Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho Phehella Khotso Mosebetsing

Ho Phehella Khotso Mosebetsing

Ho Phehella Khotso Mosebetsing

KE HOBANE’NG ha batho ba bang ba hobosa ba bang? Bibele e re hlaha leseling tabeng ena. E hlalosa hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena ea lintho ’me ke kahoo re bang le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Batho ba bangata ke “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa mameleng batsoali, ba se nang teboho, ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba ikhohomosang ka boikakaso.” (2 Timothea 3:1-5) Linakong tsena tse mabifi, boitšoaro bo joalo bo atile, ’me ho likoa ke e ’ngoe ea liphello tse sa rateheng. Joale u ka phehella khotso joang mosebetsing?

Ho Rarolla Likhohlano

Hangata ho hobosoa ho qala ka khohlano e sa kang ea rarolloa pakeng tsa basebetsi. Kahoo, kantle le ho itšunya-tšunya litabeng tsa ba bang, potlakela ho ela hloko ho se utloisisane hoo u amehang ho hona. Kokobetsa maikutlo a ileng mafisa ka bohlale le ka tlhompho. Sebelisana le basebetsi-’moho joaloka batho ka bomong, eseng e le sehlopha. Haeba ho bonahala eka ho na le motho ea khahlanong le uena, leka ho lokisa litaba. Hopola keletso ea Jesu: “Lokisa litaba kapele le ea belaelang ka uena.”—Matheu 5:25.

Ho feta moo, e mong le e mong o rua molemo ka ho boloka mecha ea puisano e bulehile. Kahoo, leka ho buisana hantle le mookameli oa hao kantle le ho fana ka maikutlo a hore u mpa u leka ho ipeha libukeng tse ntle. Hape, hopola hore puisano e ntle le lithaka tsa hao le ba ka tlaase ho uena mosebetsing e tla sebetsa e le pheko khatellong ea kelello. Morena Solomone o ngotse: “Merero ea senyeha moo ho se nang lekunutu, empa ha baeletsi ba le bangata ho na le se finyelloang.”—Liproverbia 15:22.

Ka lebaka leo, leka ka matla ho ba le setsoalle le basebetsi-’moho le uena. Hona ha ho bolele ho ba “ea khahlisang batho,” eo ka lekhonono a lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ho thoeng a e etse le ea sekisetsang litekanyetso tsa hae feela hore a boloke khotso. Empa ho ba ea mofuthu le ea nang le botsoalle ho ka ntlafatsa boemo. U lokela hore u se ke ua ela hloko feela seo u se buang ho ba bang empa u ele hloko le tsela eo u se buang ka eona. Bibele e boetse e fana ka keletso e bohlale ha e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo.” (Liproverbia 15:1) “Ho khutsa ha leleme ke sefate sa bophelo.” (Liproverbia 15:4) “Molaoli o susumetsoa ka ho se fele pelo.” (Liproverbia 25:15) “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.”—Bakolose 4:6.

“Ho ba le Kahlolo e Molemo ha Lōna ho ke ho Tsejoe”

Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste Filipi: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ho latela molao-motheo ona, ipehele litekanyetso tse bontšang ho ba le kahlolo e molemo tsa boitšoaro. Qoba ho ba ea itšepileng ho tlōla kapa ea lihlong haholo. Haeba basebetsi-’moho le uena ba u tloka, se ke ua leka ho ba etsisa ka ho etsa se tšoanang. Ha u rue molemo oa letho ka ho etsa hore ho se ke ha bonahala phapang pakeng tsa boitšoaro bo botle le bo bobe. Tšoara ba bang ka tlhompho le ho ba siela seriti, ’me le bona ho ka etsahala hore ba etse ka tsela e tšoanang ho uena.

U se ke ua nahana feela ka boitšoaro ba hao empa le ka moaparo oa hao. Ipotse, ‘Liaparo tsa ka li fana ka maikutlo afe? Na ponahalo ea ka e tsosa takatso? Na ke bonahala ke le bohlasoa? Na ke tla be ke etsa hantle ha ke ipehela litekanyetso tse utloahalang tsa moaparo bakeng sa mosebetsi?’

Litsong tse ngata, basebetsi ba khothetseng le ba hlokolosi baa hlomphuoa ebile ba nkoa e le ba bohlokoa haholo. Kahoo, leka ho ithuela tlhompho ka ho etsa mosebetsi o tsoileng matsoho. E-ba ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang. Hona ha ho bolele hore u be ea batlang phetheho. Mosali e mong ea neng a hobosoa hamorao o ile a lumela hore o ne a tlatselitse boemong boo. O re: “Ke ne ke batla ho ba ea phethahetseng.” Mosali enoa o ile a hlokomela hore phetheho ke pakane e ke keng ea finyelloa: “Ke mosebetsi ea hloahloa, empa ha ho hlokahale hore ke etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka tsela e phethahetseng.”

U se ke ua hlabehisoa habonolo ke polelo e ’ngoe le e ’ngoe e utloisang bohloko. Hase ho tšoauoa liphoso hohle hoo e leng ho hobosoa. Ka Bibeleng, Morena Solomone o ile a ngola: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe . . . Hape, u se ke ua tebisetsa pelong mantsoe ’ohle ao batho ba ka a buang, . . . etsoe pelo ea hao e tseba hantle esita le makhetlo a mangata ao ka ’ona u rohakileng ba bang.”—Moeklesia 7:9, 21, 22.

