Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala

Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala

Seo ke Amehileng ka Sona ka ho Fetisisa—Ho Lula ke Tšepahala

JOALOKAHA HO BOLETSE ALEXEI DAVIDJUK

Selemo e ne e le sa 1947; sebaka e le lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha motseng oa haeso oa Laskiv, Ukraine, haufi le moeli oa Poland. Motsoalle oa ka ea neng a le moholo ho ’na, Stepan, e ne e le motsamaisi oa molaetsa ea latang lingoliloeng tsa Bibele Poland ho li tlisa Ukraine ka sekhukhu. Bosiung bo bong, molebeli oa moeli o ile a mo bona, a mo lelekisa ’me a mo thunya. Lilemo tse 12 hamorao, lefu la Stepan le ile la nkama haholo bophelong, joalokaha ke tla hlalosa hamorao.

HA KE ne ke hlaha Laskiv ka 1932, malapa a leshome motseng oa haeso e ne e le Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsebahala kateng mehleng eo. Har’a tsona e ne e le batsoali ba ka ba ileng ba beha mohlala o motle oa ho tšepahala ho Jehova ho fihlela lefung la bona lilemong tse mahareng tsa bo-1970. Ka tsela e tšoanang, bophelong bohle ba ka ke ’nile ka ameha haholo ka ho tšepahala ho Molimo.—Pesaleme ea 18:25.

Ka 1939, e leng selemo seo Ntoa ea II ea Lefatše e qalileng ka sona, sebaka seo re neng re lula ho sona Poland e ka bochabela se ile sa liheloa Soviet Union. Re ile ra ba tlas’a puso ea Soviet Union ho fihlela ka June 1941 ha Majeremane a hlasela ’me a hapa sebaka sa rōna.

Nakong ea Ntoa ea II ea lefatše, lintho li ne li nyolosetsa sekolong. Bana ba sekolo ba ne ba rutoa ho bina lipina tsa bochaba le ho kopanela likoetlisong tsa sesole. Ha e le hantle, koetliso ea rōna e ne e akarelletsa ho ithuta ho betsa seqhomane. Empa ke ile ka hana ho bina lipina tse tlotlang naha le ho kopanela koetlisong leha e le efe ea sesole. Ho ithuta ke sa le monyenyane ho emela tumelo ea ka e thehiloeng Bibeleng ho ile ha nthusa hore ke lule ke tšepahala ho Molimo lilemong tse latelang.

Ho ne ho e-na le batho ba bangata ba thahasellang ’nete ea Bibele tšimong ea phutheho ea rōna hoo ho ileng ha abeloa bo-pula-maliboho ba babeli sebakeng sa rōna, kamoo basebeletsi ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng, ho ea thusa ho ba ruta. E mong oa bo-pula-maliboho, Ilja Fedorovitsch, o ile a boela a ithuta Bibele le ’na ’me a nkoetlisa tšebeletsong. Nakong ea ha Jeremane e hapile sebaka sa rōna, Ilja o ile a nkoa ka sheshe ’me a ea kenngoa likampong tsa mahloriso tsa Nazi, moo a ileng a shoela hona teng.

Boikitlaetso bo Matla ba Ntate ba Hore a Lule a sa Nke Lehlakore

Ka 1941 ba boholong Soviet Union ba ile ba leka ho etsa hore Ntate a tekene tokomane e tšepisang hore o tla lefa chelete ho tšehetsa ntoa. O ile a ba bolella hore a ke ke a tšehetsa lehlakore leha e le lefe la ntoa le hore joaloka mohlanka oa Molimo oa ’nete, o tla lula a sa nke lehlakore. Ntate o ile a nkoa e le sera ’me a ahloleloa lilemo tse ’nè teronkong. Empa o ile a ba moo matsatsi a mane feela. Hobane’ng? Hobane Sontaha sa ka mor’a hore a tšoaroe, lebotho la Jeremane le ile la hapa sebaka seo re lulang ho sona.

