Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Tseparela Tumelo Tlas’a Khatello ea Babusi

Ho Tseparela Tumelo Tlas’a Khatello ea Babusi

Ho Tseparela Tumelo Tlas’a Khatello ea Babusi

JOALOKAHA HO BOLETSE MICHAEL DASEVICH

“Jeremane koana re thuntse Lipaki tsa Jehova. Ua se bona sethunya seo?” ofisiri e ’ngoe ea Gestapo e ile ea mpotsa e supa sethunya se neng se le k’honeng. “Ke ne nka u hlaba ka thipa ea sona eaba ea hlaba ka nģ’ane ho sa re le ho re teke! ho ’na.”

Ke ne ke le lilemo li 15 feela ha ke tobana le tšokelo ena nakong ea ha naha ea heso e ne e hapiloe ke puso ea Manazi ka 1942.

KE HLAHILE ka November 1926 motsaneng o haufi le Stanislav (oo hona joale o bitsoang Ivano-Frankivs’k), eo ka nako eo e neng e le karolo ea Poland. Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše, ho tloha ka September 1939 ho fihlela ka May 1945, sebaka sa rōna se ile sa hapuoa pele ke Soviet Union, hamorao ea e-ba Jeremane ’me qetellong ea e-ba Masoviet hape. Ka mor’a ntoa, se ile sa fetoha karolo ea Ukrainian Soviet Socialist Republic, ’me ha Soviet Union e khaotsa ho ba teng ka 1991, se ile sa fetoha karolo ea Ukraine.

Ntate oa ka oa Mopolishe le ’Mè oa Mobelorussia e ne e le litho tsa Kereke e K’hatholike ea Segerike. Joale ka 1939, basali ba babeli bao e neng e le ba phutheho ea Lipaki tsa Jehova tse 30 motseng oa boahisani oa Horyhliady ba ile ba re siela bukana ea Universal War Near. E ne e hlalosa liketsahalo tseo ke neng ke li bona li etsahala. Ka hona, ha bukana eo e botsa, “Ha e le hantle lebaka la sebele le etsang hore lichaba li potlakele ho ea ntoeng ke lefe?” ke ile ka ela hloko tlhaloso e ileng ea fanoa e neng e thehiloe Bibeleng.

Bothata ba rōna e ne e se ntoa feela Ukraine. Ho ne ho e-na le tlala ea sekoboto. Leano la Tona-khōlō ea Masoviet, Joseph Stalin, le ile la etsa hore batho ba lelekeloe Russia ka sheshe. Mahlomola ao ke ileng ka a bona a ile a etsa hore ke hlahlobe Bibele haholoanyane. Ke ile ka kōpa Paki ea Horyhliady hore e ithute Bibele le ’na.

Motse oa rōna oa Odajiv le oa Horyhliady o arotsoe ke Nōka ea Dniester, ’me makhetlo a ’maloa ka beke, ke ne ke palama seketsoana ho tšela nōka eo ho ea ithuta Bibele. Ka August 1941, ’na le ausi oa ka Anna re ile ra kolobetsoa nōkeng eo hammoho le ba bang ba babeli.

Ho Hlongoa Lipotso ke Gestapo

Jeremane e ile ea qala ho re busa ka 1941, ’me ho sa tsotellehe tšoso e neng e tsoela pele ea hore re tla fuoa kotlo, ha rea ka ra khaotsa tšebeletso ea rōna ea Bokreste. Selemong se latelang ke ile ka qala ho bula maliboho, ke tsamaea ka baesekele. Nakoana ka mor’a moo, ke hona moo ke ileng ka tobana le Legestapo la Jeremane leo ho builoeng ka lona selelekeleng. Se ileng sa etsahala ke sena.

Ka letsatsi le leng ha ke khutlela hae ke tsoa tšebeletsong, ke ile ka pota le ha Bakreste-’moho le ’na ba babeli, ’mè le morali oa hae. Monna oa morali eo o ne a hanyetsa tumelo ea rōna ’me o ne a ikemiselitse ho fumana moo mosali oa hae a fumaneng lingoliloeng tsa Bibele teng. Letsatsing leo, ke ne ke sa nka lingoliloeng feela, empa ke ne ke boetse ke e-na le tlaleho ea tšebeletso ea Bakreste-’moho le ’na. Monna oa hae o ile a mpona ha ke tloha lapeng.

O ile a kharuma: “Ema!” Ke ile ka shoba mokotla oa ka ’me ka qela ho leoto.

