Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lithuhlo—Lirafola Tse Maoto a Malelele le Tse Seriti

Lithuhlo—Lirafola Tse Maoto a Malelele le Tse Seriti

Lithuhlo—Lirafola Tse Maoto a Malelele le Tse Seriti

Ka mongolli oa Tsoha! Kenya

LERALLA le lethokoa le ne le letse phoka ’me le bata ka malungoalungoana. Re ne re ikharile mafikeng ana a maholo, re tšoere mabekere a tee e chesang ’me re tsepamisitse mahlo thoteng e tlaase ea Afrika. * Mamello ea rōna e ile ea putsoa. Ha mafube a hlaha butle, mohlape oa lithuhlo—lirafola tse maoto a malelele le tse seriti—o ile oa haola thoteng eo o iketlile. Li tsamaea butle joalokaha eka ho entsoe ka boomo, li ne li namalatsa ka bokhabane ka maoto a tsona a kang litšiea, melala e melelele ea tsona e kobehileng e e-ea koana le koana joaloka lipilara tsa liseile tsa likepe ha moea o foka. Esale re ahlama. E ne e le botle bo hlollang hakaakang!

Li sa tšoenngoa ke boteng ba rōna, ka nako e le ’ngoe li ile tsa retelehela morung oa lifate tse nonneng tsa leoka ’me tsa fihlella holimo makaleng a nang le meutloa. Ka boiketlo le ka kelo-hloko, liqhenqha tsena li ile tsa qotha makhasi a manyenyane a matala ka maleme a tsona a malelele. Li phahametse lefatše, li ile tsa sunya lihlooho tsa tsona ka har’a lihlopha tsa lihlaha tsa linonyana tsa matholoptje ’me tsa fula li sa tsotelle letho. Linonyana li ile tsa tlatsetsa bahlaseli bana lerata le leholo. O nyarositsoe ke khalemelo ena e lerata, mohlape oo o ile oa tloha ka khutso le ka seriti ’me oa ea lifateng tse ling.

Li Lebelo li Bile Lia Khahleha

Motho leha e le mang ea kileng a bona libōpuoa tsena ka melala ea tsona ha e ntse e hlahella kamoo li koaletsoeng ka teng polokelong ea liphoofolo, a ka thatafalloa ke ho nahana ka botle ba tsona ba sebele le ho khahleha ha tsona ha li matha hohle moo li ratang ’me li lokolohile hlatheng ea Afrika. Lithuhlo li tsamaea ka tsela e khahlang le e lokolohileng. Ha li khema makhulong, ho bonahala ha tsona eka lia tetema, eka li robeha feela, ho etsa hore ho bonahale eka li ka khoptjoa le ke nthoana e nyenyane ’me li hlabe hlohlolingoane. Empa ho e-na le hoo, thuhlo e khōlō e tona, e boima ba lik’hilograma tse 1 300, e tiile ka maotong ’me e matha habobebe, ’me e ka matha ka lebelo la lik’hilomithara tse 60 ka hora.

Sebōpuoa sena se hlollang se fumanoa ka ho khetheha Afrika. Sebōpeho sa sona sa ho ba bonolo le ho ba le khotso se etsa hore ho e boha e be ho thabisang. Sefahleho sa thuhlo se ka hlalosoa e le se ikhethang le se bileng se khahlang, ka litsebe tse nyenyane le manaka a mabeli a manyenyane a kupelitsoeng ke mafitonyana a moetse o thellang o motšo. Mahlo a eona ke litolo tse sirelelitsoeng ke lintši tse telele tse ikharileng. Ha thuhlo e sheba hōjana bophahamong boo ba eona, sefahleho sa eona se bonahala e le se nang le bohelehele bo hlokang mano.

Mehleng ea boholo-holo, thuhlo e ne e ratoa ’me e nkoa e le ea bohlokoa ka lebaka la ponahalo ea eona le mokhoa oa eona oa ho ba lihlong, ho khutsa le ho se be mabifi. Babusi le marena ba ne ba fuoa lipetsana tsa lithuhlo e le limpho tse tšoantšetsang khotso le botsoalle pakeng tsa lichaba. Kajeno ho ntse ho ka bonoa litšoantšo tse fifetseng tsa lithuhlo litšoantšong tsa boholo-holo tsa Afrika tse takiloeng mafikeng.

Li Telele

Thuhlo ke phoofolo e telele ho feta liphoofolo tsohle. Ho tloha tlhakong ho ea manakeng, tse tona tse seng li hōlile li ka ba bolelele ba ho feta limithara tse 5,5. Mongolong oa litšoantšo oa boholo-holo oa Egepeta, thuhlo e ne e emela lentsoe “ho noha” kapa “ho bolela esale pele,” e leng ho neng ho emeloa ke bolelele ba eona bo boholohali le bokhoni ba eona ba ho bona hōle.