Ha balebeli ba teronko ba utloa hore Majeremane a haufi, ba ile ba bula menyako ea teronko ’me ba baleha. Boholo ba batšoaruoa ba ile ba thunngoa ke masole a Masoviet ka ntle. Ntate ha aa ka a tsamaea ka potlako empa hamorao o ile a pholoha a ea lelapeng le leng la metsoalle. Ha a le hona teng, o ile a romella ’Mè molaetsa oa hore a romele litokomane tsa hae tse neng li bontša hore o ne a tšoeroe ka lebaka la ho hana ho tšehetsa Masoviet ntoeng. Ha Ntate a bontša Majeremane a boholong litokomane tsena, ha aa ka a mo bolaea.

Majeremane a ne a batla ho tseba mabitso a batho bohle ba neng ba ile ba sebelisana le Masoviet. Ba ile ba hatella Ntate hore a ba bolelle mabitso a bona, empa o ile a hana. O ile a hlalosa boemo ba hae ba ho se nke lehlakore. Hoja ebe o ile a bolela lebitso la leha e le ofe, motho eo a ka be a ile a thunngoa. Ka hona, ho se nke lehlakore ha Ntate le hona ho ile ha pholosa bophelo ba batho ba bang, ba ileng ba mo leboha haholo.

Ho Sebetsa ka Sekhukhu

Masoviet a ile a khutlela Ukraine ka August 1944, ’me ka May 1945 boemo ba Ntoa ea II ea Lefatše Europe bo ile ba fela. Ka mor’a moo, se bitsoang Mokoallo oa Puso ea Lere la Tšepe se ile sa siea rōna ba oelang tlas’a Soviet Union re arohantsoe le lefatše lohle. Ho ne ho le thata le hona ho kopana le Lipaki tsa Jehova tse Poland ka mose ho moeli. Lipaki tse sebete li ne li ikutsoa ho tšela moeli ’me li khutle le limakasine tse ’maloa tsa bohlokoa tsa Molula-Qhooa. Kaha moeli o ne o le lik’hilomithara tse ka bang robeli feela ho tloha haeso Laskiv, ke ile ka utloa ka maqakabetsi a ileng a hlahela batsamaisi bana ba molaetsa.

Ka mohlala, Paki e bitsoang Silvester e ile ea tšela moeli habeli ’me ea khutla e sa kopana le mathata makhetlong ao ka bobeli. Empa leetong la boraro, e ile ea bonoa ke balebeli ba moeling le lintja tsa bona. Masole ao a ile a e hoeletsa hore e eme, empa Silvester o ile a matha petleke ho pholosa bophelo ba hae. Monyetla feela oa hore a pholohe lintjeng e ne e le hore a ikakhele ka letšeng le neng le le haufi le moo. O ile a qeta bosiu bohle a hlahile ka molala feela metsing, a itširelelitse ka joang bo bolelele. Qetellong ha balebeli ba khaotsa ho mo batla, Silvester o ile a therekella hae, a namphane ke mokhathala.

Joalokaha ho boletsoe pejana, mochana oa Silvester, Stepan, o ile a bolaoa ha a ne a leka ho tšela. Leha ho le joalo, e ne e le habohlokoa hore re lule re kopana le batho ba Jehova. Ka lebaka la boiteko ba batsamaisi ba molaetsa ba sebete, re ne re khona ho fumana lijo tsa moea le tataiso e thusang.

Selemong se latelang, ka 1948, ke ile ka kolobetsoa bosiu letšeng le lenyenyane le haufi le lapeng. Ba neng ba tl’o kolobetsoa ba ile ba kopana lapeng, empa ke ne ke sa tsebe hore na ke bo-mang kaha ho ne ho le lefifi ’me lintho tsohle li ne li etsoa ho patiloe mohoasa. Rōna ba neng ba ea kolobetsong ha rea ka ra buisana. Ha ke tsebe hore na ke mang ea neng a fana ka puo ea kolobetso, ke mang ea mpotsitseng lipotso tsa kolobetso ha re eme haufi le letša, kapa hona hore na ke kolobelitsoe ke mang. Lilemo hamorao ha re ne re bapisa boitsebiso le motsoalle oa ka eo re ntšanang se inong le eena, re ile ra fumana hore ka bobeli re ne re le har’a ba neng ba kolobetsoa bosiung boo!