O ile a hlaba mokhosi: “Thibang lesholu ke leo!” Basebetsi ba masimong ba ile ba nahana hore ke tlameha ke utsoitse ho itseng, ka hona ba nthiba. Monna eo o ile a nkisa sepoleseng, moo ofisiri eo ea Gestapo e neng e le teng.

Ha ofisiri eo e bona lingoliloeng tse ka mokotleng oa ka, e ile ea tleroha ka Sejeremane ea re: “Rutherford! Rutherford!” Ha kea ka ka hloka toloko hore ke tsebe se e halefisang. Lebitso la Joseph F. Rutherford, eo e neng e bile mopresidente oa Watch Tower Bible and Tract Society, le ne le hlaha leqepheng le nang le sehlooho la libuka tse hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova. Joale monna eo o ile a nqosa ka hore ke ratana le mosali oa hae. Mapolesa le ofisiri ea Gestapo ba ne ba ka iponela hore ke qoso e sa tlalang kaha mosali oa hae o ne a le moholo hoo e ka bang ’mè oa ka. Joale ba ile ba qala ho ntlhoma lipotso.

Ba ne ba batla ho tseba hore na ke mang le hore na ke tsoa hokae, ’me haholo-holo ba batla ho tseba hore na ke nkile libuka tseo kae. Empa ha kea ka ka ba bolella. Ba ile ba nkotla makhetlo a ’maloa ’me ba nketsa tseketseke ea bona, ’me ka mor’a moo ba nkoalla ka seleng. Ke ile ka hlongoa lipotso ka matsatsi a mararo a latelang. Joale ke ile ka nkeloa ofising ea ofisiri ea Gestapo, moo e ileng ea ntšosa ka hore e tla ntlhaba ka thipa ea eona e hlonngoeng sethunyeng e be e hlahelle ka nģ’ane. Ka nako eo ke ne ke sa tsebe hore na e hlile e tla phethahatsa tšoso ea eona kapa che. Ke ile ka inama, ’me ha latela motsotso o molelele oa khutso. Joale ka tšohanyetso e ile ea re: “Hata kosene.”

Joalokaha u ka bona, ho bolela nakong eo e ne e le phephetso ea sebele ho rōna, feela joaloka ho tšoara liboka tsa rōna. Re ile ra keteka Sehopotso sa lefu la Kreste la selemo le selemo ka la 19 April, 1943, re sebelisa likamore tse peli tsa ntlo e ’ngoe Horyhliady. (Luka 22:19) Ha re se re le haufi le ho qala liboka, mohoo o ile oa ipetsa oa hore mapolesa a tla a lebile ntlong eo. Ba bang ba rōna re ile ra ipata tšimong, empa ausi oa ka Anna le basali ba bang ba bararo ba ile ba ea kamoreng e ka tlaase. Mapolesa a ile a ba fumana moo ’me a ba hulela ka ntle ka bonngoe ho ea ba botsa lipotso. Ba ile ba qeta lihora ba tšoeroe hampe, ’me e mong oa bona o ne a tsoile likotsi tse mpe.

Maemo a Lefatše aa Fetoha

Lehlabuleng la 1944, Majeremane a ile a ikhula ’me Masoviet a nka sebaka sa rōna hape. Re le bahlanka ba Jehova, re ile ra khomarela melao-motheo e tšoanang ea Bibele eo re neng re ile ra phela ka eona tlas’a puso ea Manazi. Re ile ra hana ho nka karolo sesoleng kapa mesebetsing ea lipolotiki. Ka potlako botšepehi ba rōna melao-motheong e joalo ea Bibele bo ile ba lekoa.—Esaia 2:4; Matheu 26:52; Johanne 17:14.

Ka matsatsi a se makae feela, Masoviet a ile a qala ho thaothela bahlankana bohle tšebeletsong ea sesole. Ho neng ho thatafatsa maemo le ho feta ke hore e ne e se Masoviet feela a thaothang. Batšehetsi ba Maukraine ba ile ba tla sebakeng sa rōna ho tla batla bahlankana, bao ba ileng ba ba isa morung ho ea ba koetlisetsa ho loana. Ka hona, rōna Lipaki re ne re le boemong bo thata ba ho paka ho se nke lehlakore ha rōna lihlopheng tsena tse peli tse loantšanang—Masoviet le batšehetsi bana.

Lihlopha tsena tse peli li ile tsa qoaketsana hona motseng oa rōna, ’me ba ’maloa ba batšehetsi bana ba sala ba bolailoe seterateng pel’a lapeng. Masoviet a boholong a ile a tla lapeng ho tla botsa hore na re tseba bao ba shoeleng. Liofisiri tseo tse tlileng li ile tsa etsa qeto ea ho tsamaea le ’na hore ke e’o kena lebothong la tsona la ntoa, le neng le bōpa lebotho la masole a Mapolishe. Kaha ke ne ke le oa semelo sa Mapolishe, ke ne ke il’o ngolisoa ho lona.

