Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lefatše—Na le “Thehiloe” ka Tšohanyetso?

Lefatše—Na le “Thehiloe” ka Tšohanyetso?

Lefatše—Na le “Thehiloe” ka Tšohanyetso?

LEFATŠE le tlameha ho potoloha letsatsi le le sebakeng se bohōle bo nepahetseng e le hore le qobe mocheso o feteletseng. Litsing tse ling tsa potoloho ea lipolanete ho ’nile ha hlokomeloa lipolanete tse potolohang linaleli tse kang letsatsi ’me li nkoa li le ‘sebakeng seo ho ka luloang ho sona’—ke hore li ka khona ho boloka metsi. Empa le tsona lipolanete tsena tseo ho thoeng ho ka luloa ho tsona li ntse li ka ’na tsa se ke tsa lokela bakeng sa hore motho a phele ho tsona. Le tsona li lokela ho potoloha ka lebelo le nepahetseng ’me e be tse boholo bo lekaneng.

Haeba lefatše le ne le le boholo bo ka tlaasana le bile le le bobebe ho feta kamoo le leng kateng, matla a khoheli a ne a tla fokola ’me boholo ba tikoloho ea bohlokoa e teng ho pota-pota lefatše bo ne bo tla nyamella sepakapakeng. Sena se ka bonoa tabeng ea khoeli le lipolanete tse peli, Mercury le Mars. Kaha li nyenyane ebile li bobebe ho feta lefatše, li na le sepakapaka se fokolang kapa ho hang ha li na sona. Empa ho thoe’ng haeba lefatše le ne le le leholoanyane le bile le le boimanyana ho feta kamoo le leng kateng?

Joale khoheli ea lefatše e ne e tla ba matla haholoanyane ’me likhase tse bobebe tse kang hydrogen le helium li ne li tla nka nako e telele pele li fela sepakapakeng. Buka ea saense ea Environment of Life ea hlalosa: “Ha bohlokoahali ke hore ho leka-lekana ho fokolang pakeng tsa likhase tse sepakapakeng ho ne ho tla ferekana.”

Kapa nahana ka oksijene e tukisang mollo. Haeba boemo ba eona bo ne bo ka eketseha ka karolo e le ’ngoe lekholong, mello ea merung e ne e tla qhoma nako le nako. Ka lehlakoreng le leng, haeba khase ea mocheso oa lefatše o feteletseng, carbon dioxide, e ne e ka tsoela pele ho eketseha, re ne re tla tobana le bothata ba lefatše le chesang ho tlōla moeli.

Tsela ea ho Potoloha ha Lefatše

Tšobotsi e ’ngoe e ntle ke boemo ba ho potoloha ha lefatše. Haeba le ne le potoloha ka tsela e batlang e le motopo, re ne re tla hlokofatsoa ke mocheso o sa mamelleheng. Ho e-na le hoo, lefatše le batla le potoloha ka tsela e chitja. Ke ’nete hore boemo bo ne bo tla fetoha haeba polanete e khōlō joaloka Jupiter e ne e ka feta haufi. Lilemong tsa morao tjena bo-rasaense ba sibolotse bopaki ba hore linaleli tse ling li na le lipolanete tse khōlō joaloka Jupiter tse potolohang haufi le tsona. Bongata ba lipolanete tsena tse kang Jupiter li na le litsela tse batlang li le motopo. Polanete leha e le efe e kang lefatše tsamaisong e joalo e ne e ka ba bothateng.

Setsebi sa linaleli Geoffrey Marcy se ile sa bapisa tsamaiso ena ea lipolanete ea ka ntle le lipolanete tse ’nè, Mercury, Venus, Lefatše le Mars, tse etsang setsi sa rōna sa tsamaiso ea lipolanete. Ha a botsoa lipotso, Marcy o itse: “A’ku bone feela hore na [tokisetso] ena e phethahetse hakaakang! Ekare lehakoe. Li potoloha ka tsela e chitja. Kaofela li sebakeng se le seng se bataletseng. Kaofela li potoloha tseleng e le ’ngoe. . . . Ekare mohlolo.” Na see ka sebele se ka hlalosoa se bile teng ka tšohanyetso?

Tsamaiso ea rōna ea lipolanete e boetse e na le tšobotsi e ’ngoe e hlollang. Lipolanete tse khōlō, Jupiter, Saturn, Uranus le Neptune li potoloha letsatsi li le sebakeng se bohōle bo sireletsehileng ho rōna. Ho e-na le hore e be tse ka hlahisang kotsi e itseng, lipolanete tsena li phetha karolo ea bohlokoa. Litsebi tsa linaleli li li tšoantšitse le ‘mochine o monyang litšila oa leholimo’ kaha khoheli ea tsona e hula mafika a maholo a oelang fatše, ao ho seng joalo a neng a tla beha bophelo bo lefatšeng kotsing. Ka sebele, lefatše le ‘thehiloe’ hantle haholo. (Jobo 38:4) Boholo ba lona le boemo ba lona setsing sa rōna sa potoloho ea lipolanete li nepahetse. Empa hase seo feela. Lefatše le na le litšobotsi tse ling tse ikhethang tseo e leng tsa bohlokoa bakeng sa bophelo ba motho.