Ka 1949, Lipaki tse Ukraine li ile tsa fumana molaetsa o tsoang Brooklyn o neng o li khothalletsa hore li etse kōpo e matla Moscow ea hore mosebetsi oa ho bolela Soviet Union o be molaong. Ho lateloa tataiso eo, ho ile ha etsoa kōpo ’me ea romeloa ka letona la tsa ka hare hore le e ise Komiting e Phahameng ea Soviet Union e Khethiloeng ea Botsamaisi ea U.S.S.R. Ka mor’a moo, Mykola Pyatokha le Ilya Babijchuk ba ile ba kōptjoa hore ba ee Moscow ho ea fumana karabo kōpong ea rōna. Ba ile ba lumela ’me lehlabuleng leo ba ea Moscow.

Ofisiri e ileng ea amohela moifo ona e ile ea mamela ha o fana ka mabaka a thehiloeng Bibeleng a mosebetsi oa rōna. O ile oa hlalosa hore mosebetsi oa rōna o ne o etsoa phethahatsong ea boprofeta ba Jesu ba hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Leha ho le joalo, ofisiri eo e ile ea re le ka mohla ’Muso o ke ke oa re fa tumello ea molao.

Lipaki li ile tsa khutlela hae ’me tsa ea motse-moholo oa Ukraine, Kiev, ho ea fumana tumello ea molao ea mosebetsi oa rōna mona Ukraine. Le teng, ba boholong ba ile ba hana kōpo eo. Ba ile ba re Lipaki tsa Jehova li ne li tla tloheloa ka khotso hafeela li ne li ka tšehetsa ’Muso. Ba ile ba re Lipaki li tlameha ho sebetsa mabothong a hlometseng le ho kenella likhethong. Boemo ba rōna ba ho se nke lehlakore bo ile ba boela ba hlalosoa, e leng ba hore re lokela ho se be karolo ea lefatše e le ha re etsisa Monghali oa rōna, Jesu Kreste.—Johanne 17:14-16.

Nakoana ka mor’a moo, Barab’abo rōna Pyatokha le Babijchuk ba ile ba tšoaroa, ba qosoa ’me ba ahloleloa lilemo tse 25 teronkong. Nakong eo, ka 1950, Lipaki tse ngata li ne li nkiloe ke ba boholong, ho akarelletsa le Ntate. O ile a ahloleloa lilemo tse 25 teronkong ’me a romeloa Khabarovsk, karolong e ka bochabela ea Soviet Union e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 8 000!

Ho Isoa Botlamuoeng Siberia

Joale ka April 1951, Lipaki tse lirephabliking tse ka bophirimela tseo hona joale li tsejoang e le Latvia, Estonia, Lithuania, Moldova, Belarus le Ukraine li ile tsa hlaseloa habohloko ka tsela e hlophisitsoeng ke ’Muso oa Soviet Union. Khoeling eo, ba ka bang 7 000 ba rōna, ho kopanyelletsa ’na le ’Mè, re ile ra isoa botlamuoeng Siberia. Masole a ile a tla lapeng feela bosiu ’me a re thotha ho re isa seteisheneng sa terene. Teng re ile ra notlelloa ka makarecheng a likhomo—batho ba ka bang 50 lekarecheng ka leng—’me hamorao ka mor’a libeke tse peli, re ile ra theoloa sebakeng se bitsoang Zalari, se haufi le Letša la Baikal seterekeng sa Irkutsk.

Re eme lehloeng, moeeng o batang poo! ’me re pota-potiloe ke masole, ke ile ka ipotsa hore na re letetsoe ke eng. Ke ne ke tla khona ho lula ke tšepahala ho Jehova joang sebakeng see? Re ile ra qala ho bina lipina tsa ’Muso e le ho itebatsa serame. Joale baokameli ba mekhatlo ea khoebo e oelang ’musong sebakeng seo ba ile ba fihla. Ba bang ba ne ba batla banna bakeng sa mosebetsi o hlokang matla, athe ba bang ba ne ba batla basali bakeng sa lintho tse kang ho hlokomela liphoofolo. ’Na le ’Mè re ile ra isoa setšeng sa kaho moo ho neng ho hahuoa Sebaka sa ho Fehla Motlakase ka Metsi sa Tagninskaya.