’Na le Lipaki tse ling tse ’nè re ile ra hana ho kenngoa lebothong la ntoa, ka hona, re ile ra palamisoa terene ho isoa Dnipropetrovs’k, e leng motse o lik’hilomithara tse 700 ka bochabela. Teng, eitse ha re qeta ho hlalosa hore re ke ke ra sebetsa sesoleng ka lebaka la tumelo ea rōna e thehiloeng Bibeleng, re ile ra tšoaroa ha ho ntse ho hlophisoa liqoso tsa rōna. Ha re hlaha ka lekhotleng, re ile ra tseba hore ’matlisisi oa ba seng sesoleng e ne e le Mojuda. Re ile ra itšireletsa ka ho hlalosa tumelo ea rōna, ’me ’matlisisi o ile a e mamela ka hloko. Re ile ra bolela lintho tseo re neng re tseba hore o tla li thahasella, ho kopanyelletsa le khatello ea Baiseraele le ho lopolloa ha bona ke Moshe Egepeta.

Likhoeling tseo ho emetsoeng hore re fumane kahlolo ea lekhotla ka tsona, re ile ra kenngoa ka seleng le batho ba ka bang 25. Ha ba utloa hore re hanne ho kena lebothong la ntoa, ba ile ba re: “Le barab’abo rōna!” Leha ho le joalo, ka potlako re ile ra fumana hore e ne e se Lipaki empa e ne e le Mabaptiste. Ba ne ba ikemiselitse ho kena lebothong la ntoa, empa ba ile ba tšoaroa ha ba hana ho nka libetsa.

Ka May 1945, ha re ne re ntse re le litlamong Dnipropetrovs’k, re ile ra tsosoa ke molumo oa lithunya le batho ba hoeletsang har’a mpa ea bosiu liahelong tsa masole le ka ntle literateng. Re ile ra ipotsa hore na ebe ke morusu, ntoa kapa litlatse tsa thabo. Ka le hlahlamang ha re le lijong tsa hoseng, re ile ra utloa ha litaba li ntse li baloa ka kamoreng eo ho kuteloang moriri ka ho eona: Ntoa e ne e felile! Ka potlako ka mor’a moo, lekhotla le ile la phatlalatsa likahlolo tsa rōna. Re ile ra fuoa kotlo e tšoanang le ea Mabaptiste—lilemo tse leshome likampong tsa chankana.

Kampo ea Chankana Russia

Rōna Lipaki tse hlano re ile ra isoa kampong ea chankana e Russia. Ka mor’a leeto la libeke tse peli ka terene, qetellong re ile ra fihla Sukhobezvodnoje, lik’hilomithara tse ka bang 400 ka bochabela ho Moscow. Sukhobezvodnoje e ne e le setsi sa tsamaiso ea likampo tsa mosebetsi o boima tse 32 tse neng li le pel’a seporo. Kampo ka ’ngoe e ne e e-na le batšoaruoa ba likete. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng ke le Sukhobezvodnoje, ke ile ka isoa Kampong ea No.18. Boholo ba batšoaruoa moo e ne e le litlokotsebe le ba tšoaretsoeng lipolotiki.

Ba boholong ba ile ba re fa mosebetsi oa ho rema lifate, e leng mosebetsi o neng o le boima haholo. Ka linako tse ling re ne re lokela ho tsamaea lehloeng le pakellaneng hoo le fihlang thekeng, re reme lifate ka sakha ea letsoho ebe re hulanya likutu tsa tsona hona moo lehloeng. Hang ka beke, ka Sontaha ka mor’a lijo tsa hoseng, ke ne ke e-ba le monyetla oa ho tšohla ho itseng ha Bibele le Lipaki tse ling tse ’nè tse neng li le moo kampong. Tsena e ne e le liboka tsa rōna. Re ne re boetse re keteka Sehopotso, ka selemo se seng ra se ketekela ka ntlong ea ho itlhatsoetsa. Re ne re sebelisa lero la monokotšoai o motšo kaha re ne re se na veine eo re ka e sebelisang e le tšoantšetso ea mali a Jesu.

Ke ne ke imeloa ke boikutlo ba ho ba thōko le ba bang. Ke ile ka tšollela pelo ea ka ho Jehova, ea ileng a ’matlafatsa joalokaha a ile a matlafatsa Elia ha moprofeta eo a ne a imetsoe ke maikutlo a tšoanang. (1 Marena 19:14, 18) Molimo o ile a nthusa hore ke bone hore re ne re se bang. Ka sebele e ne e le tšiea e tsitsitseng le e tiileng bophelong ba ka, esita le tlas’a maemo ao a thatahali.