Oksijene le Tšebetso eo ho Eona Limela Tse Tala li Iketsetsang Lijo

Liathomo tsa oksijene li etsa karolo ea 63 lekholong ea boima ba lintho tse phelang lefatšeng. Ho feta moo, oksijene e sepakapakeng e sireletsa limela tsa lefatše le liphoofolo mahlaseling a kotsi a letsatsi. Leha ho le joalo, oksijene e fetoha ka potlako ha e kopana le lirafshoa tse ling, joalokaha e kopana le tšepe ’me e baka mafome. Joale, ho tla joang hore tikoloho e boloke karolo ea 21 lekholong ea serafshoa see se fetohang ka potlako?

Karabo ke tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo ka ho sebelisa khanya ea letsatsi. Tšebetso ena ea ho iketsetsa lijo ha limela tse tala e hlahisa oksijene—eo letsatsi le leng le le leng lithane tse fetang limilione tse sekete tsa eona li ntšetsoang sepakapakeng. The New Encyclopædia Britannica ea hlalosa: “Ntle ho tšebetso ena eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo, phepelo e phethahetseng ea lijo tsa motheo e ne e tla khaotsa ’me qetellong Lefatše le ne le tla hloka oksijene.”

Libuka tsa saense li sebelisa maqephe a ’maloa ho hlalosa mohato ka mohato hore na tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo e sebetsa joang. E meng ea mehato ena ha e e-s’o utloisisoe hantle. Ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ba sitoa ho hlalosa hore na mohato ka mong o iphetotse joang ho tloha nthong e itseng e bonolo. Ka sebele, mohato ka mong o bonahala o rarahane ka tsela e ke keng ea bebofatsoa. The New Encyclopædia Britannica ea lumela: “Ha ho na maikutlo ao ka kakaretso a amohelehang tabeng ea tšimoloho ea tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo.” E mong oa ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho o ile a okola bothata boo ka holimo ka ho bolela hore tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo e ile ea “qaptjoa” ke “lisele tse ’maloa tsa pele-pele.”

Le hoja polelo eo e sa lumellane le saense, e senola ntho e ’ngoe hape e makatsang: Tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo e hloka lerako la sele leo tšebetso eo e ka etsahalang ka har’a lona, ’me ho tsoela pele ha tšebetso eo ho hloka hore ho hlahe lisele tse ling. Na tseo tsohle li bile teng ka tšohanyetso feela “liseleng tsa pele-pele” tse fokolang?

Ho Tloha Seleng e Itsoalang ho ea Mothong

Ho thoe’ng ka menyetla ea hore liathomo li ipōpe ho etsa sele e sa rarahanang e itsoalang? Bukeng ea hae ea A Guided Tour of the Living Cell, Christian de Duve, rasaense ea ileng a hapa Khau ea Nobel oa lumela: “Haeba u lekanya monyetla oa ho hlaha ha sele ea baktheria le monyetla oa ho bokana ka tšohanyetso ha likarolo tsa eona tsa athomo, esita le nako e sa feleng ka boeona e ke ke ea lekana ho u hlahisetsa e le ’ngoe.”

Ha re se re tšohlile taba ena ho fihlela mona, a re ke re tloheng seleng e le ’ngoe ea baktheria re qhomele liseleng tse khethehileng tse limilione tse sekete tsa methapo ea kutlo tse etsang boko ba motho. Bo-rasaense ba hlalosa boko ba motho e le sebōpeho se bonahalang se rarahaneng ka ho fetisisa se kileng sa tsejoa bokahohleng. Ka sebele bo khethehile. Ka mohlala, likarolo tse khōlō tsa boko ba motho li bitsoa libaka tsa khokahanyo. Libaka tsena li hlahlobisisa le hona ho hlalosa molaetsa o tsoang karolong ea kutlo ea boko. Se seng sa libaka tsa khokahanyo se phatleng se u thusa hore u khone ho nahanisisa ka bokahohle bo babatsehang. Na ho itlhahela ha lintho ka tšohanyetso ho ka hla ha hlalosa boteng ba libaka tse joalo tsa khokahanyo? Ea buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho, Dr. Sherwin Nuland, bukeng ea hae ea The Wisdom of the Body oa lumela: “Liphoofolong leha e le life tse ling ha ho fumanoe se tšoanang le likarolo tsa bohlokoa tsa libaka tsena.”