Ha re fihla, re ile ra bona liahelo tse entsoeng ka lehong, tseo e neng e le bolulo ba batho ba botlamuoeng. Ke ile ka fuoa mosebetsi oa ho ba mokhanni oa terekere le ho sebetsana le motlakase, ’me ’Mè o ile a fuoa mosebetsi polasing. Ka molao re ne re nkoa re le batho ba lelekiloeng naheng, eseng batšoaruoa. Ka hona, re ne re lokolohile ho tsamaela thōkoana sebakeng seo, seo ho fehloang motlakase ho sona, le hoja re ne re thibetsoe ho etela liahelong tse ling tse neng li le bohōle ba lik’hilomithara tse 50. Ba boholong ba ile ba re hatella hore re tekene polelo e neng e bontša hore re tla lula moo ka ho sa feleng. Kaha ke ne ke le lilemo li 19, ke ne ke utloa seo e le nako e telele haholo ho ’na, ’me ke ile ka hana ho e tekena. Leha ho le joalo, re ile ra lula sebakeng seo lilemo tse 15.

Moo Siberia, moeli oa Poland o ne o se o se lik’hilomithara tse robeli feela haufi le rōna empa o ne o le bohōle ba lik’hilomithara tse 6 000! Rōna Lipaki re ile ra etsa sohle seo re ka se khonang ho itlhophisa ka liphutheho hape, ra khetha banna hore ba etelle pele. Pele, re ne re se na lingoliloeng tsa Bibele ntle le lintho tse fokolang tseo Lipaki tse ling li neng li khonne ho tla le tsona ha li tloha Ukraine. Tsena li ile tsa kopitsoa ka letsoho, ’me ra li arolelana.

Ka potlako re ile ra qala ho tšoara liboka. Kaha ba bangata ba rōna re ne re lula liahelong, re ne re kopana mantsiboea a mangata. Phutheho ea rōna e ne e e-na le batho ba ka bang 50 ’me ke ne ke abetsoe ho tšoara Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ho ne ho e-na le banna ba ’maloa phuthehong ea rōna, ka hona, basali le bona ba ne ba fana ka lipuo tsa liithuti, e leng mohato o ileng oa kenngoa tšebetsong liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova libakeng tsohle ka 1958. Bohle ba ne ba nka likabelo tsa bona ka ho teba, ba nka sekolo e le tsela ea ho rorisa Jehova le ho khothatsa ba bang ka phuthehong.

Tšebeletso ea Rōna ea Putsoa

Kaha re ne re arolelana liahelo le batho bao e seng Lipaki, ho ne ho se mohla letsatsi le ka fetang re sa bua le ba bang ka tumelo ea rōna, le hoja sena se ne se hanetsoe ka thata-thata. Ka mor’a hore Joseph Stalin, tona-khōlō ea Soviet Union, a shoe ka 1953, maemo a ile a ntlafala. Re ile ra lumelloa ho bua ka bolokolohi haholoanyane le ba bang ka tumelo ea rōna e thehiloeng Bibeleng. Ka ho ngollana le metsoalle e meng e neng e le Ukraine, re ile ra tseba moo Lipaki tse ling li neng li le hona teng sebakeng seo sa rōna ’me ra ikopanya le tsona. Sena se ile sa re thusa ho hlophisa liphutheho tsa rōna ka lipotoloho.

Ka 1954 ke ile ka nyala Olga, eo le eena a neng a ile a tlosoa Ukraine a tlisoa botlamuoeng. Ka lilemo o ’nile a ntšehetsa haholo tšebeletsong ea ka ho Jehova. Stepan, ea ileng a bolaoa moeling o pakeng tsa Ukraine le Poland ka 1947, e ne e le khaitseli ea Olga. Hamorao, re ile ra ba le morali e leng Valentina.

