Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Hobane’ng ha ke le Mosesaane Hakaale?

Ke Hobane’ng ha ke le Mosesaane Hakaale?

Bacha Baa Botsa . . .

Ke Hobane’ng ha ke le Mosesaane Hakaale?

JUSTIN o mosesaane ’me o koenne, empa ha a khotsofalle ’mele oa hae. Oa lumela: “Ke leka ho eketsa boima ba ’mele.” Ka hona, hajoale o ja hahlano ka letsatsi, e leng lijo tse nang le lik’hilojule tse 16 800. Leha ho le joalo, o batla boima bo eketsehileng bakeng sa ho ba le mesifa e tiileng. Ka hona, oa phaella: “’Na le motsoalle oa ka re tsoha hoseng ho ea sebakeng sa boikoetliso ba ’mele ka matsatsi a itseng ho ea phahamisa litšepe pele re e-ea mosebetsing.”

Vanessa le eena o batla a le mosesaane. Empa o khotsofaletse boima ba ’mele oa hae. Vanessa oa hopola: “Ha ke sa le monyenyane bana ba bang ba ne ba rata ho ntšeha ba mpitsa roba-u-bese. Empa ha ke sa tšoenyeha ka hona. Ke ikamohetse kamoo ke leng kateng.”

‘Ikamohele kamoo u leng kateng.’ Eo e utloahala e le keletso e molemo. Empa e ka ’na ea e-ba keletso e boima ho e sebelisa. Joaloka mocha, e ka ’na eaba u ‘paleseng ea bocha.’ (1 Bakorinthe 7:36) Ka ho khetheha, nako e ferekanyang haholo ke ea ho fetoha litšobotsi ka potlako ha motho a kena bonneng kapa bosaling. Nakong eo ea ho kena bonneng kapa bosaling, litho tsa ’mele oa hao li ka ’na tsa hōla ka lebelo le fapaneng; matsoho a hao, maoto le litšobotsi tsa sefahleho li ka ’na tsa bonahala li sa lekane ka tsela e nyahamisang. * Sena se ka etsa hore u ikutloe u sa phutholoha u bile u sa khahlise. Joale ho boetse ho na le ’nete ea hore bacha bohle ba hōla ka lebelo le fapaneng. Ka hona, le hoja ba bang ba lithaka tsa hao ba ka ’na ba koena hantle kapa ba e-ba le fikara ea bosali, u ka ’na ua bonahala u ntse u le mosesaane ha u bapisoa le bona.

Le hoja ho builoe ho hongata ka bacha ba ikutloang ba nonne ho tlōla tekanyo, hangata bacha ba ikutloang ba le basesaane haholo ba tlōlisoa mahlo. Sena se ka etsahala haholo merabeng e itseng le linaheng tse ling moo bosesaane bo nkoang e se letšoao la botle. Libakeng tse joalo, ngoanana e mosesaane a ka utloisoa bohloko ke ho tšehoa ka hore ke “tšase.”

Ho thoe’ng ka bashanyana? Ho latela ’matlisisi Susan Bordo, “liphuputso tse ’nileng tsa etsoa lilemo tse mashome pele ho bo-1980 mabapi le ponahalo ea ’mele li ’nile tsa bontša hore ha basali ba ne ba icheba ka seiponeng, ba ne ba bona lipha feela.” Banna bona? Bordo o tsoela pele: “Banna ba ile ba sheba seipone ’me ba bona sebōpeho se nepahetseng kapa ha e le hantle ba bona se setle le ho feta kamoo ba neng ba lebeletse kateng.” Empa lilemong tsa morao tjena, seo se qalile ho fetoha. A hlokomela hore banna ba feta kotara bathong ba buuoang sefahleho ka morero oa ho se ntlafatsa, Bordo o amahanya keketseho ena ea kajeno ea bahlankana ba thahasellang ho koena, le ’mele ea banna e “metle” e bontšoang lipapatsong tsa liaparo tsa ka hare United States le linaheng tse ling tsa Bophirimela. Ka tloaelo, sena se ’nile sa susumetsa bashanyana ba lilemong tsa bocha. Ba ka ’na ba ikutloa ba sa tšoanelehe haeba ba se na ’mele e koenneng ea banna ba limotlelara.

Haeba u mosesaane, u ka ’na ua iphumana u ipotsa hore, ‘Ke eng se phoso ka ’na?’ Litaba tse molemo ke hore e ka ’na eaba ha ho letho le phoso.

Lebaka Leo ka Lona U Leng Mosesaane

Ho bacha ba bangata, ho ba mosesaane ke ntho e tloaelehileng. Hangata e mpa e le feela phello ea ho hōla ka sekhahla le tlhahiso ea matla ka lebelo ’meleng tse tlang le lilemo tsa bocha. Hangata tlhahiso ea matla ’meleng oa hao e tla fokotseha ha u ntse u hōla. Leha ho le joalo, haeba u le bosesaane bo feteletseng ho sa tsotellehe ho ja ha hao lijo tse matlafatsang, ho ka ba molemo ho bona ngaka ea hao hore e hlahlobe lefu leha e le lefe le kang lefu la tsoekere, le ka etsang hore motho a fokole ’meleng.