Ha e eme har’a mohlape oa liqoaha, limpshe, liphala le liphoofolo tse ling tsa lithota tsa Afrika, thuhlo e ba eona e qhooeng. Bolelele ba eona le pono e chatsi ea eona li etsa hore e khone ho bona sebakana se hōle ’me e lemohe nako e sa le teng kotsi leha e le efe e atamelang. Ka hona, ntle ho pelaelo ho ba ha eona qhooeng ho fana ka tšireletseho e itseng liphoofolong tse ling.

Mohlolo oa Pōpo

Thuhlo e entsoe ka bokhabane bakeng sa ho fula makaleng a holimo-limo a lifate tse telele, moo liphoofolo tse ling ntle ho tlou li ke keng tsa fihlella teng. Molomo o ka holimo o entsoeng ka ho khetheha hore o khone ho tšopha lintho le leleme le tenyetsehang li lumella thuhlo hore ka makhethe e hule makhasi makaleng a nang le metsu le meutloa e hlabang sa linale.

Lithuhlo li ka ja limela tse ka etsang lik’hilograma tse 34 ka letsatsi. Le hoja li ka ja mefuta e mengata e fapaneng ea limela, li rata haholo lifate tse meutloa tsa leoka tse hasaneng lithoteng tsa Afrika. Thuhlo e tona e ka tomolla leleme la eona lisenthimithara tse 42 ha e ntse e batla lijo. Molala oa thuhlo o tenyetseha ka tsela e fetang e tloaelehileng. Sena se lumella thuhlo hore e thintše le ho koba hlooho ea eona e telele ka tsela e tsotehang ha e ntse e fohla har’a makala a maholo a holimo lifateng.

Ho bonolo hore thuhlo e finyelle libakeng tse phahameng, empa ho noa metsi ke taba e ’ngoe. Ha e atamela moo ho nang le metsi, thuhlo e lokela ho takalatsa maoto a ka pele butle ebe e koba mangole ka bobeli hore e tsebe ho finyella metsi. Boemong bona bo thata, thuhlo e thamola molala oa eona o molelele pele e ka noa metsi. Ka lehlohonolo, thuhlo ha e hloke ho noa metsi khafetsa kaha hangata e fumana mongobo o lekaneng makhasing a nang le metsi ao e a jang.

Molala le maphako a thuhlo li na le mebala e metle e metsero e mesoeu e etsang hore mechato ea teng e tšoane le ea makhasi. Mebala ea fapana, e ka ba bosootho bo sa loeang, bosootho bo loileng bo ileng bofubelung esita le botšong. Ha thuhlo e tsofala, ’mala oa eona oa fifala.

Bophelo ba Lelapa

Lithuhlo ke libōpuoa tse phelang hammoho, tse tsamaeang e le mohlape o qhalakaneng, ho tloha ho liphoofolo tse 2 ho ea ho tse 50. E tšehali ha e emere e nka matsatsi a 420 ho ea ho a 468 pele e tsoala petsana ea eona e bolelele ba limithara tse peli. Ha e tsoaloa, petsana e oela fatše limithara tse fetang tse peli ’me e hlaba ka hlooho pele! Empa ka mor’a metsotso e 15, petsana eo e sa lemalang ea therekella e ema ka maoto ’me e se e ka anya. Ka mor’a libeke tse peli kapa tse tharo, ka tlhaho petsana e qala ho qotha lintlha tse bonolo tsa makala a leoka ’me ka potlako e ba le matla a lekaneng hore e tsamaisane le ho namalatsa ha ’m’a eona.

Petsana ea thuhlo ke setšoantšo se khahlehang sa batsoali ba eona. Le hoja e le khutšoaane ho latela bolelele ba lithuhlo, e telele ho feta batho ba bangata. Ke pono e nyakallisang haholo ho bona petsana e eme ka bohelehele ebile e sa tšabe letho tlas’a leihlo le chatsi la ’m’a eona ea phahameng.

Nakong ea ho tsoala, lipetsana tsa lithuhlo li bokelloa ka lihlopha sebakeng seo li hlokomeloang ho sona, moo li qetang letsatsi li phomotse, li bapala le ho sheba lintho tse etsahalang ho li potoloha. Petsana e sa tsoa tsoaloa e hōla ka potlako ka tsela e makatsang. Ka likhoeli tse tšeletseng, petsana e ka hōla ka mithara, ’me ka selemo e ka mena bolelele ba eona habeli. Ka beke e le ’ngoe feela, petsana e ka hōla ka lisenthimithara tse 23! Thuhlo ea motsoetse ha e batle le letho ka petsana ea eona, ’me le hoja e e lumella ho thalla hōlenyana, leihlo la eona le chatsi le lula le e lebetse.