’Na le Olga re ile ra ba le litlhohonolofatso tse ngata tšebeletsong ea rōna ea Bokreste Siberia. Ka mohlala, re ile ra kopana le George, eo e neng e le moeta-pele oa sehlopha sa Mabaptiste. Re ne re mo etela kamehla ’me re ithuta le eena makasine leha e le efe e teng ea Molula-Qhooa. Ka potlako George o ile a hlokomela hore seo bahlanka ba Jehova ba se rutang e ne e le ’nete e tsoang Bibeleng. Re ile ra boela ra qala ho ithuta le metsoalle ea hae e ’maloa ea Mabaptiste. Kaofela re ile ra nyakalla hakaakang ha George le metsoalle ea hae e mengata ba kolobetsoa ’me e e-ba barab’abo rōna ba moea!

Ka 1956, ke ile ka khethoa ho ba molebeli ea tsamaeang, e leng ho neng ho hloka hore ke etele phutheho beke e ’ngoe le e ’ngoe sebakeng sa rōna. Ke ne ke sebetsa letsatsi lohle, ebe mantsiboea ke palama sethuthuthu ho ea phuthehong e itseng. Letsatsing le hlahlamang, ke ne ke khutlela mosebetsing esale ka matjeke. Mykhailo Serdinsky, ea neng a khethiloe hore a nthuse mosebetsing oa ho tsamaea, o ile a shoa kotsing ea koloi ka 1958. O ile a hlokahala ka Laboraro, empa re ile ra liehisa lepato la hae ho fihlela ka Sontaha e le ho fa Lipaki tse ngata ka hohle kamoo ho ka khonehang monyetla oa ho ba teng.

Ha sehlopha se seholo sa rōna se e-ea setšeng sa mabitla, litho tsa Tšireletso tsa ’Muso li ile tsa re sala morao. Ho fana ka puo e neng e akarelletsa tšepo ea rōna e thehiloeng Bibeleng ea tsoho ea bafu ho ne ho bolela ho ipeha kotsing ea ho tšoaroa. Empa ke ile ka susumelletseha ho bua ka Mykhailo le litebello tsa hae tse babatsehang tsa ka moso. Le hoja ke ne ke sebelisa Bibele, ba Tšireletso ea ’Muso ha baa ka ba ntšoara. Ho bonahala ba ile ba bona hore ha ho letho leo ba tla le rua, etsoe ba ne ba ntseba haholo kaha ke ne ke e-ba “moeti” ntlo-khōlō ea bona joalo-joalo bakeng sa ho hlongoa lipotso.

Ho Ekoa ke Mpimpi

Ka 1959, ba Tšireletso ea ’Muso ba ile ba tšoara Lipaki tse 12 tse neng li etella pele mosebetsing oa ho bolela. Ba bang ba ’maloa ba ile ba bitsoa ho ea hlongoa lipotso, ’me ke ne ke le e mong oa bona. Ha nako ea ka ea ho botsoa lipotso e fihla, ke ile ka nyaroha ha ke utloa liofisiri li ntša boitsebiso ba lekunutu ba mosebetsi oa rōna. Li ne li ka tseba lintho tsee joang? Ho hlakile hore ho ne ho e-na le mpimpi, motho ea tsebang ho hongata ka rōna le ea ’nileng a sebelisana le ’Muso ka nako e telele.

Ba 12 ba neng ba tšoeroe ba ne ba le ka liseleng tse kopaneng, ’me ba ile ba lumellana hore ha ho ea tla ntša lentsoe ho ba boholong. Ka tsela eo, mpimpi e ne e tla lokela ho hlaha ka seqo nyeoeng ’me e fane ka bopaki khahlanong le bona. Le hoja ke ne ke sa qosoa, ke ile ka ea lekhotleng ho ea bona se tla etsahala. Moahloli o ile a botsa lipotso, ’me bao ba 12 ha baa ka ba araba. Joale Paki e bitsoang Konstantyn Polishchuk, eo ke neng ke e tsebile ka lilemo, e ile ea fana ka bopaki khahlanong le bao ba 12. Nyeoe e ile ea felella tse ling tsa Lipaki li ahloletsoe teronko. Seterateng ka ntle ho lekhotla, ke ile ka re ptjang-ptjang le Polishchuk.