Likampo tse ling tse neng li le haufi le Sukhobezvodnoje li ne li e-na le Lipaki tse ’maloa, ’me re ne re khona ho buisana le tsona nako le nako ka Paki e ’ngoe eo mosebetsi oa eona o neng o e lumella ho etela likampo tsohle. E ile ea e-ba mokena-lipakeng, ea mokola lingoliloeng hore li kene le ho tsoa likampong. Sena se ile sa etsa hore re arolelane lingoliloeng leha e le life tse fokolang tseo re neng re e-na le tsona. Seo e ile ea e-ba khothatso e kaakang!

Ho Khutlela Ukraine

Ka lebaka la ho lokolloa ha batšoaruoa ba tšoaretsoeng ho ileng ha phatlalatsoa ke ’Muso, kahlolo ea ka e ile ea fokotsoa hore e se hlole e e-ba lilemo tse leshome, empa e be tse hlano. Ka hona, ka April 1950, ke ile ka khutlela phuthehong eo ke neng ke tsoa ho eona ea Horyhliady. Mosebetsi oa rōna o ne o ntse o thibetsoe Ukraine, ’me ho kopanela tšebeletsong ho ne ho beha motho kotsing e khōlō. Empa ho bile joalo le ka meputso.

Kapele ka mor’a hore ke khutle, ke ile ka bua le monna ea neng a bitsoa Kozak, ea neng a lula Zhabokruky, motse o ka bang lik’hilomithara tse 20 ho tloha moo ke lulang. Ke ile ka mo botsa hore na eena le lelapa la hae ba ntse ba e-ea joang bophelong. Ke ne ke tseba hore basebeletsi ba lipolasi tsa kopanelo ba ne ba tšoenyehile haholo ka ho ikhoantlella bophelong, ka hona, ke ne ke tseba hore potso e joalo e ne e le tsela e molemo ea ho qalisa moqoqo. Ke ile ka mo hlalosetsa hore Bibele e ile ea bolela esale pele ka ho haella ha lijo le ka lintoa tsa mehleng ea rōna. (Matheu 24:3-14) O ne a batla ho tseba ho eketsehileng. Ka hona, ke ile ka mo etela hape. Beke e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke tsamaea lik’hilomithara tse 40 kapa ho feta ho tloha Zhabokruky ho ea ithuta Bibele le lelapa la Kozak. Ha ba ha Kozak ba kolobetsoa ka August 1950, ke ile ka lebala ka ho feletseng ka likotsi tseo ke neng ke ipeha ho tsona, ke se ke sa re letho ka nako e neng e ameha.

Hang ka mor’a hore ba ha Kozak ba kolobetsoe, ba ile ba isoa botlamuoeng hammoho le Lipaki tse ling tse likete. Ba ile ba phuthoa ka tšohanyetso ke masole a hlometseng mathoasong a April 1951 ’me—ntle le nyeoe kapa ho hlahloba molato oa bona—ba isoa Siberia. Ke hona mona moo ba ha Kozak le metsoalle ea ka e meng e mengata ba ileng ba qobelloa hore ba lule teng. *

Malapeng a Lipaki a 15 Horyhliady, ho ile ha lelekoa a mane feela. Leha ho le joalo, liphuthehong tse ling palo ea Lipaki tse lelekiloeng e ne e hlile e phahame. Teleko eo e khōlō e ne e hlophisitsoe joang? Ba boholong ba ne ba e-na le lethathamo la Lipaki ’me ka hona, ba ile ba khona ho phutha tse ngata ho ea kamoo ba ratang kateng. Ho bonahala lethathamo leo le ne le entsoe ka 1950, ha ke ne ke ntse ke le chankaneng Russia, ka hona lebitso la ka le ne le le sieo. Khoeli pele ho moo, ka March 1951, ke ne ke ile ka nyala Fenia, mohlanka ea tšepahalang oa Jehova. Lelapa labo Fenia le ile la isoa botlamuoeng kaofela, empa eena o ile a pholoha tlokotsi eo kaha ke ne ke mo nyetse ’me a sebelisa fane ea ka, e neng e le sieo lethathamong.