Steven Levenkron, setsebi se tsebahalang sa mathata a tsamaisanang le ho ja, o ile a bolella Awake!: “Ke hopola moroetsana e mong ea neng a fokotse ho tlōla tekanyo ea ileng a tlisoa ho ’na ho thoe o na le bothata ba ho ipolaisa tlala, ’me o ne a fela a shebahala joaloka motho ea nang le bothata ba ho ja. Empa ka potlako ke ile ka elelloa hore bothata ba hae bo ne bo le ’meleng, eseng kelellong. Ngaka ea lelapa labo e ne e hlōtsoe ho bona hore o tšoeroe ke Crohn’s disease, boloetse ba mala a lomang habohloko. Ho se lemohe hoo ho ka be ho ile ha bolaea ngoanana enoa.” Haeba u na le lefu la tsoekere kapa lefu leha e le lefe le etsang hore u fokole, ke bohlale hore u latele keletso ea ngaka ea hao ka hloko.

Ke ’nete hore ka linako tse ling bosesaane e ka ’na ea e-ba letšoao la ho tepella maikutlo. Bukeng ea hae ea Anatomy of Anorexia, Dr. Levenkron o hlokomela seo babatlisisi ba bang ba se bolelang, hore palo e khōlō ea “batho ba tšoeroeng ke lefu la tsoekere ba seng ba itšetlehile ka insulin ba na le bothata ba ho ja, ho qala ka ho lemalla ho ja ho tlōla ho ea ho lefu le bakoang ke ho ja haholo le ho itlhatsisa ka mor’a moo, le la ho ipolaisa tlala.” Ngaka e nang le mangolo e ka khona ho bona haeba ho e-na le mathata a joalo a ho ja. *

Litlhahiso Tse Sebetsang

A re nke hore u tsoa bona ngaka ea hao ’me u mosesaane le hoja u phela hantle. Joale u lokela ho etsa eng? Ho Jobo 8:11, Bibele e re: “Na moseme o ka mela moo mohlaka o leng sieo na? Kapa lehlaka le ka ata moo metsi a leng sieo na?” Joalokaha semela se atleha ha se le sebakeng se nepahetseng ’me se fumana matsoai, le uena u hloka lijo tse matlafatsang hore u be motho e moholo ea natlafetseng. Sena ke sa bohlokoa ho sa tsotellehe hore na u leka ho eketsa boima ba ’mele kapa ho bo fokotsa.

Leha ho le joalo, u se ke ua ba tekong ea ho qala ho ja haholo lijo tse mafura e le hore u ka nona kapele. Ha Susan Kleiner, setsebi sa lijo, a hlahloba lijo tsa batho ba imatlafatsang ka ho ikoetlisa, o ile a lemoha hore ba ja lik’hilojule tse ka bang 25 000 ka letsatsi! Empa ho latela Kleiner, “ntho e tšoenyang eo a e sibolotseng patlisisong ena ke hore ka karolelano, ba ja ligrama tse fetang 200 tsa mafura ka letsatsi. Seo se batla se lekana le mafura ao u ka a fumanang lipaketeng tse peli tsa botoro! Ka nako e khutšoanyane, seo se lekane ho kulisa batho ba bangata. Ha batho ba lemalla ho ja mafura a makaalo ka nako e telele, seo se ka etsa hore ba tšoaroe ke lefu la pelo.”

Ho latela U.S. Department of Agriculture (USDA), motheo oa lijo tse matlafatsang o entsoe ka lik’habohaedreite tse kang mahobe, lijo-thollo, raese le pasta. Tse latelang ka bohlokoa ke meroho le litholoana. USDA e khothalletsa hore ho jeoe nama le lintho tse entsoeng ka lebese ka ho itekanela feela.

E le ho beha leihlo hore na u ja eng le hore na u ja hakae, u ka ’na ua leka ho boloka bukana ea ho ngola sohle seo u se jang. Lula u e-na le bukana e nyenyane beke kaofela, ’me u ngole ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e jang le hore na u e ja neng. U ka ’na ua makala ha u sibolla hore ha u je ka tsela eo u neng u nahana ka eona, haholo-holo haeba u lula u potlakile. Kaha u mocha ea mahlahahlaha, u ka ’na ua sebelisa habonolo lik’hilojule tse 12 600 kapa ho feta ka letsatsi! U ka ’na ua fumana le hore lijo tsa hao hase tse matlafatsang joalokaha ho ka lebelloa—mohlomong boholo ke lijo tse phehoang ka lepotlapotla tse kang li-burger le pizza ’me ebe ha u je litholoana le meroho e lekaneng.