Ke ’nete hore ho latela melao-motheo e joalo e nepahetseng hase tiisetso ea hore le ka mohla u ke ke ua hobosoa. Ho sa tsotellehe boiteko ba hao bo molemohali, basebetsi-’moho le uena ba bang ba ntse ba ka ’na ba u hobosa. Joale ebe?

Batla Tšehetso

Gregory oa lumela: “Ha ke tšoaroa ka tsela e se nang botsoalle ka likhoeli tse ’maloa, ke ile ka ferekana maikutlo.” Phihlelo ea hae e tšoana le ea bahlaseluoa ba mamellang mefuta e sa tšoaneng ea ho utloa bohloko maikutlong—bohale, ho ikutloa molato, ho ba lihlong, pherekano, hammoho le ho ikutloa motho a se na thuso. Khatello ea ho hobosoa e ka khannela le motho eo ka tloaelo a tsitsitseng, hore a hloke tšepo. Ka sebele, Bibele e re “khatello feela e ka etsa hore ea bohlale a etse ka bohlanya.” (Moeklesia 7:7) Joale, ho ka etsoa’ng?

Liphuputso li bontša hore ho molemo ho se leke ho itokisetsa bothata ba ho hobosoa o le mong. Mohlaseluoa a ka fumana tšehetso hokae? Lik’hamphani tse ling tse khōlō li ralile mekhoa ea ho thusa bahiruoa ba bona ba ikutloang hore baa tšosoa. Lik’hamphani tse joalo lia tseba hore ho molemong oa tsona ho felisa ho hobosa ba bang. Ho latela khakanyo e ’ngoe, basebetsi ba hobosang mohlaseluoa baa sitiseha ka hoo e ka bang ka karolo ea 10 lekholong ea nako ea bona ea ho sebetsa. Kae kapa kae moo ho nang le tokisetso e joalo, mohlaseluoa a ka batla thuso. Moeletsi ea sa jeleng paate—ebang o tsoa ka har’a mokhatlo oa bahiri kapa ka ntle—a ka ’na a bula tsela ea hore lihlopha kaofela li buisane ka boemo bona le ho beha melao ea boitšoaro mosebetsing.

Ha ho Tharollo e Tiisitsoeng

Ke ’nete hore ho tlameha ho lumeloa hore ha ho na tharollo e tiisitsoeng bakeng sa ho hobosoa. Esita le ba sebelisang melao-motheo ea Bibele e thathamisitsoeng sehloohong sena ba ka ’na ba fumana hore ho tšoaroa hampe mosebetsing hoa phehella. Ba joalo ba ka kholiseha hore Jehova Molimo o ntse a bona ho mamella ha bona le boiteko ba bona ba ho bonahatsa litšoaneleho tsa bomolimo ha ba tobane le ho utloa bohloko.—2 Likronike 16:9; Jeremia 17:10.

Ho itšetlehile ka hore na ho tšoaroa hampe ho tebile hakae le hore na ho etsahala hangata hakae, ba bang ba boemong bona ba khetha ho batla mosebetsi o mong. Ba bang ha ba na boikhethelo, kaha e ka ’na eaba mesebetsi ea haella ’me le moo ba ka batlang thuso teng hoa haella. Monika, ea boletsoeng sehloohong se ka pele, o fumane hore ka mor’a nako bothata bo ile ba rarolleha ha e mong oa bahobosi ba ka sehloohong a tlohela mosebetsi. Ka lebaka leo, ho ile ha e-ba le moea oa khotso mosebetsing, ’me o ile a khona ho qeta koetliso ea hae pele a etsa qeto ea ho batla mosebetsi sebakeng se seng.

Ho Peter, ea boletsoeng sehloohong se ka pele, hore a imolohe ka ho feletseng e bile ha a tlohela mosebetsi pele ho nako ea hae. Leha ho le joalo, esita le nakong ea ho mamella ha hae ho hobosoa hoo, Peter o ile a rua molemo ka ho tšehetsoa ke mosali oa hae. O re: “O ne a tseba seo ke fetang har’a sona, ’me e ne e le setšehetso se seholo.” Ha ba ntse ba mamella liteko tsa bona, Monika le Peter ba ile ba fumana matšeliso ka ho khetheha tumelong ea bona kaha ke Lipaki Tsa Jehova. Ho tšoareha tšebeletsong ea phatlalatsa ho ile ha matlafatsa maikutlo a bona a boitlhompho, ha ho thabela botsoalle le balumeli-’moho le bona hona ho ile ha ba tiisetsa hore ba na le setsoalle se tsitsitseng.

Ho sa tsotellehe hore na boemo ba hao ke bofe, etsa sohle se matleng a hao ho phehella ho ba le likamano tse ntle mosebetsing. Haeba u hobosoa, loanela ho latela keletso ea moapostola Pauluse: “Ho se ke ha e-ba le eo le busetsang bobe ka bobe ho eena. . . . Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle. . . . U se ke ua itlohela hore u hlōloe ke bobe, empa u ’ne u hlōle bobe ka botle.”—Baroma 12:17-21.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Ho ba le botsoalle ho ka ntlafatsa boemo

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Haeba ho khoneha, ho fihlela moo ho itšetlehileng ka lōna, le be le khotso le batho bohle.”—BAROMA 12:18

[Setšoantšo se leqepheng la 8, 9]

Potlakela ho ela hloko ho se utloisisane ha botho