Liteko Tse Matla Tsa Tumelo

Ka mor’a ho lelekoa ha bona, rōna ba neng ba setse re ile ra tlameha ho hlophisa mosebetsi bocha. Ke ile ka kōptjoa hore ke hlokomele liphutheho tse haufi le Ivano-Frankivs’k, moo le ka mor’a ho lelekoa ha Lipaki, ho neng ho ntse ho e-na le tse ka bang 30 tse setseng phuthehong ka ’ngoe ho tse 15. Kaha ke ne ke le ’metli oa mapolanka ea itšebetsang, ke ne ke e-na le kemiso e tenyetsehang, ka hona, ke ne ke kopana ka sekhukhu le barab’eso phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe hanngoe ka khoeli.

Hangata re ne re kopana bosiu setšeng sa mabitla moo re neng re e-na le bonnete ba hore re bang. Taba e ka sehloohong eo re neng re buisana ka eona e ne e le ho etsa bonnete ba hore liphutheho tsohle li na le lingoliloeng tsa Bibele. Ka linako tse ling re ne re fumana makasine ea Molula-Qhooa e nakong ka Sepolishe kapa Seromania ’me re e fetolele Seukraineng. Leha ho le joalo, ba boholong ba ne ba lula ba re behile merebele, ba leka ho fumana le ho senya mechine ea rōna ea boholo-holo e neng e etsa likopi.

Empa bothata bo boholo boo re neng re e-na le bona e ne e le ba ho ba thōko le barab’abo rōna ba Bakreste linaheng tse ling, ho kopanyelletsa le ba Brooklyn, New York, ba neng ba etella pele mosebetsing oa rōna oa Bokreste. Phello e bile hore hangata liphutheho tsa rōna li ne li khathatsoa ke ho hloka kutloano, litaba tsa bo-ba-re le ho qhekella. Lipaki tse ling li ile tsa tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng ’me tsa ithehela lihlopha tsa bohanyetsi. Ho bile ha hasanngoa le lipale tsa leshano le tse sa rateheng ka ba etellang mosebetsi pele Brooklyn.

Ka hona, ba bangata ba rōna re ile ra fumana hore liteko tsa rōna tse matla tsa tumelo li ne li bakoa ke likhohlano tse ka liphuthehong, eseng ke mahloriso a tsoang ho bahanyetsi. Le hoja ba bang ba ile ba khetha ho se hlole ba rapela hammoho le rōna, re ile ra ithuta hore ke habohlokoa ho itšoarella ka mokhatlo o hlophisitsoeng le ho letela Jehova hore a lokise lintho. Hoa thabisa hore boholo ba Lipaki sebakeng sa rōna bo ile ba etsa joalo. Ke boetse ke thabela ho bolela hore ba bangata ba ba ileng ba tlohela mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba hlokomela phoso ea bona ’me hamorao ba khutla ho tla sebeletsa Jehova le rōna.

Esita le linakong tseo tse thata tsa ho ba thōko le barab’abo rōna, re ile ra tšoareha tšebeletsong ea phatlalatsa ’me ra hlohonolofatsoa ka ho enneng. ’Me ke meputso e mekaakang eo re e boneng! Nako le nako ha ke e-ea Thutong ea Buka ea Phutheho, ke hopola litlhohonolofatso tsa Jehova. E mong le e mong oa ba 20 kapa ho feta sehlopheng sa rōna sa thuto o thusitsoe ho tseba ’nete ke litho tsa lelapa la ka.

Batsoali ba ka le ausi oa ka Anna ba se ba hlokahetse, ’me ba hlokahetse ba ntse ba tšepahala ho Jehova. ’Na le Fenia re ntse re le mafolofolo ka hohle kamoo re ka khonang ho sebeletseng Jehova. Ka sebele nako e fetile ka potlako. Lilemong tse 30 tse fetileng, Lipaki tsa Jehova Ukraine li bile le phihlelo ea liketsahalo tse hlasimollang tseo ho sa khoneheng ho li bolela paleng ena e khutšoanyane. Empa kea khotsofala ha ke hetla morao lilemong tse ngata tseo ke li qetileng ke sebeletsa Jehova, ke kholisehile hore o tla lula e le tšiea ea ka e tiileng le setšehetso sa ka, kaha ha a ipolela o re: “Ke ’na Jehova, ha kea fetoha.”—Malakia 3:6NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 32 Bona sehlooho se reng “Ho ba Tlas’a Thibelo ea Bokomonisi ka Lilemo Tse Fetang 40,” tokollong ea Molula-Qhooa oa March 1, 1999, leqepheng la 24-9, le se reng “Ho Isoa Botlamuoeng Siberia!,” tokollong ea Tsoha! ea May 8, 1999, leqepheng la 20-5.

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

’Na le Fenia ka 1952

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

’Na le Fenia kajeno