tšohanyetso ho eona.

Ho latela khopolo ea ho ikatolosa, bokahohle bo ile ba hōla ka nako e ka tlaase ho motsotsoana ho tloha nthong e nyenyane ho feta athomo ho ea nthong e khōlō ho feta molala oa rōna oa linaleli. Ho boleloa hore ho tloha nakong eo ho ea pele, bokahohle bo ile ba tsoela pele ho atoloha butle, ka tsela e tloaelehileng. Kajeno, karolo e bonahalang ea bokahohle ba rōna e nkoa e le karolo e nyenyane ea bokahohle bo boholo. Batho ba rutang khopolo ea ho ikatolosa ba bolela hore le hoja bokahlohle bo bonahala bo e-na le ponahalo e laolehileng mahlakoreng ’ohle e ka ’na eaba karolo e khōloanyane e sa bonahaleng e fapane, mohlomong ebile e hloka taolo. Setsebi sa tsela eo linaleli li bōpehileng ka eona, Geoffrey Burbidge o re: “Le ka mohla ho ke ke ha e-⁠ba le teko e etsoang ho hlahloba bonnete ba ho ikatolosa.” Ha e le hantle, khopolo ea ho ikatolosa e hohlana le bopaki bo bocha bo fumanoeng. Hona joale ho bonahala hore haeba khopolo eo e ne e le ’nete, ho ne ho tla hlokahala khopolo-taba e ncha ea matla a khahlanong le a khoheli. Rasaense e mong, Howard Georgi, oa Univesithi ea Harvard, o hlalositse ho ikatolosa e le “mofuta o itseng oa tšōmo ea saense e qapiloeng ka bokhabane, eo bonyane e leng e monate joaloka litšōmo tse ling tseo nkileng ka li utloa tsa pōpo.”

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe setšoantšong sena sa Sebonela-hōle sa Hubble Space ke molala

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pages 3 and 4 (blurred): Robert Williams and the Hubble Deep Field Team (STScI) and NASA

[Litšoantšo tse leqepheng la 4]

“Melao ea fisiks ea nyutlelie e hlophisitsoe ka morero.”—Sir Fred Hoyle, ea bontšitsoeng le naleli e khōlōhali e phatlohileng ea 1978A

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Dr. Christopher Burrows, ESA/STScI and NASA

Photo courtesy of N. C. Wickramasinghe