Bo-rasaense ba pakile hore boko ba motho bo sebetsana le boitsebiso ka potlako ho feta k’homphieutha e matla ka ho fetisisa. Hopola hore theknoloji ea morao tjena ea k’homphieutha e teng tjena ka lebaka la boiteko ba batho boo ba bo entseng ka mashome a lilemo. Ho thoe’ng ka boko ba motho bo phahameng? Bo-rasaense ba babeli, John Barrow le Frank Tipler, ba lumela se latelang bukeng ea bona e bitsoang The Anthropic Cosmological Principle: “Ho na le khopolo e amoheloang ke ba buellang khopolo ea ho iphetola ha lintho ea hore bophelo ba ho iphetola ha lintho tse bohlale, ha bo bapisoa le bokhoni boo Moloko oa batho o nang le bona ba ho sebetsana le boitsebiso, ho bonahala ho ke ke ha etsahala hore ebe bo bile teng polaneteng leha e le efe e ’ngoe e teng bokahohleng bohle bo bonahalang.” Bo-rasaense bana ba qetella ka hore boteng ba rōna ke “kotsi e bileng teng ka lehlohonolo le fetisisang.”

Na Tsohle li Etsahetse ka Tšohanyetso?

Qeto ea hao ke efe? Na ka sebele bokahohle bo nang le lintho tsohle tsa bona tse babatsehang bo bile teng ka tšohanyetso? Na ha u lumele hore ’mino o mong le o mong o monate o lokela ho ba le moqapi le hore liletsa li lokela ho hlophisoa hantle hore ’mino e be o monate? Ho thoe’ng ka bokahohle ba rōna bo hlollang? David Block eo e leng ralipalo le setsebi sa linaleli oa hlokomela: “Re phela bokahohleng bo hlophisitsoeng hantle haholo.” Qeto ea hae e bile efe? “Bokahohle ba rōna ke lehae. Ke lumela hore bo hloliloe ke letsoho la Molimo.”

Haeba le uena eo ke qeto ea hao, joale ka sebele u tla lumellana le tlhaloso ea Bibele ka ’Mōpi Jehova: “O entse lefatše ka matla a hae, o lokisitse lefatše le ahiloeng ka bohlale ba hae, ka hlalefo ea hae o alile maholimo.”—Jeremia 51:15.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

POLANETE E KHETHEHILENG

“Maemo a khethehileng a lefatše ka lebaka la boholo ba lona bo loketseng, ho etsoa ha lona ka lirafshoa le ho potoloha ha lona letsatsi, e leng naleli eo e leng khale e le teng, le le sebakeng se nepahetseng, a entse hore metsi a khone ho bokellana lefatšeng. Ho thata ho nahana tšimoloho ea bophelo ntle ho metsi.”—Integrated Principles of Zoology, Khatiso ea Botšelela.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA photo

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 10]

BOPHELO—NA BO BILE TENG KA TŠOHANYETSO?

Ka 1988, buka e lekang ho hlalosa hore na e ka ’na eaba bophelo bo bile teng joang ka tšohanyetso e ile ea hlahlojoa koranteng ea Search, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Australia le oa New Zealand oa Tsoelo-pele ea Saense. Leqepheng le le leng feela la buka eo, mongoli oa saense, L. A. Bennett o ile a fumana “lipolelo tse 16 tse inahanetsoeng feela, tseo polelo ka ’ngoe ea tsona e itšetlehileng ka e e etellang pele ho etsa hore taba e amohelehe.” Qeto ea Bennett e ile ea e-ba efe ka mor’a hore a bale buka eo eohle? O ile a ngola: “Ho bonolo haholo ho lumela ho ’Mōpi ea lerato eo ka ho panya ha leihlo a ileng a theha bophelo le ho bo tsamaisa tseleng ea bona e lumellanang le pōpo [e nang le morero] . . . ho e-⁠na le ho amohela ‘ho ba teng [ha lintho tse ngata] ka tšohanyetso ntle le ho tataisoa ke ho itseng’ molemong oa ho tšehetsa likhopolo tsa sengoli.”

[Litšoantšo]

Tšebetso eo ho eona limela tse tala li iketsetsang lijo ke ea bohlokoa bakeng sa ho hlahisa lijo le bakeng sa potoloho ea oksijene

Ke eng e hlahisang litšobotsi tsa bohlokoa tsa lefatše tseo e leng tsa bohlokoa bakeng sa ho boloka bophelo?

Bo-rasaense ba hlalosa boko ba motho e le tlhophiso ea ’mele e rarahaneng ka ho fetisisa e kileng ea tsejoa bokahohleng. Ke joang e ka bang bo bile teng ka tšohanyetso?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Photo: Zoo de la Casa de Campo, Madrid

Monte Costa, Sea Life Park Hawaii

[Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]

Boholo ba lipolanete bo bontšitsoe sekaleng

Letsatsi

Mercury

Venus

Lefatše

Mars

Jupiter

Saturn

Uranus

Neptune

Pluto

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Sun: National Optical Astronomy Observatories; Mercury, Jupiter, and Saturn: Courtesy of NASA/JPL/Caltech/USGS; Venus and Uranus: Courtesy of NASA/JPL/Caltech; Earth: NASA photo; Mars: NASA/JPL; Neptune: JPL; Pluto: A. Stern (SwRI), M. Buie (Lowell Obs.), NASA, ESA