Ho thoe’ng ka lipilisi tse bitsang chelete e ngata tse matlafatsang joaloka lijo? Li ka ’na tsa se ke tsa hlokahala. Litsebi tse ngata li lumela hore u ka fumana phepo eohle e nepahetseng eo ’mele oa hao o e hlokang ka ho ja lijo tse hahang ’mele. Ka holim’a tsohle, qoba litharollo tsa ka potlako tse kang ho sebelisa li-anabolic steroid. Ka masoabi, tšebeliso e mpe ea li-steroid hase bothata bo atileng feela ho bacha ba bashanyana. New York Times ea tlaleha: “Ho sebelisoa ho eketsehileng [ha li-steroid] ho banana, hoo babatlisisi ba bang ba ho hlalosang e le mofuta o fapaneng ka tsela e itseng oa ho ipolaisa tlala, ho se ho lekana le ha bashanyana ho neng ho qale ka bo-1980.” Palo e tšosang ea bacha ba banana ba 175 000 United States ea lumela hore e sebelisa lero la maiketsetso le hōlisang mesifa le ho eketsa matla. Lithethefatsi tsena li ’nile tsa amahanngoa le liphello tse ngata tse bohloko, tse akarelletsang ho ba le mohoete o sa batleheng sefahlehong, ho ilela khoeli ho sa tsitsang le kankere ea matsoele ho basali le kankere ea tšoelesa e ka tlas’a senya ho banna, methapo e kibaneng e tsamaisang mali ho tsoa pelong, le kankere ea sebete ho basali le ho banna. Le ka mohla, li-steroid ha lia tlameha ho sebelisoa ntle leha e le ka taelo ea ngaka ’me ebile e ntse e hlahloba hore na li sebetsa joang.

Ho Ikokobetsa le ho Sheba Lintho ka Tsela ea Sebele

Bibele e re bolella hore re be ba ‘tsamaeang le Molimo ka boikokobetso.’ (Mikea 6:8) Boikokobetso bo kopanyelletsa ho lemoha bofokoli boo motho a nang le bona. Boikokobetso bo tla u thusa hore u ananele ponahalo ea hao kamoo e leng kateng. Ke ’nete hore ha ho letho le phoso ka ho batla ho shebahala hantle. Empa ho tšoenyeha ka ho feteletseng ka ponahalo ea hao ha ho ruise motho molemo—haese ho ruisa feshene le indasteri ea lijo molemo. Litsebi tsa ho koena ha ’mele li lumela hore ka karolelano, banna ha ba na liphatsa tse nepahetseng tsa lefutso tse ka etsang hore e be ba hahileng ’mele ea bona ka tsela e tsoileng matsoho lefatšeng, ho sa tsotellehe hore na ba ja hantle hakae kapa hona hore na ba ikoetlisa hakae. ’Me haeba u ngoanana, ho ka etsahala hore ebe ’mele oa hao o ke ke oa nonopela ho sa tsotellehe hore na u ja hakae.

Ho thahasellisang ke hore ho lebisa tlhokomelo e nyenyane linthong tseo u li aparang ho ka ’na ha thusa ho felisa seo u nkang e le bofokoli ba ’mele. Qoba liaparo tse totobatsang likarolo tse joalo tsa ’mele oa hao ka ho sa hlokahaleng. Ba bang ba fana ka tlhahiso ea hore motho a apare liaparo tse khanyang kaha tse lefifi li bonahala li etsa batho ba basesaane hore ba shebahale ba le basesaane le ho feta.

Hape, hopola hore se molemo ho feta litšobotsi tsa hao hōle ke botho ba hao. Qetellong, ho bososela ha hao ho thabisang le boitšoaro bo mosa li tla etsa ho hoholo ho etsa hore u khahle ba bang ho feta ha u le mesifa-sifa kapa u apara saese e itseng ea liaparo. Haeba khafetsa metsoalle ea hao e u nyenyefatsa ka tsela eo u shebahalang ka eona, batla batho ba u ratang ka lebaka la seo u leng sona ka hare—seo Bibele e se bitsang “motho ea ka sephiring oa pelo.” (1 Petrose 3:4) Ka holim’a tsohle, le ka mohla u se ke ua lebala hore “motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.”—1 Samuele 16:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Bona sehlooho sa “Bacha Baa Botsa . . . Na ke Hōla ka ho Tloaelehileng?” tokollong ea Tsoha! ea October 8, 1993.

^ ser. 12 Bona lihlooho “Bacha Baa Botsa . . . Ke Hobane’ng ha ke Tšoenyeha ka Boima ba ka ba ’Mele?” le “Nka Hlōla ho Tšoenyeha ka Boima ba ka ba ’Mele Joang?” litokollong tsa rōna tsa May 8 le June 8, 1999.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Bacha ba bang ba itenehela haholo ka ho ba basesaane