Ka lebaka la boholo ba eona bo hlahelletseng, ho ba chatsi ha eona le lebelo la eona hammoho le ho bonela hōle ha eona, thuhlo e na le lira tse fokolang naheng ntle le litau. Empa ke batho ba ’nileng ba tsoma le ho bolaea ka bongata sebōpuoa sena se setle. E lelekisoa ho sa khaotsoe ka lebaka la letlalo la eona le letle, nama e hlabosang le lechoba la eona le lelelele le letšo—leo ba bang ba lumelang hore le na le matla ao e seng a tlhaho—phoofolo ena ea khotso joale e na le bokamoso bo sa tsitsang. Le hoja li kile tsa e-ba ngata likarolong tse ngata tsa Afrika, hona joale thuhlo e batla e sireletsehile hafeela e le ka har’a meeli ea hlathe e kampetsoeng e bolokileng liphoofolo, le libakeng tsa tšireletso ea liphoofolo.

Kajeno, baeti ba nkang leeto Afrika ba ntse ba ka hlolloa ke ho bona lithuhlo tse melala e melelele li matha ka bolokolohi lithoteng tse sabaletseng tsa makhulo. Teng li ka bonoa li fula lifateng tse telele tsa leoka le nang le meutloa kapa li shebile sebakeng se hōle ka mokhoa oa tsona oa bothuhlo hantle. Sebōpuoa sena se setlehali, se nang le ’mele o motle o sa tloaelehang le tlhaho e bonolo, ka sebele ke mohlolo oa pōpo—bopaki bo bong ba botho bo bohlale pōpong le bo ikhethileng ba Molimo ea matla ’ohle, Jehova.—Pesaleme ea 104:24.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Marallana a tletse-tletseng thoteng e bulehileng ea Afrika a bitsoa kopjes.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 18]

MOHLOLO OA MOLALA O MOLELELE

’Mele o sa tloaelehang oa thuhlo le boholo ba eona li ne li lokela ho fana ka mathata—kapa ke seo motho a ka se nahanang. Ka lebaka la bolelele ba thuhlo le molala oa eona o molelele, ho bonahala ho ne ho ka ba thata hore mali a mathe lithong tsohle tsa eona tsa ’mele. Ka mohlala, ha thuhlo e inama, ho huloa ke boima ho ne ho lokela ho phallisetsa mali ka potlako hloohong, a tlale bokong. Ha thuhlo e phahamisa hlooho, mali a ne a lokela ho phallela ka potlako pelong, a etse hore phoofolo eo e ilibane. Leha ho le joalo, sena ha se etsahale. Hobane’ng?

Tsamaiso ea mali ’meleng oa thuhlo ka sebele ke mohlolo oa pōpo, o entsoeng ka bohlale bo boholo bakeng sa sebōpeho se ikhethang sa phoofolo eo le ’mele oa eona. Pelo ka boeona e khōlō ka ho ikhethang ’me e lokela ho pompa ka matla haholo hore e romele mali bokong, bo holimo ba limithara tse tharo le halofo kaofela. E otla makhetlo a 170 ka motsotso, mabota a botenya ba lisenthimithara tse 7 a mesifa ea pelo a pompa ka matla ka makhetlo a ka bang mararo ho feta a pelo ea motho. Mothapo o moholo o isang mali bokong, le oa molala o khutlisetsang mali pelong, e lokela ho ba metenya hore e tsebe ho sebetsana hantle le matla ao a maholo. Ka sebele, methapo ena ea mali e bophara ba lisenthimithara tse fetang 2,5 ’me e tiisitsoe ke linama tse thata tse sarolohang, tse etsang hore e be e tenyetsehang le e tšoarellang.

Ha thuhlo e inama, mekhamo ea methapo ea mali e molaleng e thibela mali ho mathela bokong. Bokong, mothapo o moholo o isang mali bokong o sebetsa ka tsela e ’ngoe e hlollang e ’nileng ea bitsoa letlooa le sa tloaelehang. Mona ke moo mali a phallelang ka bongata bokong ka lebaka la ho inama ha thuhlo a fokotsoang teng ka hore a romeloe tsamaisong e khethehileng ea methapo e menyenyane ea mali e laolang khatello ea mali le ho sireletsa boko maling a kenang ka sekhahla. Methapo eo e sa tloaelehang e kang letlooa ea buleha ha thuhlo e inamisa hlooho ’me ea koaleha ha e boela e phahamisa hlooho, ka tsela eo, e loantšane le khatello e seng e theohile ea mali le kotsi ea ho ilibana.

Molala oa thuhlo le oona ke mohlolo oa pōpo. Bo-rasaense ba ile ba makala ha ba sibolla hore molala o bolelele bo makatsang oa thuhlo o na le masapo a molala a lekanang hantle le a toeba kapa a bongata ba liphoofolo tse ling tse anyesang! Leha ho le joalo, ho fapana le liphoofolo tse ling tse anyesang, thuhlo e na le lesapo la mokokotlo le lelelele le entsoeng ka tsela eo likarolo tsa lona li ka khonang ho bilika, e leng ho etsang hore e be le tenyetsehang. Ka hona, thuhlo e khona ho koba le ho sotha molala oa eona hore e nyeke likarolo tsohle tsa eona tsa ’mele kapa hore ka hloko e finyelle holimo makaleng a sefate bakeng sa ho fula.