Ke ile ka botsa: “Ke hobane’ng ha u re eka?”

O ile a arabela: “Hobane ha ke sa lumela.”

Ka botsa: “Ke eng seo u seng u sa se lumele?”

O ile a arabela: “Ho hang ha ke sa lumela Bibele.”

Polishchuk a ka be a ile a nkeka le ’na, empa ha a fana ka bopaki ha aa ka a bitsa lebitso la ka. Ka hona, ke ile ka mo botsa hore na ke hobane’ng ha a sa ka a etsa joalo.

O ile a hlalosa: “Ha ke batle hore u kene teronkong. Ke ntse ke ikutloa ke le molato ka soare sa hao, Stepan. Ke ’na ea ileng a etsa hore a tšele moeli bosiung boo a ileng a bolaoa ka bona. Ke masoabi haholo ka seo.”

Mantsoe ao a hae a ile a nkemisa hlooho. Letsoalo la hae le ne le khopame hakaakang! O ne a ikoahlaela lefu la Stepan, empa ke mona o eka bahlanka ba Jehova. Ha kea ka ka hlola ke bona Polishchuk hape. O ile a shoa likhoeli tse seng kae hamorao. Ho bona motho eo ke neng ke mo tšepile ka lilemo a eka barab’abo rōna ho ile ha siea maqeba a tebileng a ho utloa bohloko. Empa phihlelo eo e ile ea nthuta thuto ea bohlokoa: Polishchuk o ne a sa tšepahala hobane o ne a khaolitse ho bala le ho lumela Bibele.

Ka sebele re lokela ho hopola thuto ena: Haeba re batla ho lula re tšepahala ho Jehova, re tlameha ho bala Mangolo a Halalelang kamehla. Bibele e re: “U sireletse pelo ea hao, kaha mehloli ea bophelo e tsoa ho eona.” Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a bolella Bakreste hore ba hlokomele. Hobane’ng? “Esere le ka mohla ho ka hōla ho mang kapa mang oa lōna pelo e khopo e hlokang tumelo ka ho suthela hōle le Molimo ea phelang.”—Liproverbia 4:23, NW; Baheberu 3:12.

Ho Khutlela Ukraine

Ha botlamuoa ba rōna bo fela Siberia ka 1966, ’na le Olga re ile ra khutlela Ukraine, motseng o bitsoang Sokal, o ka bang lik’hilomithara tse 80 ho tloha L’viv. Re ne re e-na le ho hongata hoo re lokelang ho ho etsa kaha ho ne ho e-na le Lipaki tse 34 feela Sokal le metseng ea boahisani ea Cervonograd le Sosnivka. Sebakeng sena kajeno ho na le liphutheho tse 11!

Olga o ile a shoa a tšepahala ka 1993. Lilemo tse tharo hamorao ke ile ka nyala Lidiya, ’me ho tloha ka nako eo ho fihlela joale e ’nile ea e-ba setšehetso sa ka se matla. Ho phaella moo, morali oa ka, Valentina le ba lelapa la hae ke bahlanka ba chesehang ba Jehova ’me le bona e ’nile ea e-ba mohloli oa khothatso ho ’na. Leha ho le joalo, se tsoelang pele ho ntlisetsa thabo e khōlōhali ke taba ea hore ke lutse ke tšepahala ho Jehova, Molimo ea sebetsang ka botšepehi.—2 Samuele 22:26.

Alexei Davidjuk o ile a shoa a tšepahala ho Jehova ka la 18 February, 2000, ha sehlooho sena se ntse se lokisetsoa ho hatisoa.

Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngola ’me u romelle lebitso la hao le aterese ea hao ea lapeng ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, South Africa, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 5.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Phutheho ea rōna e neng e kopanela liahelong ka 1952 Siberia e ka bochabela

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Mokoloko oa lepato la Mykhailo Serdinsky ka 1958

[Setšoantšo se leqepheng la 31]

Sekolo sa rōna sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1953

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

’Na le mosali oa ka Lidiya